Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

“Le Baahisane ba Bohlokwa”

“Le Baahisane ba Bohlokwa”

KA LA 7 le la 8 May 2016, e ne e le thabo feela ntlokgolo ya Dipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. Thabo eo e ne e le ya baeti ba neng ba tlo bona sebaka seo ho sona ho behilweng mefuta e fapaneng ya Dibibele. Ka tlwaelo sebaka seo ha se bulwe ka mafelobeke empa lekgetlong leo ho ile ha etswa letsholo la ho mema batho ba dulang haufi le ntlokgolo.

Nakong ya letsholo leo, baahisane ba ile ba ithuta ho hongata ka Dipaki Tsa Jehova mme bara le baradibabo rona ba ne ba thabetse ho ba karolo ya lona. Ba ile ba thaba haholo ha ba utlwa batho ba bua dintho tse ntle ka ntlokgolo le ka moo ho ba haufi le yona ho ba thusitseng kateng.

Monna e mong o ile a re: “Haesale ke dula mona ho tloha ka bo1960, kannete le bile baahisane ba bohlokwa bao nkileng ka ba le bona. Re lakatsa e ka le ka be le sa tsamaye, re tlo le hopola haholo feela.”

Mosadi e mong yena o ile a re: “Hoja e se ka lona, sebaka sena sa rona se kabe se se setle hakaana. Re thabetse ho ba baahisane ba lona dilemong tsena tse fitileng. Re a leboha.”

Bopulamadiboho ba ile thabela tsela e mofuthu eo ba ileng ba amohelwa ka yona. Monna e mong o ile a bua dintho tse ntle ka mokgatlo wa rona mme a re ka maswabi ha a tlo kgona ho ba teng hobane o tlabe a le siyo.

Dintho tse ileng tsa etsahala kamora letsholo leo di bile monate haholo. Matsatsing ao a mabedi, ho ile ha tla batho ba 48 bao e seng Dipaki Tsa Jehova. Ha ba fihla, bara le baradibabo rona ba sebeletsang Bethele, ba ile ba ba amohela le ho qoqa le bona.

Motjha e mong ya bitswang Sally ya dilemong tsa bo20, o qetile metsotso e 30 a ntse a shebile sebaka seo se nang le Dibibele tsa mefuta. Ha a fihla, o ile a kopana le bopulamadiboho ba ileng ba mofa memo. O ile a re o ntse a sa tsebe hore re na le sebaka seo ho sona re behileng Dibibele tsa mefuta. Bopulamadiboho bao ba ile ba bolella Sally hore ba thabetse ho kopana le motjha ya ratang Bibele hakaalo le hoja a rutehile. Sally o ile a re: “Bibele e bohlokwa haholo. Ke yona buka feela e re bolellang ka Modimo. Kannete ke buka ya bophelo.”

Sally o ile a re tsela eo a ratang Bibele ka yona e entse hore a ithute Selatine le Segerike ebile o rata mosebetsi wa ho fetolela. O ile a bolela hore ke ha bohlokwa hore batho ba fetolele ka tsela e nepahetseng e le hore molaetsa o se ke wa fosahala. O ile a utlwa e ka ditsebe tsa hae di a mo thetsa ha a utlwa hore websaete ya rona ya jw.org e fetoletswe ka dipuo tse fetang 800. Ha a utlwa seo bafetoledi ba ileng ba se etsa ka lebitso la Jehova, o ile a bua a maketse a re: “Ke hobaneng ha lebitso la Modimo le tlositswe ka Dibibeleng tse ding?” A tswela pele ka hore: “Ke dutse mona ho tloha ha ke sa le ngwana mme esale le le baahisane ba bohlokwa.”

Ka Mantaha, ha John ya sebeletsang Bethele a ntse a paka ka toroli ya dingolwa, moruti e mong o ile a ya ho yena. O ile a bolella John hore o thabetse ho tjhakela Bethele mme o rata taba ya hore re etsa seo Bibele e se rutang. Nakwana kamora moo, monna eo o ile a re: “Ke le kwatetse!” John o ne a maketse yaba o a mo botsa hore na re entseng. Monna eo o ile a re “Akere le a tsamaya! DULANG MONA! Hahang mehaho e meng e meholo kapa le e reke empa le se ke la tsamaya. Le thusa motse ona haholo.”

Ho a bonahala hore letsholo la ho memela batho ntlokgolo, le entse hore ba ithute dintho tse ding ka Dipaki Tsa Jehova mme lebitso la Modimo le ile la halaletswa ho feta le ha e le neng pele.