Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 4

Buella Mangolo Hantle

Buella Mangolo Hantle

Matheu 22:41-45

KAKARETSO: Pele o bala lengolo, hlalosetsa bamamedi hore na ke hobaneng ha o tlo bala lengolo leo.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Ipotse hore na ke hobaneng ha o bala lengolo leo. Bala lengolo ka tsela e tla etsa hore bamamedi ba hao ba utlwisise seo o se buang.

  • Hlalosa hore seo o se buang se tswa ka Bibeleng. Ha o bua le batho ba dumelang ho Modimo, ba hlalosetse hore Bibele ke Lentswe la Modimo, ka ho etsa jwalo, o tla be o ba bontsha hore seo o ba rutang sona ke maikutlo a Modimo.

  • Etsa hore bamamedi ba batle ho tseba hore na lengolo leo le reng. Botsa potso eo lengolo le tla e araba, hlahisa bothata boo lengolo le tla bo rarolla kapa taba eo e leng hore Lengolo le tla e hlakisa.