Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 12

“Ke Tla ba Etsa Setjhaba se le Seng”

“Ke Tla ba Etsa Setjhaba se le Seng”

EZEKIELE 37:22

NTLHAKGOLO: Kgaolong ena re tlo ithuta ka tshepiso ya Jehova ya hore o tla bokella batho ba hae le ka boprofeta ba dithupa tse pedi

1, 2. (a) Ke hobaneng ha Bajuda ba botlamuweng ba tshohile? (b) Ke hobaneng ha ba tlo makala lekgetlong lee? (c) Re tlo bua ka dipotso dife?

 MODIMO o ile a sebedisa Ezekiele hore a bolelle batlamuwa ba Babilona boprofeta a sebedisa dipontsho. Boprofeta ba pele boo Ezekiele a ileng a etsa pontsho ya bona e ne e le bo buang ka molaetsa wa kahlolo. Boprofeta ba bobedi le ba boraro le bona bo ne bo bua ka molaetsa wa kahlolo. (Ezek. 3:24-26; 4:1-7; 5:1; 12:3-6) Ha e le hantle, boprofeta bohle boo a ileng a bo bontsha bo ne bo bua ka dikahlolo tse boima tseo Bajuda ba neng ba tlo di fuwa.

2 Nahana feela hore na Bajuda ba botlamuweng ba tshohile hakae ha Ezekiele a ema ka pela bona hape, a itokisetsa ho ba bolella boprofeta bo bong. E ka nna yaba ba a ipotsa, ‘Ebe lekgetlong lee o tlo re bolella molaetsa ofe wa kahlolo?’ Empa lekgetlong lena ba ke ke ba kgolwa seo ba tlo se utlwa. Boprofeta boo Ezekiele a ba bolellang bona ha bo tshwane le ba nakong e fetileng. Ha bo bue ka dikahlolo tse bohloko empa bo bua ka tshepiso e thabisang. (Ezek. 37:23) Ezekiele o bolella Bajuda bao molaetsa ofe? Molaetsa oo o bolelang? O ama bahlanka ba Modimo jwang kajeno? A re ke re bone.

“E Tla ba Ntho e le Nngwe Letsohong la Ka”

3. (a) Thupa “ya Juda” e ne e emelang? (b) Ke hobaneng ha thupa “e emelang Efraime” e le mmuso wa maloko a leshome?

3 Jehova o ile a re Ezekiele a nke dithupa tse pedi. Thupeng ya pele a ngole “ya Juda” mme thupeng ya bobedi a ngole “ya Josefa e emelang Efraime.” (Bala Ezekiele 37:15, 16.) Dithupa tsee tse pedi di ne di emelang? Thupa “ya Juda” e ne e emela mmuso wa Juda le wa Benjamine wa maloko a mabedi. Maloko ao a mabedi a ne a buswa ke marena a tswang lelokong la Juda. Baprista le bona ba ne ba dula naheng ya maloko ao mme ba sebeletsa tempeleng Jerusalema. (2 Dikron. 11:13, 14; 34:30) Ka lebaka leo, mmuso wa Juda o ne o ena le marena a tswang lelokong la Davida ha mmoho le baprista ba tswang lelokong la Levi. Thupa “e emelang Efraime” ke mmuso wa Iseraele wa maloko a leshome. Ke hobaneng ha thupa eo e emela Efraime? Morena wa pele wa mmuso wa Iseraele wa maloko a leshome e ne e le Jeroboame ya tswang lelokong la Efraime. Ha nako e ntse e eya Efraime e ile ya eba leloko le matla Iseraele. (Deut. 33:17; 1 Mar. 11:26) Hlokomela hore mmuso wa Iseraele wa maloko a leshome o ne o se na marena a tswang lelokong la Davida le baprista ba tswang lelokong la Levi.

4. Ntho e nngwe eo Ezekiele a e etsang ka dithupa tseo tse pedi e bontshang? (Sheba setshwantsho se qalang.)

4 Ezekiele o ile a boela a laelwa hore a kopanye dithupa tseo tse pedi “hore e be thupa e le nngwe.” Ha Bajuda ba botlamuweng ba ntse ba shebile Ezekiele ba tshwenyehile, ba ile ba re ho yena: “Re bolelle hore na dintho tsena di bolelang.” O ile a re pontsho eo a e etsang e bontsha seo Jehova a neng a tla se etsa. Ha Jehova a bua ka dithupa tseo tse pedi o ile a re: “Ke tla di etsa thupa e le nngwe mme e tla ba ntho e le nngwe letsohong la ka.”Ezek. 37:17-19.

