Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba bolela ditaba tse molemo seteisheneng sa koloi e tsamayang ka thapo tsa motlakase motseng wa Khulo

GEORGIA

“Lena ke Lefa la Bahlanka ba Jehova.”​—⁠Esa. 54:​17.

“Lena ke Lefa la Bahlanka ba Jehova.”​—⁠Esa. 54:​17.

BAHLANKA ba Jehova ba dulang Georgia, ba sebeditse ka thata ho bolela ditaba tse molemo mme Jehova o hlohonolofaditse mosebetsi wa bona. Ka lebaka leo, ditaba tse molemo di boletswe hoo ekabang naheng yohle ya Georgia.

Ka hodimo: Bahweletsi ba ilo bolela ditaba tse molemo motseng wa Ushguli, o bophahamo ba dimithara tse 2 200 ka hodimo ho lewatle

Le ha ho le jwalo, dilemong tsa morao tjena, bopulamadiboho le bahweletsi ba bang ba bolela ditaba tse molemo esita le ho batho ba dulang tshimong e sa sebetsweng kamehla. Dibakeng tse dithaba, metse le metsana e ka finyellwa feela ha o tsamaya ka koloi e etseditsweng ho hlwa thaba kapa e tsamayang ka dithapo.

Bahweletsi sebakeng se bitswang Svaneti

Ho tloha ka 2009, lekala la Georgia le ile la fa diphutheho tsohle lethathamo la masimo a ka ntle, e le hore bahweletsi ba ka bolela ditaba tse molemo moo. Bahweletsi ba bangata ba ile ba lokela ho itela e le hore ba ka finyella moo.

Ana le Temuri ba Bliadze

Temuri le Ana Bliadze ba ne ba qeta ho nyalana ha ba utlwa hore ho hlokahala bahweletsi ba ilo sebeletsa dibakeng tse dithaba tsa Ajaria. Ba ne ba sa tswa reka setsha ele hore ba ikahele ntlo. Empa ba ile ba kgetha ho e tlohela e le hore ba ka sebeletsa Ajaria.

Ba ile ba qeta beke ba tjhaketse Ajaria. Temuri o hopola seo a ileng a se bona ha a le moo, o re: “Bahweletsi ba moo ba ne ba tsamaya sebaka se se telele e le hore ba fihle metsaneng. Re ne re ena le vene e kgonang ho hlwa thaba kahoo ke ile ka bona hore e ka re thusa haholo ha re le moo.”

Ana o re: “Ho falla ho ne ho se bonolo kaha re ne re tlo siya ba malapa a bo rona le ditho tsa phutheho. Empa Jehova o ile a re hlohonolofatsa.” Temuri le Ana ba qetile dilemo tse fetang tse tharo ba sebeletsa toropong ya Keda, e Ajaria.

Ba Sebetsa ka Matsoho ho Fumana Tjhelete

Bopulamadiboho ba kgethehileng ba nakwana ba ile ba thusa haholo ka ho bolela ditaba tse molemo dibakeng tse kantle. Ha kabelo ya bona e fela, bopulamadiboho ba bang ba ile ba kgetha ho dula moo e le hore ba ka tswela pele le batho ba neng ba ithuta Bibele le bona.

Baradibabo rona ba bopulamadiboho ba babedi, e leng Khatuna Kharebashvili le Khatuna Tsulaia ba ile ba abelwa ho ya sebetsa tshimo e motseng o motle wa Manglisi. Ho ne ho sena Dipaki Tsa Jehova tse dulang moo, le ha ho le jwalo baradi bao ba bo rona ba ile ba atleha haholo. Kgweding ya pele ba ile ba ithuta Bibele le batho ba 9, ya bobedi ba 12 , ya boraro ba 15, ba qetella ba se ba ithuta le ba 18! Ba ile ba kgetha ho dula Manglisi e le hore ba tswele pele ho ithuta le bona.

