Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 3

Sebedisa Dipotso

Sebedisa Dipotso

Matheu 16:13-16

KAKARETSO: Botsa dipotso tse tla etsa hore motho a nahane mme a batle ho tseba dikarabo, bontsha bohlokwa ba sehlooho hape o hatise dintlha tsa bohlokwa.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Etsa hore batho ba batle ho o mamela. Botsa dipotso tse tla etsa hore bamamedi ba nahane mme ba batle ho tseba dikarabo.

  • Bontsha bohlokwa ba sehlooho. Sebedisa dipotso ho thusa bamamedi ba hao hore ba fumane dikarabo.

  • Hatisa dintlha tsa bohlokwa. Botsa potso e tla etsa hore motho a batle ho tseba haholwanyane ka ntlha eo o buang ka yona. Ka mora ho hlalosa dintlha tsa bohlokwa le qetellong ya puo ya hao, botsa bamamedi dipotso tse tla etsa hore ba bone bohlokwa ba puo ya hao.