Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 3

Ho Utlwa Bohloko​—Ha re e na le “Sesosa sa Pelaelo”

Ho Utlwa Bohloko​—Ha re e na le “Sesosa sa Pelaelo”

“Moradi wabo rona e mong wa phuthehong ya heso o ile a nketseletsa a re ke utswitse tjhelete ya hae. Ha ba bang ka phuthehong ba utlwa ka taba ena ba ile ba ema le yena. Ha nako e ntse e ya, moradi eo wabo rona o ile a mpolella hore o fumane hore hase nna ya e utswitseng. Le hoja a ile a kopa tshwarelo, ke ne ke ikutlwa hore nke ke ka mo tshwarela ho hang ka seo a nkentseng sona.”​—Linda.

NA LE wena o kile wa ba boemong bo tshwanang le ba Linda ya neng a utlwisitswe bohloko ke modumedi mmoho le yena? Ka maswabi, batho ba bang ba ile ba halefiswa ke seo ba bang ba ba entseng sona hoo ba ileng ba kgaotsa ho kopanela le phutheho. Na seo se kile sa o hlahela?

Na ho na le ya ka Kgonang “ho re Arohanya le Lerato la Modimo”?

Ke nnete hore ho ka nna ha e ba thata ho tshwarela modumedi mmoho le rona ya re foseditseng. Leha ho le jwalo, Bakreste ba lokela ho ratana. (Johanne 13:34, 35) Haeba modumedi mmoho le rona a re foseditse, re utlwa bohloko le ho feta.​—Pesaleme ya 55:12.

Bibele e ya dumela hore ho tla ba le nako eo badumedi mmoho ba tla etsa hore ba bang ba be le “sesosa sa pelaelo.” (Bakolose 3:13) Empa ha seo se re etsahalla, ho ka nna ha e ba thata hore re sebetsane le sona. Na ho na le se ka re thusang? A re ke re hlahlobe melao e meraro ya Mangolo:

Ntate wa rona ya lehodimong o bona dintho tsohle. Jehova o bona dintho tsohle tse re hlahelang, ho akarelletsa le ho tshwarwa ka ho hloka toka hammoho le bohloko boo ho bo bakang. (Baheberu 4:13) Ho phaella moo, Jehova o re utlwela bohloko. (Esaia 63:9) Ha ho mohla a dumellang “matshwenyeho kapa mahlomola” kapa ntho leha e le efe—esita le modumedimmoho le rona ho ‘re arohanya le lerato la hae.’ (Baroma 8:35, 38, 39) Kahoo, le rona ha re a lokela ho dumella ntho leha e le efe kapa motho ho re arohanya le Jehova.

Ho tshwarela motho hase ho lokafatsa seo a se entseng. Ho tshwarela ha ho bolele ho nyenyefatsa, ho lokafatsa kapa ho hlokomoloha phoso eo ba bang ba re etseditseng yona. Hopola hore ha ho mohla Jehova a dumellang sebe, empa o a se tshwarela haeba ho e na le lebaka la ho etsa jwalo. (Pesaleme ya 103:12, 13; Habakuke 1:13) Ha Jehova a re kgothalletsa hore re tshwarele batho ba bang, ha e le hantle o re kopa hore re mo etsise. Ha a “dule a halefile ho isa nakong e sa lekanyetswang.”​—Pesaleme ya 103:9; Matheu 6:14.

Ha re kgaotsa ho tshwara ba bang ka pelo, re itswela molemo. Ka tsela efe? A ko nahane ka mohlala o latelang. A re re mohlomong o phahamisa lejwe le leholo mme o dula o le phahamiseditse hodimo. Qalong o ka nna wa utlwa eka ha le imele. Empa ho tla etsahalang ha o dula o le phahamisitse? O bona eka o ka qeta nako e kae o le phahamisitse? Ha ho pelaelo hore letsoho la hao le ne le tla kgathala haholo! Ke nnete hore boima ba lejwe leo bo ke ke ba fetoha. Empa ha nako e ntse e feta o tla qala ho imelwa le ho feta. Ho tshwara motho ka pelo ho ka o imela ka tsela e tshwanang. Ha re qeta nako e telele re tshwere motho ka pelo, esita leha ho sa bakwa ke ntho e kgolo hakaalo, re ikutlwisa bohloko le ho feta. Hase feela Jehova a re kgothalletsang hore re se ke ra tshwara ba bang ka pelo. Ruri ho etsa jwalo ho molemong wa rona.​—Liproverbia 11:17.

Ha re kgaotsa ho tshwara motho ka pelo, re itswela molemo

“Ke ne ke Utlwa Eka ke Jehova ya Buang le Nna”

Linda o ile a thuswa keng hore a se ke a tshwara badumedi mmoho le yena ka pelo ka lebaka la tsela eo ba neng ba mo tshwere ka yona? E nngwe ya dintho tse mo thusitseng ke hore o ile a thuisa ka Mangolo a buang ka ho tshwarela ba bang. (Pesaleme ya 130:3, 4) Ka ho kgetheha Linda o ile a kgothatswa ke ho tseba hore ha re tshwarela ba bang, Jehova le yena o tla re tshwarela. (Baefese 4:32–5:2) Ha a bolela kamoo mantswe ao a ileng a mo ama kateng, o re: “Ke ne ke utlwa eka ke Jehova ya buang le nna.”

Ha nako e ntse e ya, Linda o ile a kgaotsa ho tshwara ba bang ka pelo. O ile a tshwarela moradi eo wabo rona ya mo foseditseng mme hona jwale ke metswalle e ntshanang se inong. Linda o ntse a sebeletsa Jehova. Kgodiseha hore Jehova o batla hore le wena o etse se tshwanang.