GEORGIA | 1924-1990
Ba ile ba Batla Nnete
HO TLOHA dilemong tsa bo1920, haesale Baithuti ba Bibele ba leka ho thusa batho ba batlang ho tseba nnete Georgia. Ka 1924, ho ile ha bulwa ofisi ya lekala Lebanon ka sepheo sa ho thusa batho ba dulang Armenia, Georgia, Syria le Turkey ho tseba nnete.
Ke nnete hore ho ile ha jalwa peo e ngata ya Lentswe la Modimo Georgia, empa ho ne ho sa bonahale tswelopele. (Mat. 13:33) Leha ho le jwalo kamora nako e telele, molaetsa wa Mmuso o ile wa ata mme wa fetola bophelo ba batho ba bangata Georgia.
O ne a Batla ho Bona Toka e Phethahatswa
Vaso Kveniashvili e ne e sa le motjha ha ntwa ya bobedi ya lefatshe e qala. Kaha Georgia e ne e le karolo ya Soviet Union, ntate wa hae o ile a kena lebothong la ntwa la Soviet.
Mme wa Vaso o ne a se a hlokahetse ka nako eo. Kaha Vaso e ne e le yena ya moholo lapeng labo, o ile qala ho utswa e le hore a kgone ho hlokomela bana babo ba mo hlahlamang.Vaso e ile ya eba setho sa sehlopha sa ditsotsi mme a etsa ditlolo tse tebileng tsa molao. O re: “Ke ile ka bona botsotsi bo le molemo ho feta melao ya mmuso.” Leha ho le jwalo, Vaso o ne a batla ntho eo mebuso ya batho e ke keng ya kgona ho mo fa yona. O re: “Ke ne ke labalabela ho bona toka e phethahatswa.”
Hamorao Vaso o ile a kwallwa ka lebaka la diketso tsa hae tsa botlokotsebe mme a iswa kampong ya mosebetsi o boima Siberia. Ha a le moo o ile a kopana le Paki e nngwe ya Jehova e neng e kwalletswe ka lebaka la tumelo ya
yona. Vaso o re: “Ke ile ka fumana seo e leng kgale ke se batla. Re ne re se na dingolwa, empa ke ile ka etsa bonnete ba hore ke ithuta sohle seo Paki ena e neng e mpolella sona.”Ha Vaso a lokollwa ka 1964, o ile a kgutlela Georgia yaba o qala ho batla Dipaki Tsa Jehova. Empa nakong eo o ne a ntse a ngollana mangolo le moraborona ya neng a kwalletswe le yena. Ka bomadimabe mora eo wabo rona o ile a hlokahala yaba Vaso ha a sa kgona ho bua le Dipaki. O ile a ema dilemo tse ka bang 20 pele a kopana le Dipaki hape. Re tla boela re bue ka Vaso hamorao.
Mathata a Fetoha Tlhohonolofatso
Ho kwallwa teronkong ho ile ha fetoha tlhohonolofatso e kgolo ho Valentina Miminoshvili, ya neng a kwalletswe kampong ya mahloriso ya Manazi. Ha a le moo, o ile a kopana le Dipaki Tsa Jehova ka lekgetlo la pele. Ntho e neng e mo kgahla haholo ka Dipaki ke tumelo ya tsona e matla.
O ile a angwa maikutlo haholo ke seo Dipaki di ileng tsa mo ruta sona ka Bibeleng.Ha a kgutlela hae kamora ntwa, Valentina o ile a qala ho bolella ba bang ka seo a ithutileng sona. Empa seo Valentina a neng a se etsa se ile sa mo kenya mathateng. Ba boholong ba ile ba mo ahlolela dilemo tse leshome kampong ya mosebetsi o boima e Russia. Ha a le moo, o ile a boela a kopana le Dipaki Tsa Jehova mme hamorao a kolobetswa.
Ha Valentina a lokollwa kampong ka 1967, o ile a fallela karolong e ka bophirimela ya Georgia, e leng moo a ileng a tswela pele ho ruta batho Bibele ka lekunutu. O ne a sa tsebe hore seo a neng a se etsa se ne se tla arabela thapelo ya motho e mong.
Jehova o ile a Araba Dithapelo Tsa Hae
Ka 1962, Moradiwabo rona Antonina Gudadze o ile a tloha Siberia mme a fallela Georgia ha monna wa hae eo e neng e se Paki a kgutlela ha habo. Antonina o tswaletswe Siberia mme o ile a bolellwa nnete ya Bibele ke Dipaki Tsa Jehova tse neng di isitswe kampong ya mahloriso naheng ya Georgia. Ha Antonina a se a dula Khashuri, e leng motsemoholo o karolong e ka botjhabela ya Georgia, o ile a iphumana a le hole le badumedimmoho le yena.
Antonina o sa ntse a hopola kamoo Jehova a ileng a arabela dithapelo tsa hae kateng. O re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka fumana sephuthelwana se neng se tswa ho mme wa ka Siberia. Ha ke se phutholla ke ile ka fumana dingolwa tsa Bibele di patilwe ka bohlale ka hara sona. Ena ke tsela eo ke ileng ka fumana dingolwa tsa Bibele ka yona ka dilemo tse tsheletseng. Ke ne ke dula ke leboha Jehova ka tataiso, kgothatso le tlhokomelo eo a neng a mpha yona.”
Antonina e ne e le yena feela Paki sebakeng seo. O re: “Ke ne ke dula ke kopa hore Jehova a nthuse ho boela ke kopana le bara le baradibeso. Ka letsatsi le leng, basadi ba babedi ba ile ba kena shopong eo ke neng ke sebetsa ho yona. Ba ile ba mpotsa ba re: ‘Na ke wena Antonina?’ Tsela eo ba neng ba le botswalle ka yona e ile ya hla ya mpontsha hore ke baradibeso. Re ile ra hakana yaba rea lla.”
