Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Baithuti ba Bibele ba kopanong, Tacoma, Washington, U.S.A.

Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng​​—⁠1917

Dilemo Tse Lekgolo Tse Fetileng​​—⁠1917

TORA YA HO LEBELA ya Senyesemane ya January 1 ya selemo sa 1917, e ile ya re: “Selemo se setjha se fihla ho ena le dikgohlano le pherekano mme batho ba bangata ba bolailwe.” Ntwa ya  I ya Lefatshe eo ho yona ho ileng ha bolawa batho bangata e ile ya tswela pele ho lwana Europe.

Le hoja Baithuti ba Bibele ba ne ba sa utlwisise hantle hore ho ba Mokreste ya sa nkeng lehlakore dipolotiking ho bolelang, ba ile ba etsa ka hohle hore ba se ke ba kenella ntweng. Ka mohlala, mohlankana e mong ya dilemo di 19 ya bitswang Stanley Willis ya dulang England o ne a ikemiseditse ho se kene ntweng. Pele a hlaha lekgotleng la dinyewe o ile a ngola a re: “Ke thabetse ho fuwa monyetla wa ho hlalosa hore na ke hobaneng ha ke sa ye ntweng. Hoseng, mookamedi e mong wa masole o ile a mpolella hore ke tla laelwa ho apara seaparo sa masole mme ha nka hana ke tla qoswa lekgotleng la masole.”

Ha Stanley a hana ho apara seaparo sa masole o ile a fuwa kotlo ya ho sebetsa mosebetsi o boima teronkong. Le ha ho le jwalo, o ile a mamella. Ka mora dikgwedi tse pedi, o ile a ngola a re: “Moya o halalelang wa Modimo o re thusa hore re mamelle le dintho tseo ba bang ba ke keng ba kgona ho di mamella.” Stanley o ile a sebedisa nako eo a e qetileng teronkong ka bohlale mme a re: “E nngwe ya dintho tseo ke di thabelang mona teronkong ke hore ke fumana nako e lekaneng ya ho rapela, ho bala le ho nahanisisa ka seo ke se badileng.”

Ka mora nako e seng kae, ho ile ha bonahala hore naha ya United States e ikemiseditse ho ya ntweng. Kahoo, ka di 2 April 1917 Mopresidente Woodrow Wilson o ile a tsebisa Lekgotla la Ketsamolao la United States hore naha ya United States e tlo lwana le ya Germany. Ntwa eo e ile ya qala ka mora matsatsi a mane. Bara le baradibabo rona ba United States ba ile ba lokela ho etsa qeto ya hore na ba tla ya ntweng kapa tjhe.

Ka nako eo United States e ne e hloka masole a eketsehileng ka potlako. Kahoo, ka May mmuso o ile wa etsa molao o o fang matla a ho ikgethela banna ba ka yang sesoleng. Hamorao, mmuso o ile wa etsa molao o mong o etsang hore e be tlolo ya molao ha motho a hana ho ya ntweng. Baetapele ba bodumedi ba ile ba sebedisa melao ena ho hlorisa bahlanka ba Jehova.—Pes. 94:20.

Ntwa eo ya lefatshe ha e ya ka ya makatsa Baithuti ba Bibele. Ka dilemo tse ngata ba ne ba rutile batho ka boprofeta ba Bibele bo bontshang hore lefatshe le tla hloka kgotso. Leha ho le jwalo, ba bangata ba ile ba makatswa ke ho se utlwane ho ileng ha eba teng hara Dipaki tse ding.

Mokgatlo wa Modimo o a Hlwekiswa

Ka mora lefu la Morabo rona Charles Taze Russell, ho ile ha tsoha morusu diphuthehong tsa United States. Taba e ka sehlohong e ne e le hore na moetapele ya hlahlamang e tla ba mang. Ka 1884, Morabo rona Russell o ile a ngodisa mokgatlo wa Zion’s Watch Tower Tract Society mme ya eba mopresidente wa ona ho fihlela a hlokahala ka October 1916. Ha Morabo rona Joseph F. Rutherford a kgethwa hore e be moetapele, banna ba bang ba neng ba hlahelletse ka mokgatlong ho akarelletsa le ba bane ba neng ba le botong ya botsamaisi ba ile ba batla ho fuwa ditulo tse phahameng.

Banna bana ba bane hammoho le ba bang ba ne ba sa rate tsela eo Morabo rona Rutherford a tsamaisang dintho ka yona. E nngwe ya dintho tseo ba neng ba di tseka e ne e le hore Paul S. L. Johnson eo e neng e le molebedi ya tsamayang e be moetapele.

Nakwana pele Morabo rona Russell a hlokahala, o ile a etsa ditlhophiso tsa hore Johnson a ye naheng ya England e le moemedi wa mokgatlo. Ha a le moo, o ne a lokela ho bolela ditaba tse molemo, a etele diphutheho a be a fane ka tlaleho ya hore na mosebetsi o ntse o e ya jwang. Ha a fihla ka November 1916, bara le baradibabo rona ba England ba ile ba mo amohela ka diatla tse pedi. Ka bomadimabe, kamohelo eo e ile ya mo mathela hloohong mme a bona hantle hore o lokela ho ba mohlahlami wa Morabo rona Russell.

Ho sa le jwalo, Johnson o ile a inkela molao matsohong mme a tebela ditho tsa lelapa la Bethele la England tse neng di sa dumellane le merero ya hae. O ile a boela a leka ho laola akhaonte ya banka ya mokgatlo e London kahoo Morabo rona Rutherford o ile a mo laela hore a kgutlele United States.

