Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 1

Re Mamela Modimo Jwang?

Re Mamela Modimo Jwang?

Modimo o bua le rona ka Bibele. 2 Timothea 3:16

Modimo wa nnete o ile a laela batho hore ba ngole menahano ya hae bukeng e le nngwe e halalelang. Buka eo ke Bibele. E bua ka ditaba tsa bohlokwa tseo Modimo a batlang hore o di tsebe.

Modimo o a tseba hore na ke sefe se ka re tswelang molemo ebile ke yena Mohlodi wa bohlale bohle. Ha o mo mamela o tla ba bohlale e le kannete.​—Liproverbia 1:5.

Modimo o batla hore motho e mong le e mong ya lefatsheng a bale Bibele. Hona jwale e fumaneha ka dipuo tse ngata.

Haeba o batla ho mamela Modimo, o lokela ho bala Bibele o be o e utlwisise.

Dibakeng tsohle batho ba a mamela. Matheu 28:19

Dipaki Tsa Jehova di ka o thusa hore o utlwisise Bibele.

Di ruta nnete ka Modimo lefatsheng lohle.

Thuto ena ha e patallwe letho. O ka boela wa ithuta ka Modimo Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova ya sebakeng sa heno.