5. Ha Ezekiele a ne a kopanya dithupa tse pedi, seo se ne se bolelang? (Sheba lebokose le reng “Dithupa Tse Pedi di a Kopanngwa.”)

5 Ka mora moo, Jehova o ile a hlalosa hore na ho kopanya dithupa tseo tse pedi ho bolelang. (Bala Ezekiele 37:21, 22.) Batlamuwa ba tswang mmusong wa Juda wa maloko a mabedi le ba tswang mmusong wa Iseraele wa maloko a leshome (Efraime) ba ne ba tla kgutlisetswa naheng ya Iseraele. Ha ba le moo e ne e tla ba “setjhaba se le seng.”—Jer. 30:1-3; 31:2-9; 33:7.

6. Ke boprofeta bofe bo dumellanang bo hlahang ho Ezekiele kgaolo ya 37?

6 Ho a thabisa ho hlokomela hore boprofeta bo hlahang ho Ezekiele kgaolo ya 37, bo buang ka ho tsosolosa borapedi ba nnete ha bo hanyetsane. Jehova o tla bontsha hore ke Modimo ya kgonang ho lokolla batho ba hae botlamuweng (temana ya 1-14) le ho etsa hore ba momahane (temana ya 15-28). Molaetsa o kgothatsang wa boprofeta bona ke hore batho ba isitsweng botlamuweng ba tla kgutlisetswa naheng ya habo bona mme ba boele ba momahane.

Jehova o Ile a Lata Batho ba Hae Jwang?

7. Lengolo la 1 Dikronike 9:2, 3 le bontsha jwang hore “dintho tsohle di a kgoneha ho Modimo”?

7 Batho ba ne ba ka nna ba nahana hore ho ke ke ha kgoneha hore Bajuda ba botlamuweng ba lokollwe ba be ba momahane. a Le ha ho le jwalo, “dintho tsohle di a kgoneha ho Modimo.” (Mat. 19:26) Jehova o ile a phethahatsa seo a se buileng. Bajuda ba neng ba le botlamuweng Babilona ba ile ba lokollwa ka selemo sa 537 pele ho mehla ya Jesu. Ka mora moo, batho ba tswang mebusong eo e mmedi ba ile ba fihla Jerusalema mme ba tsosolosa borapedi ba nnete. Bibele e tiisa taba ena ha e re: “Ditloholo tse ding tsa Juda, tsa Benjamine, tsa Efraime le tsa Manase di ile tsa dula Jerusalema.” (1 Dikron. 9:2, 3; Esdr. 6:17) Batho ba tswang mmusong wa Iseraele wa maloko a leshome ba ile ba kopanngwa le ba tswang mmusong wa Juda wa maloko a mabedi feela jwalo ka ha Jehova a ne a boletse.

8. (a) Esaia o ile a profeta eng? (b) Ke dintlha dife tse pedi tsa bohlokwa tse hlahang ho Ezekiele 37:21?

8 Dilemo tse ka bang 200 pele Baiseraele ba iswa botlamuweng, moprofeta Esaia o ne a boletse hore na ho tla etsahalang ka Iseraele le ka Juda ka mora moo. O ile a bolela esale pele hore Jehova o ne a tla bokella “ba qhalakantsweng ba Iseraele” le hore “ba hasantsweng ba Juda o tla ba bokella ho tswa dikgutlong tse nne tsa lefatshe,” ho akareletsa le ba neng ba le Asiria. (Esa. 11:12, 13, 16) Jehova o ile a lata “Baiseraele ditjhabeng tseo ba leng ho tsona” feela jwalo ka ha a ne a boletse. (Ezek. 37:21) Hlokomela dintlha tsena tse pedi tsa bohlokwa: Hona jwale Jehova ha a sa bitsa batlamuwa bana “Bajuda” le “Baefraime” empa o se a ba nka e le sehlopha se le seng mme o ba bitsa “Baiseraele.” Mangolo a boetse a hlalosa hore Baiseraele ha ba tswe naheng e le nngwe e leng ya Babilona empa ba tswa dinaheng tse mmalwa. Ha e le hantle, ba tswa “dibakeng tsohle.”

