Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 10

Fetofetola Modumo wa Lentswe

Fetofetola Modumo wa Lentswe

Liproverbia 8:4, 7

KAKARETSO: Hlakisa dintlha tsa hao hape o bontshe boikutlo ka seo o se buang ka hore o fetofetole modumo, lebelo le botebo ba lentswe la hao.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Fetofetola modumo wa lentswe. Phahamisa lentswe ho hlakisa dintlha tsa hao le ha o kgothatsa bamamedi. Etsa se tshwanang ha o bala mangolo a buang ka dikahlolo tsa Modimo. Theola modumo wa lentswe ha o bua ka ntho e tshosang le ha o batla hore bamamedi ba batle ho tseba ho eketsehileng ka taba.

  • Botebo ba lentswe. Tebisa lentswe ha o bontsha bohlokwa ba taba le ha o hlalosa boholo kapa botelele ba ntho e itseng. Tebisa lentswe ha o bua ka ntho e utlwisang bohloko.

  • Fokotsa kapa o eketse lebelo. Bontsha tjheseho ha o bua ka taba e thabisang. Fokotsa lebelo ha o bua ka dintlha tsa bohlokwa.