Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 11

Mafolofolo

Mafolofolo

Baroma 12:11

KAKARETSO: Bua ka mafolofolo e le hore batho ba o mamele.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Seo o tlo se bua se lokela ho ama pelo ya hao. Ha o ntse o lokisetsa puo ya hao, nahana ka ho teba ka bohlokwa ba molaetsa wa hao. Tseba hore na keng eo o batlang ho bua ka yona e le hore o ka bua ho tswa pelong.

  • Nahana ka bamamedi ba hao. Nahanisisa hore na seo o se balang kapa seo o se rutang, se tla tswela ba bang molemo jwang. Sebedisa ditsela tse tla etsa hore seo o se buang se tswele bamamedi ba hao molemo.

  • Phedisa pua ya hao. Bua ka mafolofolo. Sebedisa mmele, matsoho le sefahleho ka tsela e tla bontsha hore na seo o se buang se o ama jwang.