THUTO YA 12
Kutlwelo Bohloko
1 Bathesalonika 2:7, 8
KAKARETSO: Bua ka tsela e bontshang hore o rata bamamedi ba hao ebile o a ba kgathalla.
SEO O KA SE ETSANG:
-
Nahana ka bamamedi ba hao. Lokisa pelo ya hao ka hore o nahane e sa le pele ka mathata a ba hlahelang. O leke ho nahana ka moo ba ikutlwang ka teng.
-
Kgetha mantswe a hao hantle. Matlafatsa le ho kgothatsa bamamedi ba hao. O se ke wa bua dintho tse tla ba utlwisa bohloko kapa wa bua hampe ka batho ba sa dumeleng ho Jehova le ho bua hampe ka seo ba se dumelang.
-
Bontsha hore o a kgathalla. Tsela eo o buang ka yona le eo o etsang dintho ka yona e lokela ho bontsha hore o kgathalla bamamedi ba hao. Sefahleho sa hao se lokela ho kganya kgotso