Johnson o ile a fela a kgutlela Ntlokgolo e Brooklyn empa ho ena le hore a mamele ha a kgalemelwa o ile a nna a leka ho susumetsa Morabo rona Rutherford hore a mo dumelle ho kgutlela England. Ha a bona hore o a hloleha, Johnson o ile a leka ho susumetsa boto ya botsamaisi mme ditho tsa boto eo tse nne di ile tsa mo tshehetsa.

Kaha Morabo rona Rutherford o ne a nahana hore ditho tsena tsa boto ya botsamaisi di ka nna tsa leka ho inkela tjhelete ya mokgatlo ka dikgoka jwalokaha Johnson a ile a leka ho etsa ha a le England, o ile a laela hore di lelekwe. Molao o ne o re boto e kgethwa ke ditho tsa mokgatlo hang ka selemo. Le ha ho le jwalo, sebokeng sa selemo le selemo se ileng sa ba ka di 6 January 1917, ho ile ha kgethwa Joseph F. Rutherford, Andrew N. Pierson le William E. Van Amburgh feela. Joseph F. Rutherford o ile a kgethwa hore e be mopresidente, ha Andrew N. Pierson a ile a kgethwa hore e be motlatsi wa hae mme William E. Van Amburgh e ile ya eba mongodi le motshwari wa matlotlo. Ha ho a ka ha kgethwa batho ba tla kwala ditulo tse ding tse nne. Banna ba neng ba le ditulong tseo, e leng ba ileng ba tshehetsa Johnson, ba ne ba kgethilwe dibokeng tse fetileng mme ho bonahala eka ba bang ba ne ba nahana hore e tla ba ditho tsa boto ho isa lefung. Le ha ho le jwalo, kaha ba ne ba sa kgethwa hape sebokeng sa selemo le selemo, ka molao e ne e se e se ditho tsa boto. Kahoo, ka July 1917, Morabo rona Rutherford o ile a sebedisa tokelo ya hae jwaloka mopresidente, hore a kgethe banna ba bane ba tshepahalang hore e be ditho tsa boto.

Ntle ho pelaelo, banna ba ileng ba lelekwa botong ba ile ba kwata haholo yaba ba susumetsa ba bang hore ba ba tshehetse hore e boele e be ditho tsa boto. Empa ba ile ba hloleha. Le hoja Baithuti ba Bibele ba seng bakae ba ile ba ba tshehetsa mme ba etsa mekgatlo e meng, ba bangata ha ba a ka ba ba tshehetsa. Kahoo, ba ile ba sitwa ho kgutlela botong.

Ho ba le Keketseho ho sa Tsotellehe Ditshitiso

Nakong ena ya dikgohlano, Morabo rona Rutherford le barababo rona ba tshepahalang ba sebeletsang Bethele ba ile ba sebetsa ka thata. Palo ya balebedi ba tsamayang e ile ya eketseha ho tloha ho ba 69 ho ya ho ba 93 ha ya bopulamadiboho e ile ya eketseha ho tloha ho ba 372 ho ya ho ba 461. Ho feta moo, ka lekgetlo la pele ho ile ha kgethwa bopulamadiboho ba thusang. Diphuthehong tse ding ho ne ho e na le bopulamadiboho ba thusang ba ka bang 100.

Ka di 17 July 1917, ho ile ha lokollwa buka ya The Finished Mystery ka Senyesemane. Ha selemo se feela, dibuka tseo di ne di se di fedile kahoo ho ile ha etswa odara ya tse ding tse 850 000 khamphaning e printang dibuka. *

Ka selemo sona seo sa 1917, mosebetsi wa ho hlophisa Ofisi ya Lekala o nnileng wa qalwa ke Morabo rona Russell ka 1916 o ile wa fela. Ka December, makasine ya Tora ya ho Lebela ya Senyesemane e ile ya re: “Kaha jwale mosebetsi o se o hlophisitswe hantle, dintho di se di tsamaya ka tsela e loketseng. Ditho tsa Lelapa la Bethele di a hlokomela hore ha di sebeletse Bethele hobane di kgethehile empa hobane e le tlotla e tswang ho Jehova.”

Ka September 1917, makasine ya Tora ya ho Lebela ya Senyesemane e ile ya re: “Ho tloha ka di 1 January ho nnile ha tsamaiswa dingolwa tse ngata ho feta tse ileng tsa tsamaiswa ka January 1916 . . . Ruri bona e bile bopaki bo felletseng ba hore Morena o hlohonolofatsa mosebetsi o etswang mona Ntlokgolo.”

Mosebetsi wa ho Hlwekisa o Tswela Pele

Batho ba neng ba baka morusu ba ne ba se ba tlositswe ka mokgatlong mme divouto tse ileng tsa hlaha makasineng ya Tora ya ho Lebela tse tswang diphuthehong, di ile tsa bontsha hore bara le baradibabo rona ba bangata, ba ne ba tshehetsa Morabo rona Rutherford le banna ba bang ba tshepahalang ba neng ba sebetsa le yena Bethele. Empa diteko di ne di eso fele. Le hoja dintho di qadile hantle ka 1918, batho ba Modimo ba ne ba letetswe ke mahloriso.

^ par. 18 Dingolwa tsa rona di nnile tsa printwa ke dikhamphani tse ka ntle ho fihlela ka selemo sa 1920.