Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 13

‘Hlalosa Tempele’

‘Hlalosa Tempele’

EZEKIELE 43:10

NTLHAKGOLO: Pono ya Ezekiele ya tempele

1-3. (a) Ke hobaneng ha pono ya tempele e hlollang e ile ya kgothatsa Ezekiele? (Sheba setshwantsho se qalang.) (b) Re tlo ithutang kgaolong ee?

 AKO nahane ka Ezekiele a se a le dilemo di 50. O se a qetile dilemo tse 25 a le botlamuweng. E ne e se e le nako e telele tempele e Jerusalema e senyehile. Haeba Ezekiele a ne a lakatsa hore ka le leng a sebetse e le moprista Jerusalema, jwale o a hlokomela hore ntho eo e ke ke ya kgoneha. Ho sa ntse ho tlo feta dilemo tse 56 pele batho ba tswa botlamuweng. Ezekiele o a hlokomela hore a ke ke a phela dilemo tse telele hakaalo hore a bone ha batho ba Jehova ba kgutlela naheng ya habo bona, re se re sa bue letho ka hore a bone ha tempele e tsosoloswa. (Jer. 25:11) Na Ezekiele o utlwa bohloko ha a nahana ka dintho tsee?

2 Ho bonahala eka Jehova o kgethile nako e nepahetseng ya ho bontsha Ezekiele pono ena. Pono ena e ne e tlo kgothatsa Ezekiele haholo e be e mo fe tshepo. Ponong eo, Ezekiele o iswa naheng ya habo mme o behwa thabeng e phahameng haholo. Ha a ntse a le moo, o kopana le “monna ya neng a shebahala jwalo ka koporo e benyang.” Monna eo wa lengeloi o mo bontsha tempele kaofela. (Bala Ezekiele 40:1-4.) Dintho tseo a di bonang ekare ke tsa nnete. Re kgodisehile hore pono ena e matlafatsa tumelo ya Ezekiele empa e tlameha ebe e boetse e a mo tshosa ebile e a mo makatsa. Le hoja tempele eo e ena le dintho tse ngata tseo a di tlwaetseng, e fapane hole le tempele e Jerusalema eo a neng a e tseba.

3 Dikgaolo tse robong tse qetellang tsa buka ya Ezekiele di bua ka pono ena e hlollang. A re ke re bue ka tsela eo re lokelang ho ikutlwa ka yona ha re ntse re hlahloba pono ena le ho leka ho e utlwisisa. Ka mora moo, re tla hlahloba hore na pono eo Ezekiele a e boneng e ne e le ya tempele eo moapostola Pauluse a ileng a bua ka yona dilemo tse makgolo ha morao kapa tjhe. Re tla qetella ka ho hlahloba hore na pono eo ya Ezekiele e ne e bolelang ho yena le ho batlamuwa ba bang.

Pono ya Ezekiele e Hloka ho Hlaloswa ka Tsela e Fapaneng

4. Pono ya tempele e ne e hlaloswa jwang nakong e fetileng empa e hloka ho hlaloswa jwang hona jwale?

4 Nakong e fetileng dingolwa tsa rona di ile tsa re Ezekiele o bone tempele ya Jehova e kgolo ya tshwantshetso eo moapostola Pauluse a ileng a ngola ka yona ha a ngolla Baheberu. a Ho latela kutlwisiso eo, ho ne ho bonahala eka ho nepahetse ho nka hore dikarolo tse ngata tsa tempele eo Ezekiele a e boneng di ne di tshwantshetsa dintho tse ka tempeleng eo Pauluse a ileng a bua ka yona. Empa ka mora hore ho rapelwe ho be ho nahanisiswe ka taba eo, ho ile ha bonahala hore tempele eo Ezekiele a e boneng e hloka ho hlaloswa ka tsela e bonolo.

5, 6. (a) Moapostola Pauluse o ile a bontsha jwang hore o ikokobeditse ha a ne a bua ka tabernakele? (b) Pauluse o ile a reng ka tse ding tsa dintho tse ka tabernakeleng, hona re ka utlwisisa pono ya Ezekiele ya tempele ka tsela e tshwanang jwang?

