Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 4

Letswalo le Molato​—“O Ntlhwekise Esita le Sebeng sa Ka”

Letswalo le Molato​—“O Ntlhwekise Esita le Sebeng sa Ka”

“Ke ile ka fumana mosebetsi o patalang hantle o ileng wa etsa hore bophelo ba lelapa la ka bo be mabothobotho, empa o ile wa boela wa nkenya mathateng. Ke ile ka qala ho keteka matsatsi a phomolo, ka ya dibokeng tsa dipolotiki ka ba ka ya kerekeng. Ke ile ka qeta dilemo tse 40 ke se ke sa kopanele le Dipaki Tsa Jehova. Ha dilemo di ntse di feta, ke ile ka qala ho nahana hore Jehova a ke ke a hlola a ntshwarela. Ke ne ke se ke nka hore ke ba-e-hlotse. Haholoholo hobane ke ne ke tseba nnete yaba ke ikgethela ho tswa tseleng.”​—Martha.

LETSWALO le molato le ka re tetebetsa. Morena Davida o ile a re: “Diphoso tsa ka di fetile hodima hlooho ya ka. Jwaloka mojaro o boima di nkimetse haholo.” (Pesaleme ya 38:4) Bakreste ba bang ba ile ba nna ba sithabetswa ke ho nyahama, ba ipolella hore Jehova a ke ke a ba tshwarela. (2 Bakorinthe 2:7) Na ho etsa qeto e jwalo ho nepahetse? Esita le haeba o entse dibe tse kgolo, na ebe o nka hore o se o le hole le Jehova hoo a ke keng a o tshwarela le ka mohla? Tjhe, ha o hole!

“Tloong Mme re Lokiseng Ditaba Pakeng Tsa Rona”

Jehova ha a lahle baetsadibe ba bakileng. Ha e le hantle, o a ba bitsa! Papisong ya mora ya lehlaswa, Jesu o ile a tshwantsha Jehova le ntate ya lerato eo mora wa hae a ileng a tloha lapeng yaba o ilo phela bophelo ba boitshwaro bo bobe. Ka mora nako, mora eo o ile a etsa qeto ya ho kgutlela lapeng. “Ha a sa ntse a le hole, ntatae a re hedi! mme a mo bona, a susumetswa ke kgauho, yaba o a matha o itihela molaleng wa hae mme o mo aka ka lerato.” (Luka 15:11-20) Na o lakatsa ho ba le kamano e ntle le Jehova empa o tshaba hore ‘o sa ntse o le hole’ haholo le yena? Feela jwaloka ntate ya papisong ya Jesu, Jehova o o rata haholo. O ikemiseditse hore a boele a o amohele.

Empa o ka thuswa keng haeba o dumela hore dibe tsa hao di tebile kapa di ngata hoo Jehova a ke keng a di tshwarela? Re kopa o ke o nahanisise ka memo ena ya Jehova e tlalehilweng ho Esaia 1:​18, e reng: “‘Jwale, tloong mme re lokiseng ditaba pakeng tsa rona,’ ho bolela Jehova. ‘Le hoja dibe tsa lona di ka ba jwaloka sekareleta, di tla sweufala jwaloka lehlwa.’” Ka sebele esita le dibe tseo ho bonahalang eka di ke ke tsa hlakoha jwaloka dae e mmala o mofubedu seaparong se sesweu, Jehova a ka di tshwarela.

Jehova ha a batle hore o dule o tshetshethwa ke letswalo le molato. Jwale o ka etsang e le hore o imolohe mme Modimo a o tshwarele le hore o be le letswalo le hlwekileng? A re ke re hlahlobe mehato e mmedi eo Morena Davida a ileng a e nka. Mohato wa pele, o ile a re: “Ke tla ipolela ho Jehova ka lebaka la ditlolo tsa ka.” (Pesaleme ya 32:5) Hopola hore Jehova o se a ntse a o memme hore o mo atamele ka thapelo le hore o “lokise ditaba” le yena. Amohela memo eo. Bolella Jehova dibe tsa hao mme o mo phetlele sefuba. Kaha Davida o ne a ithutile ka phihlelo ya hae, o ne a ka rapela ka kgodiseho, a re: “Ntlhwekise esita le sebeng sa ka. . . . Modimo, o ke ke wa nyedisa pelo e robehileng le e sithabetseng.”​—Pesaleme ya 51:2, 17.

Mohato wa bobedi, Davida o ile a thuswa ke moprofeta Nathane. (2 Samuele 12:13) Kajeno, Jehova o fane ka baholo ka diphuthehong ba kwetliseditsweng ho thusa baetsadibe ba bakileng hore ba tsosolose setswalle sa bona le Jehova. Ha o kopa thuso ho baholo, ba tla o thusa ka Mangolo le ka dithapelo, tse tlosang boikutlo ba hao ba ho ikgalala mme ba o thuse hore o lokise kamano ya hao le Modimo.​—Jakobo 5:14-16.

Jehova o batla hore o be le letswalo le hlwekileng

“Ho Thaba eo Bofetohedi ba Hae bo Tshwaretsweng”

Ke nnete hore o ka nna wa ikutlwa eka ho ipolela dibe ho Jehova Modimo le ho baholo, ke e nngwe ya dintho tse thata ka ho fetisisa tseo o ka di etsang. Davida le yena o ne a ikutlwa ka tsela eo. O ile a ‘kgutsa’ ka nakwana mme a se ke a ipolela dibe. (Pesaleme ya 32:3) Leha ho le jwalo, hamorao o ile a ananela bohlokwa ba ho ipolela dibe le ho di bakela.

Molemo o ka sehloohong oo Davida a ileng a o fumana ke hore o ile a boela a thaba. O ile a re: “Ho thaba eo bofetohedi ba hae bo tshwaretsweng, eo sebe sa hae se kwahetsweng.” (Pesaleme ya 32:1) O ile a boela a rapela a re: “Jehova, e se eka o ka bula molomo wa ka, e le hore molomo wa ka o ka bolela thoriso ya hao.” (Pesaleme ya 51:15) Davida o ile a susumelletseha ho bolella ba bang ka Jehova kaha o ne a se a imolohile a bile a thabetse hore ebe Modimo o mo tshwaretse.

Jehova o batla hore o be le letswalo le hlwekileng. Hape o batla hore o bolelle ba bang merero ya hae, ka letswalo le kgutsitseng mme o thabile. (Pesaleme ya 65:1-4) Hopola hore o batla hore “dibe tsa lona di hlakolwe, e le hore dinako tse kgathollang di ka tla ho tswa ho Jehova.”​—Liketso 3:19.

Seo ke sona se etsahalletseng Martha. O re: “Mora wa ka o ne a dula a nthomella dimakasine tsa Tora ya ho Lebela le Fadimehang! Lerato la ka ho Jehova le ile le la nna la kgutla hanyane ka hanyane. Ntho e neng e le thata ka ho fetisisa ke ho kopa tshwarelo ya dibe tsohle tseo ke neng ke di entse. Empa qetellong ke ile ka rapela Modimo mme ka mo kopa hore a ntshwarele. Ho a makatsa hore ke ne ke qetile dilemo tse 40 ke le ka thoko ho phutheho ya Jehova. Dintho tsena tseo ke fetileng ho tsona di bontsha ka ho hlaka hore motho o ntse a ka kgutlela ho Modimo esita le ka mora dilemo tse ngata.”