Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Barababo rona ba sebokeng, Tbilisi ka 1992

GEORGIA | 1991-1997

“Modimo a Nna a Hodisa.”1 Bakor. 3:⁠6.

“Modimo a Nna a Hodisa.”1 Bakor. 3:⁠6.

Genadi Gudadze e ne e le molebedi wa potoloho dilemong tsa bo1990

GEORGIA e ile ya qala ho ipusa ka selemo sa 1991 ha Soviet Union e ne e fediswa. Leha ho le jwalo meferefere ya dipolotiki le dintwa tsa lehae di ile tsa tswela pele mme sena se ile sa etsa hore bophelo bo be thata. Genadi Gudadze ya sebeleditseng e le molebedi wa potoloho dilemong tseo o re batho ba ne ba ema laeneng letsatsi lohle ba emetse ho tla fuwa dijo.

Ka nako eo, Dipaki di ne di tlwaetse ho buisana le batho ba emeng meleng ena ka molaetsa wa Bibele. Genadi o re: “Dinakong tseo tse boima, batho ba bangata ba ne ba mamela. Ho bonahala motho e mong le e mong a ne a ikemiseditse ho tseba Bibele. Re ile ra fumana mangolo a mangata a nang le diaterese tsa batho ba neng ba thabela ho ithuta Bibele.”

Qetellong ya seboka, bara le baradiba bo rona ba ne ba bala mabitso le diaterese tsa batho ba neng ba kopile hore ba etelwe. Bahweletsi ba ile ba ithaopela ho ba etela.

Ba pakela batho ba fotseng laene ya ho fumana dijo dilemong tsa bo1990

Morabo rona Levani Sabashvili, eo e neng e le moholo Tbilisi, o hopola banyalani ba bang ba neng ba batla ho etelwa. O re “Bahweletsi ba ne ba e na le diaterese tsa batho ba neng ba batla ho etelwa, empa ha hona mohweletsi ya ileng a ithaopela ho etela banyalani bao. Banyalani bao ba ne ba dula hole, ebile boholo ba rona re ne re e na le baithuti ba bangata ba Bibele.”

Kamora dikgwedi tse mmalwa, banyalani bao ba ile ba etsa kopo engwe hape ya ho etelwa. Ha e le hantle ena e ne e le kopo ya boraro, mme lekgetlong lena ba ile ba kopa hore Dipaki di tle e le hore di hloke molato wa madi. (Lik. 20:26, 27) Levani o re: “E ne e le maqalo a selemo se setjha, kahoo re ne re sa etele batho ka nako eo. Empa lekhetlong lena ra bona hore re lokela ho ba etela.

Roini le Nana ba ne ba sa kgolwe, ha hoseng ho hong ho batang ba bona Levani le Morabo rona emong ba ba etetse. E ne e le kgale ba labalabela ho tseba nnete. Hang hang ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Hona jwale Roini le mosadi wa hae Nana ba sebeletsa e le bopulamadiboho hammoho le bana ba bona.

Matsapa a ho Finyella Batho ba Thabelang

Batho ba neng ba sa tswa utlwa molaetsa wa Bibele ba ne ba thabile haholo hoo ba ileng ba sebedisa matla le dintho tsa bona ho thusa ba bang hore le bona ba tsebe ditaba tsena. Le hoja Badri le Marina ba ne ba ena le bana, ba ile ba ya dibakeng tse hole e le hore ba ka thusa batho ba dulang moo hore le bona ba tsebe nnete.

Mafelong a beke, Badri, Marina le bara ba bona e leng Gocha le Levani ba ile ba ya karolong e ntle e dithaba ya Dusheti, leboya ho Tbilisi. Ka dinako tse ding ba ne ba tsamaya dikhilomithara tse ka bang 150 ditseleng tse methinya e le hore ba finyelle dibakeng tse hole.

Ka letsatsi le leng, mosadi e mong o ile a re Badri le Marina ba tle moo a sebeletsang teng. Badri o re: “Re ile ra fumana batho ba 50 ba re emetse! Qalong ke ne ke tshohile, empa kamora ho rapela, ke ile ka buisana le bona ka Matheu kgaolo ya 24 e buang ka matsatsi a ho qetela. Motho e mong o ne a maketse haholo ha a utlwa re mo bolella ditaba tsena, o ile a re ‘Ke hobaneng ha baruti ba rona ba sa re bolelle dintho tsee?’”

Sehopotso se Hapa Thahasello ya Batho

Sehopotso sa lefu la Jesu se ile sa fa Mageorgia a mangata monyetla wa ho utlwa nnete ya Bibele. Ka mohlala, sehopotso se ileng sa ba ha moradiwabo rona Badridze ka 1990 se ile sa kgahla baahisane ba hae haholo.

Ia Badridze o ile a amohela batho ba 200 lapeng la hae bakeng sa sehopotso

Moradiwabo rona Badridze o ile a ithaopela hore Sehopotso se be ntlong ya hae. Bana ba hae ba ile ba mo thusa ho tlosa thepa ka kamoreng e kgolo e le hore ho ho be le sebaka se lekaneng. Empa jwale o ne a tla nka ditulo hokae bakeng sa baeti? Georgia ho ne ho tlwaelehile hore batho ba hire ditulo le ditafole ha ba etsa mekete. Kaha o ile a hira ditulo feela, motho ya hirisang ditulo le ditafole o ile a mo botsa a re: “Ha o batle ditafole? Le tlo jella hokae?”

