Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 9

Paradeise e Tla Tla Neng?

Paradeise e Tla Tla Neng?

Mathata a teng lefatsheng a bontsha hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tlo kenella. Luka 21:10, 11; 2 Timothea 3:1-5

Bibele e ile ya profeta dintho tse ngata tse etsahalang kajeno. E ile ya bolela hore batho e ne e tla ba ba ratang tjhelete, ba sa mameleng batswadi, ba bohale bo tshosang le ba ratang menate.

Ho ne ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, dintwa, dikgaello tsa dijo le malwetse a mangata. Dintho tsena dia etsahala hona jwale.

Ho feta moo, Jesu o ile a bolela hore ditaba tse molemo tsa Mmuso di ne di tla bolelwa lefatsheng lohle.—Matheu 24:14.

Mmuso o tla fedisa bokgopo bohle. 2 Petrose 3:13

Haufinyane Jehova o tla fedisa batho bohle ba kgopo.

Satane le bademona ba tla ahlolwa.

Batho ba mamelang Modimo ba tla pholohela lefatsheng le letjha la ho loka. Ba ke ke ba hlola ba tshaba, ho ena le hoo ba tla tshepana le ho ratana.