Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 8

Sebedisa Mehlala

Sebedisa Mehlala

Matheu 13:34, 35

KAKARETSO: Sebedisa mehlala e bonolo, e le hore bamamedi ba hao ba utlwisise dintlha tsa bohlokwa.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Kgetha mehlala e bonolo. Jwalo ka Jesu, sebedisa dintho tse nyane ho hlalosa dintho tse kgolo mme o sebedise dintho tse bonolo ho hlalosa dintho tse thata. O se ke wa bua dintho tse sa hlokahaleng tse ka etsang hore mohlala wa hao o be thata. Etsa bonnete ba hore mohlala wa hao o tsamaisana le seo o se rutang e le hore bamamedi ba hao ba se ke ba sala ba ipotsa dipotso.

  • Nahanela bamamedi ba hao. Kgetha mehlala e buang ka dintho tseo bamamedi ba hao ba di ratang kapa ba di tlwaetseng. Ela hloko hore mehlala ya hao e se ke ya swabisa ba bang kapa ya ba utlwisa bohloko.

  • Hlakisa dintlha tsa bohlokwa. Etsa mohlala dintlheng tsa bohlokwa eseng dintlheng tse nyane. Etsa bonnete ba hore bamamedi ha ba hopole feela mehlala ya hao empa ho na le seo ba ithutang sona ho yona.