Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 5

Kgutlelang ho “Modisa le Molebedi wa Meya ya Lona”

Kgutlelang ho “Modisa le Molebedi wa Meya ya Lona”

Na o se o kile wa hlahelwa ke a mang a mathata a hlalositsweng bukaneng ee? Haeba ho jwalo, ha o mong. Bahlanka ba bangata ba Modimo ba tshepahalang ba mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele le ba mehleng ena, ba ile ba nna ba hlahelwa ke mathata a kang ao. Jehova o ile a ba thusa hore ba a hlole mme le wena a ka o thusa.

“Ke ile ka qala ho hlokomela hore ha ho mohla Jehova a kileng a ntahla, le hore ke lokela ho kgutlela ho yena”

KGODISEHA hore Jehova o tla o tshehetsa ha o kgutlela ho yena. O tla o thusa hore o sebetsane le matshwenyeho, o lwantshane le ho utlwa bohloko le hore o kgotsofale ka ho feletseng ka lebaka la ho ba le letswalo le hlwekileng. Mohlomong o tla boela o susumelletsehe ho sebeletsa Jehova hammoho le badumedi mmoho le wena. Boemo ba hao bo tla tshwana le ba Bakreste ba mehleng ya baapostola bao moapostola Petrose a ileng a re ho bona: “Le ne le le jwaloka dinku, tse hlahlathelang; empa jwale le kgutletse ho modisa le molebedi wa meya ya lona.”​—1 Petrose 2:25.

Ruri ho kgutlela ho Jehova ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo o ka e etsang. Hobaneng? O tla thabisa pelo ya hae. (Liproverbia 27:11) Jwalokaha o tseba, Jehova o na le maikutlo, kahoo dintho tseo re di etsang di a mo ama. Ke nnete hore Jehova ha a re qobelle hore re mo rate le hore re mo sebeletse. (Deuteronoma 30:19, 20) Moithuti e mong wa Bibele o ile a re: “Ha ho na motho ya ka bulang pelo ya hao, haese wena feela.” Re ka e bula ka ho sebeletsa Jehova ka lerato. Ha re etsa jwalo, re mo fa mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa, e leng botshepehi ba rona mme seo se mo thabisa haholo. Ka sebele, ha ho letho le ka bapiswang le thabo eo re e fumanang ka lebaka la ho sebeletsa Jehova.​—Liketso 20:35; Tšenolo 4:11.

Ho phaella moo, ha o boela o sebeletsa Jehova o tla thabela dithuto tseo a fanang ka tsona. (Matheu 5:3) Ka tsela efe? Lefatsheng ka bophara batho ba ntse ba ipotsa dipotso tse kang, ‘Re phelelang?’ Ba labalabela ho fumana dikarabo tsa dipotso tse mabapi le morero wa bophelo. Jehova o bopile batho ba e na le takatso eo. O re bopetse hore re thabele ho mo sebeletsa. Ha ho na ntho e re thabisang ho feta ho tseba hore re sebeletsa Jehova hobane re mo rata.​—Pesaleme ya 63:1-5.

Kgodiseha hore Jehova o batla hore o kgutlele ho yena. O ka kgodiswa keng? Nahana ka ntlha ena: Ha ho ne ho ngolwa bukana ena ho ile ha rapelwa ka tiyo. Mohlomong o ile wa e fuwa ke moholo ka phuthehong kapa ke modumedi mmoho le wena. Yaba o susumelletseha hore o e bale mme o etse diphetoho. Sena sohle se bontsha hore Jehova ha aa o lebala. Empa ka bonolo o o kgutlisetsa ho yena.​—Johanne 6:44.

Taba ya hore ha ho mohla Jehova a ka lebalang bahlanka ba hae ba lahlehileng, e ya re kgothatsa. Ke sona seo moradi wabo rona Donna, a ileng a se ananela. O ile a re: “Ke ne ke se ke le hole le nnete, empa hangata ke ne ke kgothatswa ke Pesaleme ya 139:23, 24, e reng: ‘Mpatlisise ka hohle, Modimo, mme o tsebe pelo ya ka. Ntlhahlobe, mme o tsebe menahano ya ka e ntlhokisang botsitso. O bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho nna, o ntsamaise tseleng ya nako e sa lekanyetswang.’ Ke ne ke hlokomela ke se ke tsamaela hole le phutheho mme sebaka seo ke leng ho sona hase ntshwanele, hape ke ne ke tseba hore ke lokela ho kgutlela ka mokgatlong wa Jehova. Ke ile ka qala ho hlokomela hore ha ho mohla Jehova a kileng a ntahla, le hore ke lokela ho kgutlela ho yena. Hona jwale ke thabile haholo hore ebe ke ile ka etsa jwalo!”

Jehova o tla o tshehetsa ha o kgutlela ho yena

Re rapela ka tiyo hore le wena o boele o fumane “thabo ya Jehova.” (Nehemia 8:10) O ke ke wa ikwahlaela hore ebe o kgutletse ho Jehova.