Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 14

Hatisa Dintlha tsa Bohlokwa

Hatisa Dintlha tsa Bohlokwa

Baheberu 8:1

KAKARETSO: Thusa bamamedi ba hao hore ba tsamaisane le wena ha o ntse o fana ka puo, ba hlakisetse hore na ntlha ka nngwe e amana jwang le sehlooho sa hao.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Morero wa puo. Sheba hore na puo ya hao e reretswe ho bolella batho taba e itseng, ho ba kgodisa kapa ho ba kgothalletsa ho etsa ntho e itseng, ebe o e lokisetsa o nahanne ka seo. Etsa bonnete ba hore o hlalosa dintlha tsa bohlokwa kaofela.

  • Hatisa sehlooho sa puo. Ha o ntse o fana ka puo, nako le nako pheta mantswe a sehlooho sa hao.

  • Etsa hore dintlha tsa bohlokwa di utlwahale. Kgetha feela dintlha tse dumellanang le sehlooho le tseo o ka kgonang ho fana ka tsona ka nako eo o e fuweng. O se ke wa buella dintlha tse ngata tsa sehlooho, hlakisa ntlha e le nngwe ka nako mme o kgefutse hanyane pele o ka fetela ho e nngwe.