5 Ha re a lokela ho nka hore ntho e nngwe le e nngwe e ponong ya Ezekiele ya tempele e tshwantshetsa ntho e itseng. Hobaneng? Nahana ka mohlala ona. Ha Pauluse a ne a hlalosa tabernakele le tempele ya tshwantshetso, o ile a bua ka dintho tse ka hara tabernakele tse kang pitsa ya kgauta ya ho tjhesetsa dibano, sekwahelo sa areka le nkgo ya kgauta e tshetseng manna. Na o ile a bua hore dintho tsee di tshwantshetsa eng? Ho bonahala eka moya o halalelang ha o a ka wa mo susumeletsa hore a etse jwalo. Ho ena le hoo, o ile a re: “Hona jwale ha se nako ya hore re bue haholo ka dintho tsena.” (Baheb. 9:4, 5) Pauluse o ne a ikemiseditse ho latela tataiso ya moya o halalelang le ho emela Jehova ka boikokobetso.—Baheb. 9:8.

6 Re ka utlwisisa pono ya Ezekiele ya tempele ka tsela e tshwanang. Le yona e na le ditaba tse ngata mme ho ka ba molemo hore re emele Jehova hore a hlakise dintho haeba ho hlokahala. (Bala Mikea 7:7.) Empa na see se bolela hore moya wa Jehova ha o eso hlakise letho ka pono ee ya Ezekiele? Ha ho jwalo.

Na Ezekiele o Bone Tempele e Kgolo ya Tshwantshetso?

7, 8. (a) Pono ya Ezekiele e se e hlaloswa jwang hona jwale? (b) Tempele eo Ezekiele a e boneng e fapane jwang le tempele ya tshwantshetso eo Pauluse a ileng a e hlalosa?

7 Jwalo ka ha ho boletswe qalong, ka dilemo tse ngata dingolwa tsa rona di ne di re Ezekiele o bone tempele ya Jehova e kgolo ya tshwantshetso eo Pauluse a ileng a bua ka yona ha a ngolla Baheberu. Le ha ho le jwalo, ha ho etswa dipatlisiso ho ile ha hlaka hore tempele eo Ezekiele a ileng a e bona e ne e se tempele e kgolo ya tshwantshetso. Ke hobaneng ha re tjho jwalo?

8 Lebaka la pele ke hore tsela eo Pauluse a hlalositseng tempele ka yona ha e tshwane le tempele eo Ezekiele a e boneng. Nahana ka taba ena: Moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore tabernakele ya mehleng ya Moshe e ne e tshwantshetsa ntho e nngwe e kgolo. Tabernakele e ne e entswe ka tsela e batlileng e tshwana le eo tempele ya Solomone le ya Zorobabele di neng di entswe ka yona, hobane di ne di ena le “Sehalaledisiso.” Pauluse o ile a re sebaka seo ke ‘sehalaledisiso se entsweng ke batho’ e le ha a hlalosa hore ke “setshwantsho feela sa sehalaledisiso sa nnete” eseng sehalaledisiso ka bo sona. Sehalaledisiso sa nnete e ne e le eng? Pauluse o ile a re ke ‘lehodimo la sebele.’ (Baheb. 9:3, 24) Na Ezekiele le yena o bone lehodimo? Tjhe. Pono ya Ezekiele ha e fane ka maikutlo a hore o ne a bona dintho tse lehodimong.—Bapisa le Daniele 7:9, 10, 13, 14.

9, 10. Mahlabelo a hlahang ponong ya Ezekiele ya tempele a bontsha jwang hore e ne e se tempele e kgolo ya tshwantshetso eo Pauluse a buileng ka yona?

