Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Bara le Baradibabo Rona ba Ratehang:

Dilemong tsa bo700 pele ho mehla ya Jesu, moprofeta Ezekiele o ile a bontshwa pono e hlollang ka ho fetisisa. O ile a bona koloi e kgolo, koloi ya lehodimo, e tataiswa ke Jehova Modimo ya Phahameng. Koloi eo e ne e tsamaya ka tsela e makatsang. E ne e matha ka lebelo la lehadima, esita le ha e ne e tjeka, e ne e etsa seo ka ho panya ha leihlo!—Ezek. 1:4, 9, 12, 14, 16-27.

Pono ena ya Ezekiele, e re hopotsa hore koloi yaJehova ya lehodimo e ntse e matha ka lebelo le tshabehang. Selemong sa tshebeletso se fetileng, re bone ka ho hlaka hore Jehova o tataisa mokgatlo wa hae o mona lefatsheng!

Koloi ya lehodimo ya Jehova e ntse e matha ka lebelo le leholo

Mona United States, ditho tsa lelapa la Bethele di nnile tsa phathahana ka mosebetsi wa ho falla. Di ne di tloha Brooklyn, e leng moo ntlokgolo e neng e le teng mme di ya ntlokgolo e ntjha e Warwick, New York. Ha ho a ka ha fella moo feela, ditho tse ding tsa Bethele, di ile tsa ya mefuteng e meng ya tshebeletso. Makala a mang hape lefatsheng lohle, a ntse a phathahane ka mosebetsi wa kaho, wa ho lokisa, wa ho kopanya diofisi tsa makala le wa ho fallela mehahong e metjha. Ho thweng ka wena? Le hoja o sa falle, ntle ho pelaelo o ntse o phathahane ka tsela e itseng.

Sehlopha se Busang se thabile haholo ho bona hore bahlanka ba Modimo lefatsheng lohle, ha e sale ba phathahane mme ba tsamaisana le mokgatlo wa Jehova. Ba bangata ba nnile ba sebeletsa moo ho hlokahalang bahweletsi. Ba bang ba ithuta dipuo tse ding e le hore ba eketse tshebeletso ya bona. Ha ba bang bona, ba lekile mekgwa e meng e metjha ya ho bolela molaetsa wa Bibele, eo ba neng ba sa e tsebe. Re ka bua tsatsi la ba la dikela ka mesebetsi e metle e entsweng ke bara le baradibabo rona lefatsheng lohle. Ho thabisang le ho feta ke hore, bohle, ho akarelletsa ba hodileng hammoho le ba kulang, ba ntse ba matha peisong ena ya bophelo. Ba phathahane tshebeletsong ya Jehova mme ba bontsha ka ho hlaka hore Satane o leshano!​—1 Bakor. 9:24.

Kgodisehang hore Jehova o ananela sohle seo le mo etsetsang sona tshebeletsong. (Baheb. 6:10) Boitelo ba lona bo re hopotsa Abrahama le Sara. Ha Abrahama a le dilemo tse ka bang 70, o ile a tloha Ure e leng naha e ntle ya Bakalde mme a ya Kanana le ba lelapa la hae. Ha a fihla moo, o ne a tla dula ditenteng ka matsatsi ohle a bophelo ba hae. Bona e ne e le boitelo e le kannete!—Gen. 11: 31; Lik. 7:2, 3.

Na le wena o bontsha boitelo bo jwalo? Lona bohle ba ntseng ba sebeletsa Jehova ka botshepehi matsatsing a na a thata, le etsa seo Jesu a ileng a re, re se etse. O ile a re: “Ka hona e yang mme le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moya o halalelang.”—Mat. 28:19.

Mantswe ao Jesu a ileng a a sebedisa, e leng “e yang,” a bontsha hore re lokela ho phathahana, re se ke ra kgaotsa. Ho a thabisa ho bona kamoo le ileng la bontsha hore le utlwisisa hantle mantswe ao a Kreste selemong se fetileng! Kannete Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oo le o etsang wa ho bolela ditaba tse molemo ditjhabeng tsohle.—Mar. 13:10.

Selemong se fitileng, palo ya bahweletsi e bile 8 340 847, mme ka kakaretso bara le baradibabo rona ba nnile ba ithuta Bibele le batho ba 10 115 264 kgwedi le kgwedi. Jwale re a bona hore koloi ya lehodimo e ntse e matha mme le lona ha le batle hore e le siye! Kaha metsotso e jele babedi, e se kgale Jehova o tla tloha a kwala monyako o isang polokong. Ka hona, tswelang pele ka mosebetsi o motle oo le o etsang pele Jehova a re ho lekane.

Ke ho loketseng hakaakang hore ebe temana ya selemo ya 2017 e re: “Tshepa Jehova mme o etse se molemo”! (Pes. 37:3) Haeba o mamela mantswe ao mme o etsa se molemo ka hore o etsetse Jehova tshebeletso e halalelang, o tlabe o bontsha hore o a mo tshepa. Le ka mohla o se ke wa nahana hore o mong. Hopola hore Jesu o ile a re: “Bonang! ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela qetellong ya tsamaiso ya dintho.”—Mat. 28:20.

TEMANA YA SELEMO YA 2017:

“Tshepa Jehova mme o etse se molemo”!

Kgodiseha hore Jehova o tla tswela pele a hlohonolofatsa tshebeletso eo o mo etsetsang yona. Jehova o tseba maemo a rona hantle, kahoo, e bang o etsa ho honyane kapa tjhe, hafeela seo se tswa pelong, Jehova o thaba e le kannete. (2 Bakor. 9:6, 7) Ka hona, tswela pele o matlafatsa kamano ya hao le Jehova ka ho rapela kamehla, ho ithuta lentswe la hae letsatsi le letsatsi, ho ba teng dibokeng kamehla le ho ya mosebetsing wa boboledi.

Diabolose o a tseba hore “o na le nako e kgutshwanyane,” kahoo, o etsa sohle ho re sitisa hore re se ke ra tshepahalla Jehova. (Tšen. 12:12) Eba le setswalle se matla le Jehova e le hore Satane a se ke a o besa wa tuka. (Pes. 16:8) Tsebang hore re le rata haholo mme re a thaba ha le ntse le re thusa mosebetsing ona wa bohlokwa wa Mmuso, matsatsing a na a ho qetela.

Barababo lona,

Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova