Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 15

Bontsha Kgodiseho

Bontsha Kgodiseho

1 Bathesalonika 1:5

KAKARETSO: Bontsha hore o kgodisehile hore taba eo o buang ka yona ke nnete ebile o e nka e le ya bohlokwa.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Lokisetsa hantle. Etsa hore o utlwisise hore na dintlha tsa bohlokwa ke dife le hore na di dumellana jwang le Bibele. Leka ho hlalosa dintlha tsa bohlokwa ka mantswe a bonolo. Ipotse hore na taba eo o e tla thusa bamamedi ba hao jwang. Kopa moya o halalelang.

  • Sebedisa mantswe a bontshang hore o kgodisehile. Ho ena le hore o bale se ngotsweng, sebedisa mantswe a hao. Sebedisa mantswe a bontshang hore o kgodisehile ka seo o se buang.

  • Kgodiseha empa o nahanele batho ba bang. Modumo wa lentswe la hao ebe o loketseng. Sheba bamamedi ha o ntse o fana ka puo.