Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Sekolong sa Bopulamadiboho haufi le Zugdidi

GEORGIA | 1998-2006

Ditlhohonolofatso ‘Nakong e Tshwanelang le Nakong e Dikgathatso.’​​—⁠2 Tim. 4:⁠2.

Ditlhohonolofatso ‘Nakong e Tshwanelang le Nakong e Dikgathatso.’​​—⁠2 Tim. 4:⁠2.

HO TLOHA qetellong ya 1990 ho ya pele, Dipaki tsa Georgia di ile tsa thabela ho bona palo ya bahweletsi le ya batho ba ratang ho ithuta nnete e ntse e eketseha. Ka 1998, batho ba kabang 32 409 ba ile ba eba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste.

Bahweletsi ba bangata, ho akarelletsa le baholo, ba ne ba sa tswa amohela nnete mme ho ne ho e na le dintho tse ngata tseo ba lokelang ho ithuta tsona. Boholo ba bona ba ne ba sa tsebe tsela eo dintho di tsamaiswang ka yona ka phuthehong le mosebetsing wa boboledi. Empa ba ne ba tla fumana kwetliso jwang?

Mokgatlo wa Modimo o Fana ka Tshehetso e Eketsehileng

Arno le Sonja Tüngler ba neng ba tswa Sekolong se Seng sa Gileade se neng se le Germany, ba ile ba romelwa Georgia ka March 1998. Selemong sona seo, Sehlopha se Busang se ile sa dumela hore ho bulwe ofisi ya naha Georgia e neng e tla etellwa pele ke lekala le Russia.

Komiti ya Naha e ile ya qala ho hlokomela mosebetsi wa boboledi. Ha mosebetsi wa boboledi o se o le molaong, dingolwa tsa Bibele di ile tsa tla, di tswa sebakeng se neng se tsejwa e le lekala la Germany. Ba boholong ba ile ba dumela hore ho rekwe dibaka tseo ho tla hahwa Diholo tsa Mmuso tsa Dipaki Tsa Jehova le mehaho ya makala.

Barababo Rona ba a Kwetliswa

Bahweletsi ba bangata ba ne ba se na bolokolohi ba ho bolela ka ntlo le ntlo nakong eo mosebetsi wa boboledi o neng o thibetswe ke mmuso wa Soviet. Arno Tüngler o re: “Bahweletsi ba bangata ba ne ba etsa bopaki ba phatlalatsa, empa boholo ba bona ba ne ba sa tlwaela ho ya ka ntlo le ntlo ebile ba sa khutlele ho batho ba thabelang ho ithuta.”

Arno le Sonja Tüngler

Davit Devidze ya ileng a qala ho sebeletsa ofising ya lekala ka May 1999, o re: “Re ne re lokela ho etsa dintho tse ngata mosebetsing wa boboledi le Bethele. Re ile ra bala ka seo re lokelang ho se etsa empa re sa tsebe hore na re qale kae. Kahoo re ile ra ithuta ka hloko ho barababo rona ba nang le tsebo ba neng ba rometswe ke Sehlopha se Busang.”

Barababo rona ba Georgia ba ile ba qala ho kwetliswa. Kaha batho ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi ba fumana molemo o itseng, barababo rona ba neng ba kwetlisa le bona ba ile ba fumana molemo. (Liprov. 27:17) Ba neng ba tlile ho tla kwetlisa bara le baradibabo rona ba ile ba ithuta ho hongata ho bona.

Barababo Rona ba a Amohelwa

Arno le Sonja ba hopola kamoo ba ileng ba amohelwa hantle kateng matsatsi a se makae ba fihlile Georgia. Bara le baradibabo rona ba sebakeng seo ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho thusa Arno le Sonja ka kabelo ya bona e ntjha.

Sonja o hopola kamoo ba neng ba le mosa kateng. O re: “Banyalani ba bang ba neng ba dula haufi le rona ba ne ba dula ba re tlisetsa dijo tse monate. Moradiwabo rona e mong o ne a re isa tshimong, a re tsebisa ditho tsa phutheho eo re fihletseng ho yona a bile a re bolella ka setso sa Georgia. E mong yena o ile a re ruta Segeorgia.”

Warren le Leslie Shewfelt, ba neng ba rometswe Georgia ba tswa Canada ka 1999, ba re: “Re ile ra kgahlwa haholo ke tsela eo bara le baradibabo rona ba Georgia ba neng ba re rata kateng. Kaofela ha bona esita le bana ba ne ba re bolella hore ba a re rata.”

Barababo rona ba neng ba sebetsa le barumuwa ofising ya naha

Bohle ba neng ba rometswe Georgia ho tswa dinaheng tse ding ha ba a ka ba dumella diteko tsa ho fallela sebakeng se seng ho ba sitisa, ho ena le hoo ba ile ba leka ho bona dintho tse ntle ka batho ba moo. Kaha barumuwa bao ba ne ba ikokobeditse ebile ba le lerato, seo se ile sa etsa hore barababo rona ba Georgia ba ba rate haholo.

