Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 13

Hlakisa Dintlha

Hlakisa Dintlha

Liproverbia 3:21

KAKARETSO: Thusa bamamedi ba hao ho utlwisisa hore na sehlooho sa puo ya hao se ba ama jwang le hore na ba ka sebedisa seo ba ithutileng sona jwang.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Nahana ka bamamedi ba hao. Ipotse hore na ke hobaneng ha ba hloka ho utlwa molaetsa wa hao mme o shebe hore na ke dintlha dife tse hlahang puong ya hao tse tla ba thusa.

  • Ha o ntse o tswelapele ka puo, bontsha bamamedi ba hao hore na ba lokela ho etsang. Di sa tloha feela, motho e mong le e mong ya mametseng o lokela hore: ‘Ena e bua le nna.’ Ha o ntse o hlalosa ntlha ka nngwe, bontsha hore na e ka sebediswa jwang. O se ke wa bua o akaretsa.