Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 2

Mokgwa wa ho Qoqa

Mokgwa wa ho Qoqa

2 Bakorinthe 2:17

KAKARETSO: Tsela eo o buang ka yona e lokela ho bontsha hore na o ikutlwa jwang ka sehlooho le ka bamamedi ba hao.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Rapela mme o lokisetse hantle. Kopa Jehova hore a o thuse ho fetisa molaetsa ka tsela e nepahetseng. Tseba hore na ke dintlha dife tseo o batlang ho bua ka tsona. Hlalosa dintlha ka mantswe a hao ho ena le hore o bale se ngotsweng.

  • Bua ho tswa pelong. Ipotse hore na ke hobaneng ha bamamedi ba hloka ho utlwa molaetsa wa hao. Bontsha hore o amehile ka bona. Sena se tla etsa hore tsela eo o emeng ka yona, o tsamaisang matsoho ka yona le ponahalo ya sefahleho, di bontshe mofuthu le botswalle.

  • Sheba bamamedi. Sheba bamamedi ka tsela e bontshang hore o a ba hlompha. Ha o fana ka puo sheba motho a le mong ka nako, ho ena le hore o shebe nqa e le nngwe kapa o leke hoba sheba kaofela ka nako e le nngwe.