Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 10

Batho ba Mamelang Modimo ba Tla Fumana Mahlohonolo Afe?

Batho ba Mamelang Modimo ba Tla Fumana Mahlohonolo Afe?

Batho ba bangata ba hlokahetseng ba tla tsosetswa lefatsheng. Liketso 24:15

Nahana feela hore na o tla fumana mahlohonolo afe ka moso haeba o mamela Jehova! O tla fumana bophelo bo phethahetseng; ha ho na motho ya tla kula. Ho ke ke ha ba le batho ba babe mme o tla tshepa motho e mong le e mong.

Ho ke ke ha ba le bohloko, maswabi kapa dillo. Ha ho na motho ya tla tsofala ebe o a shwa.

O tla phela le metswalle ya hao le batho bao o amanang le bona. Bophelo bo tla ba monate Paradeiseng.

Batho ba ke ke ba tshoha letho. Ba tla thaba e le kannete.

Mmuso wa Modimo o tla fedisa mathata ohle. Tšenolo 21:3, 4