Moradiaborona Badridze o ile a amohela batho bohle ba neng ba tlile Sehopotsong sa lefu la Jesu. Ho ile ha tla batho ba 200 Sehopotsong seo! Sena se ile sa etsa hore baahisane ba botse dipotso tse ngata ka Dipaki Tsa Jehova.

Sehopotso se sa Lebaleheng

Ka 1992, ho ile ha hirwa diholo tse kgolo e le hore sehopotso se ka ba ho tsona dikarolong tse ngata tsa naha. Davit Samkharadze, o ne a dula Gori, mme o hopola kamoo molebedi wa potoloho a neng a dula a botsa ka ditlhophiso tsa Sehopotso.

Ha mopotolohi eo a utlwa bahweletsi ba ntse ba bua ka ditlhophiso tsa ho tshwara Sehopotso lapeng le leng, o ile a botsa a re: “Ke hobaneng ha le sa batle holo e kgolo e hiriswang?” Kaha holo e hiriswang e nka batho ba 1 000, bahweletsi ba ile ba bona ho sa hlokahale hore ba hire sebaka se seholo jwalo, hobane palo ya bona e ne e feta 100 hanyane.

Mopotolohi o ile a tla ka tlhahiso a re: “Haeba mohweletsi e mong le e mong a tla le batho ba leshome, holo e ka tlala.” Le hoja bahweletsi ba ile ba utlwa tlhahiso ya hae e le thata, ba ile ba etsa boiteko ba ho e latela. Se ileng sa makatsa le ho thabisa bahweletsi ke hore ho ile ha tla batho ba fetang 1 036 Sehopotsong! *

Bopulamadiboho ba Fihla Dibakeng Tse Ding

Ka 1992, ho ne ho ntse ho ena le dibaka tse mmalwa Georgia tseo batho ba Jehova ba so di finyelle ka molaetsa wa Bibele. Kaha moruo wa naha o ne o wele, ho ne ho bonahala ho le thata ho fihla dibakeng tseo.

Tamazi Biblaia, ya neng a dula Georgia bophirima ka nako eo o re: “Mopotolohi o ile a kopana le ba bang ba rona ho tla buisana ka hore na re ka etsang maemong ao. Re ne re sa tsebe hantle hore na bopulamadiboho ba kgethehileng ba tla thuswa jwang. Empa re ne re tseba hore ditaba tse molemo di lokela ho bolelwa ka potlako.” (2 Tim. 4:2) Kahoo ho ile ha kgethwa bopulamadiboho ba 16 ba ileng ba romelwa dibakeng tse sa tswaneng.—Sheba mmapa.

Mmapa o bontshang dibaka tseo bopulamadiboho ba ileng ba romelwa ho tsona ka dikgwedi tse hlano

Ka May 1992, ho ile ha ba le seboka sa dihora tse 3 Tbilisi ho kgothatsa bopulamadiboho ba neng ba tla sebetsa dibaka tseo ka dikgwedi tse hlano. Kgwedi le kgwedi baholo ba ne ba ba etela e le ho ba kgothatsa le ho ba fa dintho tseo ba neng ba di hloka.

Baradibabo rona ba ba babedi e leng Manea Aduashvil le Nazy Zhvania ba ile ba romelwa toropong ya Ozurgeti. Manea, ya neng a le dilemo di 60 ka nako eo o re: “Re ne re tseba hore ho na le motho ya thahasellang ya dulang haufi le Ozurgeti. Hang feela ha re fihla re ile ra hlophisa ho kopana le yena. Ha re fihla lelapeng la mosadi eo, o ne a re emetse hammoho le batho ba bang ba 30 bao a neng a ba memme. Letsatsing leo re ile ra qala dithuto tsa Bibele tse mmalwa.”

Dikgwedi tse latelang di ile tsa e ba le diphello tse ntle. Kamora dikgwedi tse hlano feela batho ba 12 ba ne ba se ba loketse ho kolobetswa!

Boiteko ba Bona bo ile ba ba Tswela Molemo

Barababorona ba babedi ba bopulamadiboho e leng Pavle Abdushelishvili le Paata Morbedadze ba ile ba romelwa sebakeng se bitswang Tsageri. Ke sebaka se tshwareletseng ka thata meetlong le dithutong tsa bohata.

The landscape around Tsageri

Nakwana pele mariha a qala, bopulamadiboho ba neng ba rometswe Tsageri ba ne ba se ba le haufi le ho qeta mosebetsi wa bona, mme Paata o ile a kopuwa ho ya thusa ka mosebetsi wa phetolelo sebakeng se seng. Pavle o ne a lokela ho etsa qeto. O re: “Ke ne ke tseba hore ho qeta mariha Tsageri ho ne ho tla ba thata. Empa dithuto tsa rona di ne di re hloka, kahoo ke ile ka etsa qeto ya ho se tsamaye.”

Pavle o re: “Ke ile ka dula le lelapa le leng motseng oo. Ke ne ke qeta nako e ngata ke le mosebetsing wa boboledi motshehare. Mantsibuya re ne re dula kaofela re iphuthumatsa setofong. Ha e ne e le nako ya hore ke robale, ke ne ke rwala katiba e be ke robala ka kobo e mofuthu.”

Ha hlabula le kena, baholo ba ile ba etela Pavle, mme batho ba 11 ba hlahlobelwa ho ba bahweletsi ba sa kolobetswang. Kamora nakwana ba ile ba kolobetswa.

^ par. 20 Ka 1992, Georgia e ne e se e na le bahweletsi ba 1 869 mme ba 10 332 ba ile ba ba teng Sehopotsong.