Ho ne ho hlokahala hore ba etse mosebetsi wa matsoho e le hore ba fumane tjhelete ya ho reka dintho tseo ba di hlokang ha ba ntse ba le moo. Batho ba neng ba etela Manglisi ba ne ba kgahlwa haholo ke dintho tse neng di etswa moo ka ditholwana tsa sefate sa phaene se tsebahalang ka hore se fodisa malwetse a mangata. Kahoo, baradi bao ba bo rona ba ne ba bokelletsa ditholwana tse tala tsa sefate sa phaene ebe ba etsa dintho tse sa tshwaneng tseo ba neng ba ithekisetsa tsona motseng. Ba ne ba sa nahana hore ba ka kgona ho phela ka ho rekisa dintho tseo.

Ka letsatsi le leng moithuti e mong wa Bibele o ile a ba tlisetsa ditsuonyana tsa dikgoho. O ile a ba bolella hore sethole se seng sa hae se behetse mahe a sa tsebe yaba o bona feela se se se tla le ditsuonyana. Moithuti eo o ne a batla ho fa baradibabo rona ditsuonyana tseo kaha jwale di ne di se di le ngata. E mong wa baradi bana ba bo rona o ne a tseba ho fepa le ho hodisa ditsuonyana, kahoo ba ile ba iketsetsa dihoko tsa dikgoho e le hore ba ka di rekisa.

Moradi e mong wa bo rona o re: “Ka thuso ya Jehova, ya bara le baradibabo rona hammoho le ya baithuti ba Bibele, re ile ra kgona ho sebeletsa Manglisi ka dilemo tse hlano.” Hona jwale ho se ho e na le sehlopha sa bara le baradibabo rona moo.

Khatuna Kharebashvili le Khatuna Tsulaia ba Manglisi

Bopulamadiboho ba Ithuta Puo e Nngwe

Dilemong tsa morao tjena, Georgia e ba le batho ba bangata ba tswang dinaheng tse ding. Bopulamadiboho ba bangata ba ile ba hlokomela hore tshimo ya bona e eketsehile. Kahoo ba ile ba ithuta dipuo tse kang Searabia, Seazerbaijani, Senyesemane, Sepersia, Setjhaena le Seturkey.

Ha bopulamadiboho ba bangata ba ntse ba joena dihlopha le diphutheho tsa dipuo tseo, ba bang ba ne ba kgetha ho ya thusa dibakeng tse neng di hloka bahweletsi ba eketsehileng. Giorgi le Gela ba ne ba le dilemo tse ka bang 20 ha ba fallela naheng ya boahisane. Giorgi o re: “Re ne re batla ho fa Jehova se molemo mme ho falla e ne e le monyetla wa hore re etse jwalo.”

Ha Gela a bua ka nako eo a e qetileng a le moo o re: “Ke ile ka ithuta dintho tse ngata ha ke sebeletsa ke le moholo moo. Ruri ho a thabisa ho sebediswa ke Jehova ho thusa ‘dinku tsa hae tse nyenyane.’”—Joh. 21:17.

Giorgi o re: “Ke nnete hore re ne re kopana le diteko, empa re ne re ikemiseditse ho sebeletsa Jehova, re se na pelaelo ya letho. Haele hantle, re ne re etsa seo re neng re tlameha ho se etsa.”

Morabo rona e mong, eo lebitso la hae le yena e leng Gela, o ile a sebeletsa Turkey ka dilemo tse mmalwa. O re: “Ke ne ke thatafallwa ke ho thabela tshebeletso yaka kaha ke ne ke ntse ke ithuta puo ya moo. Le ha ho le jwalo, ha nako e ntse e ya ke ile ka kgona ho buisana le bara le baradibabo rona hammoho le batho ba tshimong ka puo ya bona, jwale ke ile ka qala ho natefelwa.”

Nino, eo e bileng pulamadiboho ka dilemo tse fetang 10 Istanbul, Turkey, o re: “Jehova o ile a ba le nna ho tloha letsatsing la pele feela ke falletse. Ho ithaopela ho sebeletsa naheng e ngwe ho etsa hore o hlahelwe ke dintho tseo hangata re tlwaetseng ho bala ka tsona ‘Bukeng ya Selemo.’”