9 Ntho e nngwe e re kgodisang hore pono ya Ezekiele e fapane le tlhaloso ya Pauluse ke mahlabelo. Ezekiele o ile a utlwa ha batho, dikgosana le baprista ba fuwa ditaelo tse ngata mabapi le ho fana ka mahlabelo. Ba ne ba lokela ho fana ka mahlabelo bakeng sa dibe tsa bona. Ba ne ba boetse ba fana ka mahlabelo a kopanetsweng ao ba neng ba ka a ja le batho ba bang dikamoreng tsa tempele tseo ho jellwang ho tsona. (Ezek. 43:18, 19; 44:11, 15, 27; 45:15-20, 22-25) Na tempeleng e kgolo ya tshwantshetso ho fanwa ka mahlabelo ka makgetlo a mangata?

Tempele eo Ezekiele a e boneng ha se tempele e kgolo ya tshwantshetso

10 Karabo ya potso eo e bonolo ebile e hlakile. Pauluse o ile a re: “Kreste o tlile e le moprista ya phahameng wa dintho tse ntle ts di etsahetse. O kene tenteng e bohlokwa haholo le e molemo ho feta ya pele, e sa etswang ke batho ebile ha se ya lefatshe. O kene sehalaledisisong ka madi a hae eseng a dipodi kapa a dipohwana. O kene moo hanngwe ebile e le la ho qetela mme a re pholosa ka ho sa feleng.” (Baheb. 9:11, 12) Tempeleng e kgolo ya tshwantshetso ho fanwa ka sehlabelo se le seng feela. Ke sehlabelo sa topollo seo Jesu Kreste Moprista ya Phahameng ka ho Fetisisa a faneng ka sona. Ho a hlaka hore pono ya tempele eo Ezekiele a e boneng e nang le mahlabelo a mangata a dipodi le dipoho e ne e se tempele e kgolo ya tshwantshetso.

11. Ke hobaneng ha mehleng ya Ezekiele e ne e eso be nako ya hore Modimo a senole ditaba tse mabapi le tempele e kgolo ya tshwantshetso?

11 Ntho ya bobedi e re bontshang hore tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e se tempele e kgolo ya tshwantshetso ke hore e ne e eso be nako ya hore Modimo a senole ditaba tseo. O tla hopola hore batho ba pele ba neng ba tla bolellwa ka pono eo ya Ezekiele e ne e le Bajuda ba botlamuweng Babilona. Ba ne ba latela Molao wa Moshe. Ha ba lokoloha botlamuweng, ba ne ba tla kgutlela Jerusalema mme ba rapele Modimo ho ya ka Molao oo ebe ba tsosolosa tempele le aletare ya yona. Ba ne ba tla nyehela mahlabelo moo mme ho bonahala eka ba ile ba etsa jwalo ka dilemo tse ka bang 600. Nahana feela hore na Bajuda ba ne ba tla ikutlwa jwang haeba pono eo Ezekiele a e boneng e ne e le ya tempele ya tshwantshetso e leng tempele eo ho yona moprista ya phahameng a fanang ka bophelo ba hae e le sehlabelo ebe ka mora moo mahlabelo a mang ohle a a fediswa. Ba ne ba tla ikutlwa jwang ka pono eo? Na ba ne ba ka nna ba tlohela ho hlompha Molao wa Moshe? Ka mehla Jehova o senolela batho ba hae dintho ka nako e nepahetseng.

12-14. Tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e amana jwang le tlhaloso ya Pauluse ya tempele ya tshwantshetso? (Sheba lebokose le reng “Ditempele Tse sa Tshwaneng Tse re Rutang Dintho Tse sa Tshwaneng.”)

12 Pono ya Ezekiele ya tempele e amana jwang le tlhaloso ya Pauluse ya tempele ya tshwantshetso? Hopola hore ha Pauluse a ne a bua ka tempele ya tshwantshetso o ne a sa e bapise le tempele eo Ezekiele a e boneng empa o ne a e bapisa le tabernakele ya mehleng ya Moshe. Ke nnete hore Pauluse o ile a bua ka tse ding tsa dintho tse hlahang tempeleng ya Solomone le ya Zorobabele tse neng di boetse di hlaha tempeleng eo Ezekiele a e boneng. Le ha ho le jwalo, Ezekiele le Pauluse ba ne ba hlalosa dintlha tse fapaneng dibukeng tsa bona. b Dintho tseo ba di ngotseng ha di tshwane empa di a tlatsana. Ka tsela efe?