9. Jehova o ile a thusa Bajuda ba tswang botlamuweng jwang hore ba momahane?

9 Ha Bajuda ba tswang botlamuweng ba kgutlela Iseraele, Jehova o ile a ba thusa jwang hore ba momahane? O ile a fa Baiseraele badisa ba kang Zorobabele, Moprista ya Phahameng Joshua, Esdrase le Nehemia. Modimo o ile a boela a kgetha moprofeta Hagai, Zakaria le Malakia. Banna bana ba tshepahalang kaofela ba ile ba sebetsa ka thata ho kgothaletsa setjhaba hore se latele ditaelo tsa Modimo. (Neh. 8:2, 3) Jehova o ile a boela a sireletsa setjhaba sa hae sa Iseraele ka ho senya merero ya bolotsana ya dira tsa sona.—Esth. 9:24, 25; Zak. 4:6.

Jehova o ile a fa batho ba hae badisa ho ba thusa hore ba momahane (Sheba serapa sa 9)

10. Ke morero ofe wa Satane o ileng wa atleha?

10 Le hoja Jehova a ne a file Baiseraele dintho tseo tsohle hobane a ba rata, ba bangata ba bona ha ba a ka ba dula ba tshehetsa borapedi ba nnete. Dintho tseo ba ileng ba di etsa di ngotswe dibukeng tsa Bibele tse ngotsweng ka mora hore ba kgutlele naheng ya habo bona. (Esdr. 9:1-3; Neh. 13:1, 2, 15) Ha e le hantle, ka mora dilemo tse ka bang 100 Baiseraele ba kgutlile botlamuweng ba ile ba kgeloha borapeding ba nnete, hoo Jehova a ileng a ba phehella a re: “Kgutlelang ho nna.” (Mal. 3:7) Ha Jesu a tla lefatsheng, bodumedi ba Bajuda bo ne bo se bo arohane bo ena le dihlopha tse ngata tse tataiswang ke badisa ba sa tshepahaleng. (Mat. 16:6; Mar. 7:5-8) Morero wa Satane wa ho thibela batho ba Modimo hore ba momahane o ne o atlehile. Le ha ho le jwalo, boprofeta boo Jehova a bo buileng, ba hore o tla momahanya batho ba hae, bo ne bo tla phethahala. Jwang?

“Mohlanka wa ka Davida e Tla ba Morena wa Bona”

11. (a) Jehova o ile a senola eng ka boprofeta ba ho momahanya batho ba hae? (b) Satane o ile a leka ho etsang hape ka mora hore a lelekwe lehodimong?

11 Bala Ezekiele 37:24. Jehova o ile a senola hore boprofeta ba ho momahanya batho ba hae bo ne bo tla phethahala ka mora hore ‘mohlanka wa hae Davida’ e leng Jesu a qale ho busa e le Morena. Sena se etsahetse ka 1914. b (2 Sam. 7:16; Luka 1:32) Ka nako eo, Baiseraele ba ne ba nketswe sebaka ke Iseraele ya Modimo e leng batlotsuwa. (Jer. 31:33; Bagal. 3:29) Satane o ile a leka hape ho senya bonngwe ba batho ba Modimo haholoholo ka mora hore a lelekwe lehodimong. (Tshen. 12:7-10) Mohlala, ka mora hore Morabo rona Russell a hlokahale ka 1916, Satane o ile a sebedisa bakwenehi ho leka ho arohanya batlotsuwa. Empa ho eso ye kae, bakwenehi bao ba ile ba tlohela mokgatlo wa Modimo. Leqheka la Satane la ho isa bara ba bo rona ba neng ba etella pele ka nako eo teronkong, le lona le ile la atleha empa ha a ka a kgona ho fedisa batho ba Jehova. Banna bao ba tlotsitsweng ba ile ba tshepahalla Jehova mme ba dula ba momahane.

12. Ke hobaneng ha maqheka a Satane a ho leka ho arohanya Iseraele ya Modimo e leng batlotsuwa a hlolehile ho atleha?

12 Ho fapana le Baiseraele, Iseraele ya Modimo e leng batlotsuwa ba ile ba dula ba momahane ho sa tsotellehe maqheka a Satane a ho leka ho ba arohanya. Ke hobaneng ha maqheka a Satane a hlolehile ho atleha? Lebaka ke hobane batlotsuwa ba leka ka hohle ho mamela ditaelo tsa Jehova. Ka hoo, ba sireletswa ke Morena wa bona Jesu Kreste, eo le hona jwale a ntseng a hlola Satane.—Tshen. 6:2.

