Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 4

Ditlamorao Tsa ho Mamela Satane e ile ya e ba Dife?

Ditlamorao Tsa ho Mamela Satane e ile ya e ba Dife?

Adama le Eva ha ba aa ka ba mamela Modimo, kahoo ba ile ba shwa. Genese 3:6, 23

Eva o ile a mamela noha yaba o ja tholwana. Ka mora moo, a fa le Adama, mme le yena a e ja.

Seo ba ileng ba se etsa se ne se fosahetse, e ne e le sebe. Modimo o ile a ba leleka lehaeng la bona la Paradeise.

Bophelo bo ile ba ba thatafalla ba ba ba thatafalla le bana ba bona. Ba ile ba tsofala mme ba shwa. Ha ba a ka ba ya lefatsheng la moya, empa ba ile ba kgaotsa ho phela.

Bafu ha ba phele, ba tshwana le lerole le sa pheleng. Genese 3:19

Re shwa hobane kaofela ha rona re tswa ho Adama le Eva. Bafu ha ba bone, ha ba utlwe ebile ha ba kgone ho etsa letho.—Moeklesia 9:5, 10.

Jehova o ne a sa batle hore batho ba shwe. Haufinyane o tla tsosa bafu. Haeba ba mo mamela ba tla phela ka ho sa feleng.