13 Ditlaleho tsena tse pedi tsa Bibele di amana ka tsela ena: Ho Pauluse re ithuta ka moo Jehova a hlophisitseng borapedi ba nnete ka teng. Ho Ezekiele teng re ithuta hore na Jehova o batla hore re mo rapele jwang. Pauluse o re ruta hore na Jehova o hlophisitse borapedi ba nnete jwang ka ho hlalosa hore na dikarolo tsa tempele ya tshwantshetso tse kang moprista ya phahameng, mahlabelo, aletare le Sehalaledisiso di bolelang. Pono ya Ezekiele ya tempele e hlakisa hore na Jehova o batla hore re mo rapele jwang hobane e re fa dintlha tse eketsehileng tse re rutang hore na ke borapedi bo jwang boo Jehova a bo amohelang.

14 Tlhaloso ee ya pono ya Ezekiele ya tempele e bolelang ho rona? Ha e bolele hore pono ya Ezekiele ha se ya bohlokwa ho rona kajeno. E le hore re bone hore na re ithutang ho yona, a re ke re shebe hore na pono eo e ile ya thusa Bajuda ba tshepahalang mehleng ya Ezekiele jwang le ba phetseng ka mora moo.

Pono ee e Ile ya Thusa Bajuda ba Botlamuweng Jwang?

15. (a) Molaetsa wa pono ya Ezekiele e ne e le ofe? (b) Ditaba tse hlahang kgaolong ya 8 ya Ezekiele di fapane jwang le tse hlahang kgaolong ya 40 ho ya ho 48?

15 E le hore re bone hore na Bibele e araba potso eo jwang, a re ke re hlahlobeng dipotso tse tla re thusa ho utlwisisa taba ena ka botlalo. Potso ya pele: Molaetsa wa pono ya Ezekiele e ne e le ofe? Ka mantswe a bonolo feela molaetsa wa pono eo e ne e le hore borapedi ba nnete bo ne bo tlo tsosoloswa. Taba ena e ne e hlakile ho Ezekiele. O ne a se a ngotse karolo eo hona jwale e leng kgaolo ya 8 ya Ezekiele moo ho yona Jehova a hlalosang ka moo tempele e Jerusalema e senyehileng ka teng. E tlameha ebe Ezekiele o ile a thaba haholo ha a ne a ngola ntho e fapaneng hole le eo e hlahang kgaolong ya 40 ho ya ho 48. Ponong ena ha ho rapelwe medimo e meng empa ho rapelwa Jehova ka tsela eo a e amohelang. Ona ke mohlala wa ka moo Jehova a lokelang ho rapelwa ka teng ho latela Molao wa Moshe.

16. Pono ya Ezekiele ya tempele e dumellana jwang le dintho tseo Esaia a ileng a di profeta kgale?

16 E le hore batho ba rapele Jehova ka tsela eo a e amohelang, ba tla lokela ho nka borapedi ba nnete e le bo phahameng ka ho fetisisa. Dilemo tse fetang 100 pele ho moo, moprofeta Esaia o ile a ngola a re: “Matsatsing a ho qetela, thaba eo ntlo ya Jehova e leng ho yona e tla tiiswa ka thata ka hodima ditlhoro tsa dithaba, e phahamele maralla.” (Esa. 2:2) Esaia o ile a bona esale pele hore batho ba ne ba tla rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang le hore ba ne ba tla nka borapedi ba nnete e le bo phahameng ka ho fetisisa jwalo ka ha e ka bo hodima dithaba tse phahameng ka ho fetisisa. Ezekiele o ne a le hokae ponong eo? O ne a shebile ntlo ya Jehova a le “thabeng e phahameng haholo.” (Ezek. 40:2) Ka hoo, pono ya Ezekiele e a re kgodisa hore borapedi ba nnete bo ne bo tla tsosoloswa.

Tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e le sebakeng se phahameng (Sheba serapa sa 16)

17. Hlalosa Ezekiele kgaolo ya 40 ho ya ho 48 ka bokgutshwanyane.

17 Nahana ka dintho tseo Ezekiele a di boneng le tseo a di utlwileng tse hlahang ho Ezekiele kgaolo ya 40 ho ya ho 48. O ile a bona ha lengeloi le metha dikeiti, lerako, mabala le sehalalelo sa tempele. (Ezek. 40-42) Ka mora moo, ho ile ha etsahala ntho e hlollang. Jehova o ile a fihla tempeleng ka kganya e kgolo. Jehova o ile a kgalemela baprista, dikgosana le batho ba hae ba neng ba sa mo mamele. (Ezek. 43:1-12; 44:10-31; 45:9-12) Ezekiele o ile a bona noka e tswa sehalalelong e phalla e ya Lewatleng le Shweleng. E ne e fana ka bophelo le ditlhohonolofatso. (Ezek. 47:1-12) A bona naha e arotswe ka makgethe mme bohareng ba yona ho rapelwa Jehova ka tsela eo a e amohelang. (Ezek. 45:1-8; 47:13–48:35) Dintho tseo tsohle di ne di bolelang? Ho a hlaka hore Jehova o ne a kgodisa batho ba hae hore ba tla boela ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang ba be ba nke borapedi boo e le bo phahameng ka ho fetisisa. O ne a tla hlohonolofatsa ntlo eo a rapelwang ho yona ka hore a be teng ho yona, a be a etse hore ho be le ditlhohonolofatso tse ngata tse tswang tempeleng, tse kang ho fodisa batho, ho ba fa bophelo le ho etsa hore dintho di etswe ka tsela e hlophisehileng naheng.

Tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e bontsha hore na Jehova o batla hore batho ba mo rapele jwang (Sheba serapa sa 17)

18. Na tempele e hlahileng ponong e ne e le ya nnete? Hlalosa.

18 Potso ya bobedi: Na dintho tse hlahang ponong ee ya Ezekiele ke tsa nnete? Tjhe. Ho ka etsahala hore Ezekiele le Bajuda ba botlamuweng bao a ileng a ba bolella ka pono ena ba ile ba hlokomela di sa tloha feela hore dintho tse ponong eo ke tsa tshwantshetso. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? O tla hopola hore Ezekiele o bone tempele ena e le “thabeng e phahameng haholo.” Ke nnete hore pono ena e tsamaisana le boprofeta ba Esaia empa tempele eo e ne e se sebakeng seo tempele e Jerusalema e neng e le ho sona. Tempele ya Solomone e ne e le Jerusalema hodima Thaba ya Moria mme e ne e ntse e tla ba hona moo ha e tsosoloswa. Empa na e ne e le ‘thaba e phahameng haholo’? Ha ho jwalo. Ha e le hantle Thaba ya Moria e potapotilwe ke dithaba tse ding tse lekanang le yona kapa tse telele ho e feta. Taba e nngwe ke hore tempele eo Ezekiele a e boneng e ne e le kgolo haholo. Tempele eo ha mmoho le lerako la yona le e potapotileng, di ne di le kgolo haholo hore di ka lekana hodima Thaba ya Moria. Le ha e ne e ka ba hodima motse wohle wa Jerusalema wa mehleng ya Solomone e ne e ke ke ya lekana. Ntho e nngwe ke hore Bajuda ba botlamuweng ba ne ba sa nke hore ho ka ba le noka e tswang sehalalelong sa tempele e phallelang Lewatleng le Shweleng e etsang hore dintho tse ngata lewatleng leo di phele. Ntlha ya ho qetela ke hore Naha e Tshepisitsweng e na le dithaba tse ngata, ka hoo ho ne ho ke ke ha kgoneha hore maloko a arolelwe naha ka tsela e makgethe jwalo ka ha ho hlalositswe ponong. Ho a hlaka hore dintho tse hlaloswang ponong ena ha di a lokela ho nkwa e le tsa nnete.