Jehova o Tla Etsa Hore Barapedi ba Hae e be “Ntho e le Nngwe”

13. Ke ntho efe ya bohlokwa eo re ithutang yona ka boprofeta ba ho kopanngwa ha dithupa tse pedi?

13 Ke hobaneng ha boprofeta ba ho kopanya dithupa tse pedi e le ba bohlokwa mehleng ya rona? Hopola hore ntlha ya bohlokwa ya boprofeta bona e ne e le ho bontsha hore na dihlopha tse pedi di ne di tla momahana jwang. Ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore boprofeta bona bo bontsha ka ho hlaka hore Jehova ke yena ya etsang hore dihlopha tseo di momahane. Ke ntho efe ya bohlokwa eo re ithutang yona ka borapedi ba nnete, e hlaloswang ke boprofeta boo ba ho kopanngwa ha dithupa tse pedi? Ke ena: Jehova ke yena ya tla etsa hore barapedi ba hae e be “ntho e le nngwe.”—Ezek. 37:19.

14. Boprofeta ba ho kopanngwa ha dithupa tse pedi bo phethahetse jwang ka lekgetlo la bobedi ho tloha ka 1919?

14 Boprofeta ba ho kopanngwa ha dithupa tse pedi bo ile ba phethahala hape ka lekgetlo la bobedi ho tloha ka 1919, ka mora hore batho ba Modimo ba hlwekiswe mme ba qale ho mo rapela ka tsela e nepahetseng. Ka nako eo, boholo ba batho bao ba neng ba momahane bo ne bo ena le tshepo ya ho yo phela lehodimong e le marena le baprista. (Tshen. 20:6) Batlotsuwa bana ba ne ba tshwantshetsa thupa “ya Juda” e leng setjhaba se akareletsang marena a tswang lelokong la Davida le baprista ba tswang lelokong la Levi. Empa ha nako e ntse e eya, Bakreste bana ba tlotsitsweng ba ile ba kopana le batho ba bangata ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng mme ya eba ntho e le nngwe. Batho bao ba ne ba tshwantshetsa thupa “e emelang Efraime” e leng setjhaba se se nang marena a leloko la Davida le baprista ba leloko la Levi. Dihlopha tseo tse pedi di sebeletsa Jehova di momahane di buswa ke Morena wa tsona Jesu Kreste.—Ezek. 37:24.

“E Tla ba Setjhaba sa Ka”

15. Boprofeta bo hlahang ho Ezekiele 37:26, 27 bo phethahala jwang kajeno?

15 Boprofeta ba Ezekiele bo bontsha hore batho ba bangata ba ne ba tla kopana le batlotsuwa mme ba rapele Jehova ha mmoho. Jehova o ile a re ka batho ba hae: ‘Ke tla . . . etsa hore ba be bangata’ mme “tente ya ka e tla ba moo ba dulang teng.” (Ezek. 37:26, 27) Mantswe ana a re hopotsa boprofeta bo ileng ba bolellwa moapostola Johanne dilemo tse ka bang 700 ka mora mehla ya Ezekiele, bo reng “Ya dutseng teroneng o tla ala tente ya hae” hodima “bongata bo boholo.” (Tshen. 7:9, 15; nal.) Kajeno batlotsuwa le bongata bo boholo ke setjhaba se le seng sa Modimo seo a se sireleditseng ka tente ya hae.

16. Zakaria o ile a bua ka boprofeta bofe bo hlalosang hore Iseraele ya Modimo e leng batlotsuwa le batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba tla momahana?

16 Zakaria e leng e mong wa batho ba kgutlileng botlamuweng o ile a profeta hore Bajuda ba tlotsitsweng le batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba ne ba tla kopanngwa. O ile a re ‘banna ba leshome ba tswang ditjhabeng ba tla tshwara seaparo se selelele sa Mojuda’ mme ba re: “Re batla ho tsamaya le lona hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.” (Zak. 8:23) Lentswe “Mojuda” ha le bue ka motho a le mong feela empa lentswe “lona” le bolela sehlopha sa batho bao kajeno ba emelwang ke batlotsuwa ba ntseng ba le teng lefatsheng. (Bar. 2:28, 29) Banna “ba leshome” ba emela batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng. Ba “tshwara” batlotsuwa mme ba “tsamaya” le bona. (Esa. 2:2, 3; Mat. 25:40) Mantswe a reng “ba tla tshwara” le a reng “ho tsamaya le lona” a bontsha ka ho hlaka hore dihlopha tsena tse pedi di momahane.

