Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mexico: Ba bala ka Braille

HO BOLELA LE HO RUTA LEFATSHENG LOHLE

America

America
  • PALO YA DINAHA 57

  • PALO YA BAAHI 998 254 087

  • PALO YA BAHWELETSI 4 154 608

  • PALO YA BATHO BA ITHUTANG BIBELE 4 353 152

“Ke Tla Ithuta le Wena”

Ismael ya dulang Mexico o ile a etsa qeto ya ho bala Bibele yohle. Selemong, o ile a kgona ho e bala ka makgetlo a mabedi empa hamorao a foufala. Dilemo hamorao, Ángel eo eleng Paki ya Jehova o ile a kopana le Ismael mme ba qoqa ka ditshepiso tsa Modimo. Ismael o ne a batla ho ithuta empa a re, “Ha ke bone, ha keno kgona ho bala Bibele.”

Ángel o ile a re, “O se ke wa tshwenyeha, ke tla o ruta Braille.”

Ismael o ile a mo botsa, “O tseba Braille?”

Ángel o ile a mo araba ka hore, “Tjhe, empa ke tla ithuta le wena”. Ismael o ne a sa kgolwe hore Ángel a ka etsa seo. Ángel o ile a ya hae, a etsa dipatlisiso ka ho ithuta ho bala Braille yaba o tlela Ismael ditlhaku tsa Braille tse ngotsweng lebokoseng. O ile a qala ho ruta Ismael ho bala Braille. Kamora nakwana, Ismael o ile a ithuta Braille mme a qalella ho bala dingolwa tsa rona. O ne a bile a eya dibokeng kamehla. Hona jwale, Ángel o ithuta Bibele le batho ba 4 ba sa boneng. Ba thabela ho bua ka Paradeise, e leng nako eo mahlo a bona a tlang ho bona.

Ke ne ke sa Bone Hore ke Yena

Viannei e leng moradiwabo rona wa United States ya dilemo tse 14, o re: “Ha re le ka tlelaseng, titjhere e nngwe yaka e ile ya qala ho bua ka taba tsa bodumedi. E ile ya re, re bolele mabitso a dikereke, eitse ha ke re Dipaki Tsa Jehova, baithutimmoho le nna ba ntsheha. Ba ile ba re ba lahla dingolwa tsa rona hobane re ba senyetsa nako ebile e kare ha re na mabaka. Esita le titjhere le yena o ne a bua hampe ka rona.

“Kahoo ke ile ka rapela Jehova hore a mphe matla ke be sebete. Ke ile ka ba bolella hore ha re ba etele hobane re batla ho ba senyetsa nako, ho ena le hoo, Jehova o re romme hore re ba tlisetse keletso e molemo ya Bibele. Yaba ke ba kopa hore ba se ke ba hlola ba lahla dingolwa tsa rona hape, hobane di tla ba thusa bophelong. Titjhere yaka e ile ya kopa tshwarelo, a tshepisa hore nakong e tlang ha Paki e tla hahae, o tla e bulela monyako, a e amohele, a e mamele a be a bale le dingolwa tsa rona. Ke ne ke sa dumele hore ehlile o tla phelela mantswe a hae.

“Dikgweding tse 4 tse latelang, ke ile ka makatswa ke ho mo bona a ntse a di bala. Kamora kgwedi tse 6, o ile a mpatla ha ke le sekolong ho tla nteboha hore ebe ke ile ka mo bolella molaetsa wa Bibele. Ke ne ke sa bone hore ke yena hobane jwale o ne a se a kutile hloho le ditedu. Hona jwale ke mohweletsi ya sa kolobetswang.”

Letsholo la ho Bolela Ditaba Tse Molemo Amazon

Selemong se fetileng, Dipaki Tsa Jehova naheng ya Brazil di ile tsa ya Amazon. Batho ba bangata ba moo ba ne ba so ka ba utlwa ditaba tse molemo ha e sa le e le bona. Ke kahoo Sehlopha se Busang, se ileng sa dumella hore ho be le letsholo la selemo kaofela, la ho bolela ditaba tse molemo moo sehlekehlekeng sa Amazon.

Brazil: Ba bolela ditaba tse molemo Amazon

Ofisi ya lekala e ile ya kgetha ditoropo tse 53 tse haufi le Amazon e le hore bahweletsi ba ditoropo tseo, ba ka isa ditaba tse molemo. Dikgweding tse 4 fela, bahweletsi ba fetang 6 500 ba ile ba itlhahisa ka ho rata.

Bara le baradibabo rona ba 10 ba ile ba qeta matsatsi a 11 ba le toropong e nngwe e ka thoko ya Anamã, moo ho neng ho se na bahweletsi. Ba ile ba fana ka dingolwa tsa Bibele tse fetang 12 500. Ho ekelletsa moo, ba qala ho ithuta Bibele le batho ba ka bang 200, hona jwale ba ithuta le bona ba sebedisa founo. Ba ne ba eba le diboka ha ba ntse ba le moo. Sebokeng sa ho qetela seo ba ileng ba ba le sona, ba ile ba thabela ho bona batho ba 90 ba tlile. Re sa ntse re lebelletse ho utlwa tse monate ka letsholo leo.

O ile a Buella jw.org

Ho tloha dilemong tse 6 tse fetileng, esale Jehizel le Mariana ba dulang naheng ya Venezuela ba kena tlelase e le nngwe. Kaha Jehizel ke e mong wa Dipaki Tsa Jehova, Mariana o ne a dula a mo gwara. Mariana o ne a ithetsa a nahana hore Jehizel ha a kgone ho thabela bophelo. Ka letsatsi le leng, o ile a itjwetsa hore jwale ho lekane yaba o re : “Mariana, o ke o kene websaeteng ya rona ya jw.org. Ebe o kena ho ‘Divideo,’ mme o tobetse ho ‘Batjha.’”

Ha Jehizel a se a le hae, Mariana o ile a mo founela a re “Ke a bona hore na ke hobaneng ha o itshwere hantle tjena.”

Jehizel o ile a nahana hore o se a qadile, yaba o re, “Oh, o qadile hape?”

Mariana o ile a re, “Tjhe, nkeke ka hlola ke o gwara hape. Ke batla ho o leboha, joale ke a hlokomela hore seo ke neng ke se nka e le ho thabela bophelo ha e le hantle ke sona se mpakelang mathata.” Hona jwale, Mariana o se a ithuta Bibele mme o ba teng dibokeng kamehla.

O ile a Botsa Moruti Dipotso

Gérole e ne e le mongodi kerekeng e nngwe e naheng ya Haiti. O ile a kgahlwa haholo ke ha Dipaki di arabela dipotso tsohle tsa hae di sebedisa Bibele. Gérole le moradi wa hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Ka ha ba ne ba rata seo ba ithutang sona, ba ile ba kopa ho etelwa habedi bekeng.

Ka mora dikgwedi tse tharo a ithuta, Gérole o ile a ya ho moruti yaba o mo botsa dipotso tse nne tse latelang: “Jesu e bile Morena ka selemo se fe? Batho ba lokileng ba ya kae ha ba shwa? Ba kgopo bona? Jesu o shwelletse kae, thupeng kapa sefapanong?” Moruti o ile a re a ka kgona ho arabela potso ya bobedi le ya boraro feela. O ile a re: “Dipaki Tsa Jehova di re ke batho ba 144 000 feela ba yang lehodimong. Empa nna ke re, bohle ba etsang thato ya Modimo, ba ya lehodimong. Ba kgopo bona ba ilo tjha diheleng.” Empa moruti o ile a hloleha ho tshehetsa ditaba tsa hae ka Bibele. Gérole o ile a fumana mabaka a eketsehileng a ho tswella pele a ithuta Bibele le Dipaki. Le hoja a qetile dilemo tse 30 kaofela a kena kereke, o ne a sa tsebe letho ka Bibele. Empa o ile a tseba ho hongata ka dikgwedi tse tharo feela a ithuta le Dipaki. Gérole o ile a tlohela kereke, hona jwale yena le moradi wa hae ba kolobeditswe ebile ba ithuta Bibele le batho ba 23 moo ba dulang teng.

Haiti: Gérole le moradi wa hae ba na le batho ba bangata bao ba ithutang Bibele le bona