19-21. Jehova o ne a batla hore batho ba hae ba ikutlwe jwang ka pono ya Ezekiele mme ke hobaneng ha ba ne ba ka ikutlwa jwalo?

19 Potso ya boraro: Batho ba mehleng ya Ezekiele ba ne ba lokela ho ikutlwa jwang ka mora ho utlwa ka pono ya hae? Ba ne ba lokela ho ikutlwa ba swabile ha ba nahana ka melao ya Jehova e phahameng ya borapedi ba nnete. Jehova o ile a re Ezekiele a ‘hlalosetse Baiseraele hore na tempele e entswe jwang.’ Ezekiele o ne a lokela ho hlalosa tempele ena ka tsela e hlakileng e le hore Baiseraele ba tle ba kgone “ho ithuta hore na e entswe jwang.” Ke hobaneng ha ba ne ba lokela ho nahanisisa ka tempele eo? Jwalo ka ha re bone, ha se hobane ba ne ba tlo e haha empa e ne “e le hore ba tle ba swabele diphoso tsa bona” jwalo ka ha Jehova a boletse.—Bala Ezekiele 43:10-12.

20 Ke hobaneng ha pono eo e ne e ka ama maikutlo a batho ba nang le dipelo tse ntle le ho etsa hore ba swabele diphoso tsa bona? Ezekiele o ile a bolellwa mantswe ana a reng: “Mora motho, hlokomela, shebisisa mme o mamele ka hloko dintho tsohle tseo ke tla o bolella tsona ka melao le ditaelo tsa tempele ya Jehova.” (Ezek. 44:5) Ezekiele o ile a bolellwa ka melao le ditaelo ka makgetlo a mangata. (Ezek. 43:11, 12; 44:24; 46:14) Hangata Ezekiele o ne a hopotswa ka melao ya Jehova. O ne a hopotswa le melao e mabapi le ho lekanya bolelele le boima ba dintho. (Ezek. 40:5; 45:10-12; bapisa le Diproverbia 16:11.) Ponong ena feela Ezekiele o ngotse mantswe “ho lekanya” le “ho metha” ka puo ya hae ka makgetlo a fetang a 50.

21 Ha Jehova a bua ka ho lekanya, boima, melao le ditaelo, o ne a reng ho batho ba hae? Ho bonahala eka Jehova o ne a hopotsa batho ba hae taba ena ya bohlokwa ya hore: Ke Jehova feela ya ka behang melao ya hore na batho ba hae ba mo rapele jwang. Batho ba neng ba se ba sa latele melao eo ba ne ba lokela ho hlajwa ke dihlong. Pono eo e ile ya ruta Bajuda dintlha tseo tsa bohlokwa jwang? Kgaolong e latelang re tla bua ka mehlala e tobileng. Mehlala eo e tla re thusa ho bona hore na pono ena e re rutang kajeno.

Ke hobaneng ha pono ya tempele e ne e ka etsa hore batho ba nang le dipelo tse ntle ba swabele diphoso tsa bona? (Sheba serapa sa 19-21)

a Tempele ya tshwantshetso ke borapedi ba nnete boo Jehova a bo hlophisitseng le bo bileng teng ka lebaka la sehlabelo sa Jesu Kreste. Re utlwisisa hore bo bile teng ka selemo sa 29 mehleng ya Jesu.

b Ka mohlala, Pauluse o ile a bua ka moprista ya phahameng le mosebetsi oo a neng a o etsa selemo le selemo ka Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe. (Baheb. 2:17; 3:1; 4:14-16; 5:1-10; 7:1-17, 26-28; 8:1-6; 9:6-28) Empa ponong ya Ezekiele ha ho na moo ho buuwang ka moprista ya phahameng kapa Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tshwarelwa Dibe.