17. Jesu o ile a hlalosa bonngwe boo re nang le bona jwang?

17 Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a nahanne ka boprofeta ba Ezekiele bo buang ka bonngwe ha a ne a ipitsa modisa ya tataisang dinku tsa hae (batlotsuwa) le “dinku tse ding” (batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng) hore e be ‘mohlape o le mong.’ (Joh. 10:16; Ezek. 34:23; 37:24, 25) Ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho phela hokae, ho a thabisa ho bona ka moo mantswe a Jesu le a baprofeta ba mehleng ya kgale a hlalosang bonngwe boo re nang le bona kajeno. Batho ba bodumedi ba bohata ba arohane empa rona re na le bonngwe bo hlollang.

Kajeno batlotsuwa le “dinku tse ding” ba rapela Jehova ba momahane e le ‘mohlape o le mong’ (Sheba serapa sa 17)

‘Tempele ya ka e Hara Bona ka ho sa Feleng’

18. Ho ya ka Ezekiele 37:28, ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore batho ba Modimo e se ke ya eba ba lefatshe?

18 Mantswe a qetellang a boprofeta ba Ezekiele bo buang ka bonngwe a bontsha hore na ke hobaneng ha bonngwe ba rona bo ke ke ba fela le ka mohla. (Bala Ezekiele 37:28.) Batho ba Jehova ba momahane hobane tempele ya hae e “hara bona,” ka mantswe a mang ba borapeding ba nnete. Tempele ya hae e tla dula e le hara bona ha feela ba dula e se karolo ya lefatshe la Satane. (1 Bakor. 6:11; Tshen. 7:14) Jesu o ile a hatisa hore ho bohlokwa hore re dule re se karolo ya lefatshe. O ile a rapella barutuwa ba hae ho tswa pelong a re: “Ntate ya halalelang, ke kopa o ba sireletse . . . e le hore ba ka momahana . . . Ha se ba lefatshe . . . Ba halaletse ka nnete.” (Joh. 17:11, 16, 17) Hlokomela hore Jesu o re ho “momahana” ho tsamaisana le ho ‘se be ba lefatshe.’

19. (a) Re bontsha jwang hore re ‘etsisa Modimo’? (b) Jesu o ile a hatisa taba efe ya bohlokwa ka ho ba le bonngwe bosiung ba ho qetela pele a shwa?

19 Ena ke yona feela karolo e tlalehilweng ya moo Jesu a bitsang Modimo “Ntate ya Halalelang.” Jehova o hlwekile ebile o lokile. Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Le halalele hobane ke a halalela.” (Lev. 11:45) Ha re mamela taelo eo bophelong ba rona, re ‘etsisa Modimo.’ (Baef. 5:1; 1 Pet. 1:14, 15) Ha ho buuwa ka hore batho ba “halalele” seo se bolela hore “ba ikarole.” Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolawa o ile a hatisa hore barutuwa ba hae ba ne ba tla dula ba momahane ha feela ba dula e se karolo ya lefatshe lena le arohaneng.

“O ba Sireletse ka Lebaka la ya Kgopo”

20, 21. (a) Keng e etsang hore re kgodisehe hore Jehova o tla re sireletsa? (b) O ikemiseditse ho etsang?

20 Bonngwe bo hlollang boo Dipaki Tsa Jehova di nang le bona kajeno lefatsheng lohle, ke bopaki ba hore Jehova o ile a araba thapelo ya Jesu e reng: “O ba sireletse ka lebaka la ya kgopo.” (Bala Johanne 17:14, 15.) Ho bona hore Satane o hlolehile ho senya bonngwe ba batho ba Modimo ho etsa hore re kgodisehe le ho feta hore Modimo o tla re sireletsa. Boprofeteng ba Ezekiele Jehova o ile a re dithupa tse pedi e ile ya eba ntho e le nngwe letsohong la hae. Jehova o entse ntho e hlollang ka hore a momahanye batho ba hae le ho ba sireletsa ho Satane.

21 Re lokela ho ikemisetsa ho etsang? Re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang hore ho dule ho ena le bonngwe. E mong le e mong wa rona a ka etsa seo jwang? Ka hore re tshehetse borapedi ba nnete ka mehla tempeleng ya Jehova. Dikgaolong tse latelang re tla bua ka hore na ho rapela Modimo ka tsela eo ho bolelang.

a Dilemo tse ka bang 200 pele Ezekiele a fumana boprofeta bona, Baasiria ba ile ba nka baahi ba mmuso wa maloko a leshome (thupa “e emelang Efraime”) mme ba ba isa botlamuweng.—2 Mar. 17:23.

b Boprofeta bona bo hlaloswa haholwanyane Kgaolong ya 8 ya buka ena.