Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Seboka se setjha sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya rona

Seboka se setjha sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya rona

KA LA 3 October 2015, ho ile ha tshwarwa seboka sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Morabo rona Anthony Morris wa Sehlopha se Busang o ile a etsa tsebiso ya hore Sekolo sa Tshebeletso sa Puso ya Modimo, Seboka sa Tshebeletso le sa Thuto ya Bibele ya Phutheho di ne di se di tla nkelwa sebaka ke seboka se setjha sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona. O ile a ba a hlalosa hore Tshebeletso ya Mmuso e se e tla nkelwa sebaka ke Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona e mebalabala e nang le maqephe a 8. Bukana ena e ne e tla bontsha hore ho tlo buuwa kang sebokeng mme e boetse ena le ditshwantsho tse tla etsa hore batho ba thabele ho bala Bibele.

Seboka seo se arotswe ka dikarolo tse tharo:

  1. Matlotlo a Tswang Bibeleng. Karolo e qalang e na le puo ya metsotso e 10 e tswang mmalong wa Bibele wa bekeng eo. Ho bile ho na le ditshwantsho bukaneng ya seboka. Karolo ena e boetse e na le puisano ya “Batlisisa Matlotlo a Tswang Bibeleng,” e nkang metsotso e 8. E be ho tla mmalo wa Bibele ka metsotso e 4.

  2. Eba Mafolofolo Mosebetsing wa Boboledi. Karolong ena teng, kemoo bahweletsi ba bararo ba bontshang hore na re ka ruta jwang leetong la pele, la ho boela le thutong ya Bibele.

  3. Phela Jwalo ka Mokreste. Mona re bontshwa hore na re ka sebedisa melaomotheo ya Bibele jwang bophelong ba rona. Karolo e nngwe ya bohlokwa mona ke Thuto ya Bibele ya Phutheho, e leng moo bahweletsi ba fanang ka dikarabo.

Bara le baradibabo rona ba boletse hore ba thabela thuto e matla eo ba e fumanang sebokeng sena. Morabo rona e mong wa naheng ya Australia o re: “Seboka sa Bophelo le Tshebeletso se monate! Re ithuta dintho tseo re hlileng re di hlokang matsatsing ana mme re bontshwa hore na re ka ruta jwang ha re le boboleding. Kaha dikarolo tsa sona di kgutshwane, di bua taba ka ho hlakileng, di na le divideo mme le bana ba kgona ho arabela, seboka se fela ka ho panya ha leihlo.”

Sehlopha sa baholo ba phutheho e nngwe e naheng ya Italy se ile sa re: “Seboka sena se setjha se etsa hore kaofela ha rona re lokisetse hantle mme seo se etsa hore re rute phutheho ka tsela e tla e finyella pelo. Ena ke tsela e babatsehang eo Jehova a rutang batho ba hae ka yona. Ngwanana e mong ya dilemo di 15 o ile a re: ‘Pele ke ne ke sa kgone ho mamela ho fihlela diboka di tswa. Empa seboka sena se etsa hore ke lokisetse hantle mme ke kgona ho mamela ho fihlela se tswa.’”

Lelapa le leng la naheng ya Austria le re: “Kaha re na le moradi ya dilemo di 10, ho ne ho eba thata hore re etse mmalo wa Bibele le yena. Empa karolo ya seboka ya ‘Matlotlo a Tswang Bibeleng’ e etsa hore kaofela ha rona re kgone ho arabela hantle. Re se re thabela ho lokisetsa mmalo wa Bibele. Ntho e re thabisang haholo ke hore moradi wa rona o se a rata Jehova le hofeta.”

Ines ya dulang naheng ya Germany o re: “Lefatshe lena la Satane le etsa hore ke dule ke kgathetse, ke sa batle letho. Le ha ho le jwalo, ha ke tswa dibokeng ke kgutla ke le matla. Ke thabela ho lokisetsa seboka sena le ho nahanisisa ka seo ke se badileng. Ke se ke kgona le ho etsa dipatlisiso ha ke lokisetsa. Hona jwale kamano ya ka le Jehova e matla ho feta le ha e le neng pele.”

Diphutheho tse Solomon Islands di rata seboka sena haholo mme di leka ka hohle ho fumana dintho tse hlokahalang e le hore di se thabele. Bongata ba tsona di metseng e hole kantle ho toropo moo ho senang motlakase kapa Inthanete. Jwale ba kgona jwang ho downloada divideo le ho fumana metjhini e di bapalang? Bahweletsi ba phutheho e sehlekehlekeng sa Malaita ba ile ba dumellana ka hore ba tla rekisa khokhonate e omisitsweng ebe ba isa tjhelete eo phuthehong e le hore ho ka rekwa motjhini o bapalang divideo, o sa sebetseng ka motlakase. Barababo rona ba ya moo ho nang le Inthanete ba be ba downloada divideo, ebe ba di fa ba bang.

Morabo rona e mong wa United States o ile a re: “Ka tlhaho ke motho ya kgonang ho hopola dintho haeba ke bone ditshwantsho, ditjhate le divideo. Dilemong tse 40 tse fetileng, ke ne ke lokela ho bala ntho hangata e le hore nka e utlwisisa mme ke e hlalosetse ba bang. Kahoo, ke leboha Sehlopha se Busang ka seboka sena se nang le dintshwantsho, ditjhate le divideo. Divideo tsa selelekela sa Mangolo di monate mme ke rata le ditshwantsho tse ka bukaneng ya seboka. Ho a bonahala hore Jehova o hlohonolofaditse tsela ena e ntjha eo le rutang batho ba hae ka yona. Kannete ke a leboha!”

Malawi