E mong wa baradi bana ba bo rona e ne e le Valentina Miminoshvili. Antonina o ile a thaba haholo ha a utlwa hore ho na le diboka tse tshwarwang karolong e ka bophirimela ya Georgia! O ne a eya dibokeng hanngwe ka kgwedi mme o ne a lokela ho tsamaya sebaka sa dikhilomithara tse 300 e le hore a fihle teng.
Nnete e ya Ata Karolong e ka Bophirimela ya Georgia
Dilemong tsa bo1960, Dipaki tse neng di hloriswa ke ba boholong dinaheng tsa Soviet Union di ile tsa fallela dibakeng tse sireletsehileng. Moraborona Vladimir Gladyuk le yena o ile a falla. O ile a tloha Ukraine ka 1969, mme a ya Zugdidi e leng karolo e ka bophirimela ya Georgia.
Qalong batho ba neng ba tla Georgia ba ne ba tshwara diboka ka Serussia. Leha ho le jwalo, ha palo ya batho ba buang Segeorgia e ntse e eketseha, ho ile ha etswa tokisetso ya hore ho tshwarwe diboka ka Segeorgia. Mosebetsi wa ho etsa batho barutuwa o ile wa atleha haholo hoo ka August 1970, batho ba 12 ba motseng oo ba ileng ba kolobetswa.
Mathwasong a selemo sa 1972, Vladimir le lelapa la hae ba ile ba fallela karolong e hole e ka bophirimela ho motsemoholo wa Sokhumi e leng sebaka se iphaphathileng ka lewatle la Black Sea. Vladimir o re: “Re ile ra utlwa re matlafetse haholo mme re ile ra leboha Jehova ka hore ebe o ile a re hlohonolofatsa. Phutheho e ile ya hola ka potlako.” Hona ka nako eo ho ile ha tshwarwa Sehopotso motsaneng wa Sokhumi, mme batho ba 45 ba ile ba eba teng ho sona.
“Ke ne ke Mametse ka Hloko”
Babutsa Jejelava, eo hona jwale a seng a na le dilemo tse kabang 90 ke e mong wa batho ba pele ba ileng ba amohela nnete Sokhumi maqalong a 1973. O re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka bona basadi ba bane ba ntse ba qoqa. Ba babedi ba bona e ne e le masistere mme ba bang ba babedi e le Dipaki Tsa Jehova.” Dipaki tseo e ne e le Moradiwabo rona Lyuba, e leng mosadi wa Vladimir Gladyuk, hammoho le Itta Sudarenko e leng pulamadiboho ya Ukraine.
Babutsa o sa ntse a hopola kamoo a neng a ikutlwa kateng ha a ntse a mametse puisano ya basadi bao. O re: “Ke ne ke mametse ka hloko.” E ile ya re ha a utlwa hore Modimo o na le lebitso, o ile a kenella moqoqong mme a kopa ho ipalla taba eo ka Bibeleng. O ile a botsa dipotso tse ngata hoo ba ileng ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba leka ho di araba.
Babutsa o ile a kgathatseha ka hore o ne a ke ke a hlola a ba bona hape, kahoo o ile a ba botsa a re: “Na jwale le tla tsamaya le ntshiye kgerehlwa?”
Moradiwabo rona e mong o ile a re: “Tjhe, re ke ke ra o tlohela. Re tla kgutlela ho wena ka Moqebelo o tlang.”
Ka Moqebelo baradi bao babo rona ba ile ba feela ba ya ho Babutsa! Ba ile ba qala ho ithuta Bibele hanghang. Ho elella qetellong ya thuto, Babutsa o ile a boela a etsa bonnete ba hore ha a lahlehelane le Dipaki tsena. O ile a buela ka pelong a re: ‘Ke fumane batho bana ka thata. Ke lokela ho etsa bonnete ba hore ha ba ntahlehele.’
Babutsa o ile a loha leano. O re: “Ke ne ke tseba hore Lyuba o na le monna, kahoo ke ile ka botsa Itta hore na le yena o na le monna. Itta o ile a re ha a na monna. Ke ile ka thaba haholo ha ke utlwa seo yaba ke re: ‘Tlo dule le nna!
Ke na le dibethe tse pedi mme ho na le lebone mahareng a tsona. Re ka kgona ho sebedisa lebone leo ho bala Bibele le bosiu.’” Itta o ile a dumela ho dula le Babutsa.Ha Babutsa a hopola nako eo o re: “Ka dinako tse ding ke ne ke sa robale bosiu, ke thuisa ka seo ke ithutileng sona. Hang ha ke tlelwa ke potso ke ne ke tsosa Itta ebe ke re: ‘Itta, nka Bibele ya hao. Ho na le ntho eo ke batlang ho o botsa yona!’ Itta o ne a tsoha ebe o re: ‘Ho lokile.’ Kamora moo o ne a phetla Bibele ebe o mpontsha karabo ya potso ya ka.” Kamora matsatsi a mararo feela Itta a dula le yena, Babutsa o ile a qala ho bolella ba bang ditaba tse molemo.
Babutsa o ne a e na le motswalle ya bitswang Natela Chargeishvili. Babutsa o re: “Kaha Natela o ne a e na le tjhelete e ngata, ke ne ke nahana hore e tla mo sitisa ho amohela nnete empa ke ne ke fositse. O ile a qala ho rata nnete kamora hore ke buisane le yena ka lekgetlo la pele.” Kapele feela ba ile ba qala ho bolella metswalle, basebetsimmoho le baahisane ba bona ka seo ba ithutang sona.