Batho ba Ratang Modimo ba Amohela Nnete

Ho theosa le dilemo tsa bo1990, batho ba bangata ba ile ba amohela nnete ya Bibele. Selemong sa 1998 feela, batho ba 1 724 ba ile ba kolobetswa. Ke eng e ileng ya etsa hore batho bangata hakaalo ba Georgia ba amohele nnete ya Bibele?

Tamazi Biblaia, ya ileng a qeta dilemo tse ngata e le molebedi ya tsamayang o re: “Ho rata Modimo ke engwe ya dintho tseo batho ba mona ba di rutwang kamehla. Kahoo ha re ne re ba bolella molaetsa wa Bibele, ba ne ba o thabela.”

Davit Samkharadze, ya neng a ruta Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso o re: “Hangata ha motho a ne a qala ho ithuta Bibele, ba lelapa le baahisane ba ne ba mo sitisa. Boholo ba bona ba ne ba qetella ba se ba ithuta Bibele!”

Ha Molaetsa wa Mmuso wa Modimo o ata, o ile wa fetola bophelo ba batho ba bangata. Ka April 1999, ho ile ha eba le keketseho ya batho ba ithutang Bibele mme ba 36 669 ba ile ba eba teng Sehopotsong.

“Ho na le Bahanyetsi ba Bangata”

Ha Moapostola Pauluse a bua ka mosebetsi wa hae wa boboledi Efese, o ile a re: “Ke buletswe monyako o moholo o isang tshebetsong, empa ho na le bahanyetsi ba bangata.” (1 Bakor. 16:9) Mantswe a hae a hlalosa ka ho hlaka se ileng sa hlahela Dipaki tsa Georgia dikgwedi tse mmalwa ka mora Sehopotso sa 1999.

Ka August selemong sona seo, ditho tsa kereke ya Orthodox e neng e etelletswe pele ke moruti Vasili Mkalavishvili di ile tsa etsa mohwanto wa boipelaetso kgahlanong le Dipaki mme tsa tjhesa dingolwa tsa rona. Sena se ile sa etsa hore Dipaki di hloriswe ka dilemo tse nne.

Ho tloha ka selemo sa 1999, ho ne ho etswa mehwanto kgahlanong le Dipaki Tsa Jehova tsa Georgia, dibuka tsa bona di tjheswa mme ba otlwa

Ka October 17, 1999, sehlopha sa batho ba tjhesehelang bodumedi ba ka bang 200 se ile sa sitisa diboka tse neng di le Tbilisi phuthehong ya Gldani. Ba ile ba otla bohle ba neng ba le moo ka melamu le difapano tsa tshepe mme Dipaki tse ding di ile tsa lemala yaba di iswa sepetlele.

Se utlwisang bohloko ke hore batho bao ha ba a ka ba tshwarwa, mme Dipaki di ile tsa nna tsa hloriswa. Ba boholong pusong ho akarelletsa le Mopresidente Shevardnadze ba ile ba nyatsa diketso tseo tse sehloho empa ha ho a ka ha ba le mehato e nkuwang. Hangata sepolesa se ne se nka nako e telele pele se fihla.

Ka nako e tshwanang setho se seng sa palamente se bitswang Guram Sharadze, se ile sa hlophisa mohwanto kgahlanong le Dipaki. O ile a beha Dipaki molato ka hore ke batho ba kotsi. Ho ne ho bonahala eka ‘dinako tse tshwanelang’ le tse monate tsa ho paka di fedile mme ha re sa tla fumana monyetla hape.

Mokgatlo wa Jehova o Thusa Batho ba Modimo ha ba Hlaselwa

Mokgatlo wa Jehova o ile wa thusa Dipaki tsa Georgia ka nako e loketseng. Barababo rona ba ile ba bolellwa hore na ba ka etsang ha ba hlaselwa. Ba ile ba boela ba hopotswa hore na ke hobaneng ha Bakreste ba nnete ba lokela ho mamella ha ba hloriswa.—2 Tim. 3:12.

Ho ekelletsa moo, mokgatlo wa Jehova o ile wa sireletsa barababo rona mme wa ba emela makgotleng a dinyewe. Morabo rona e mong ya sebetsang Lefapheng la tsa Molao lekaleng la Georgia o re: “Ka dilemo tse nne, re ile ra sebetsana le dinyewe tse fetang 800 ka lebaka la ditlhaselo tsa sehlopha sa Vasili Mkalavishvili. Re ile ra kopa ba boholong pusong le mekgatlo e lwanelang ditokelo tsa botho hore e re thuse. Ntlokgolo ya Dipaki Tsa Jehova e ile ya etsa letsholo le kgahlanong le ditlhaselo tseo empa seo ha se a ka sa thusa.” *

^ par. 30 Haeba o batla dintlha tse eketsehileng ka dinyewe tsa rona, Georgia, sheba Tsoha! ya Senyesemane ya January 22, 2002, leqhephe 18-24.