Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o labalabela ho bona ha ditshepiso tsa Mmuso di phethahala?

KAROLO YA BOSUPA

Ditshepiso Tsa Mmuso—Ho Etsa Hore Dintho Tsohle di be Ntjha

Ditshepiso Tsa Mmuso—Ho Etsa Hore Dintho Tsohle di be Ntjha

O KGA apole e hlabosang sefateng. O utlwa monko wa yona o monate pele o e tshela ka basketeng e ntseng e tlala. O se o qetile dihora tse ngata o ntse o sebetsa, empa o ntse o le mahlahahlaha hore o ka nna wa tswela pele. Mme wa hao o ntse a sebetsa sefateng se pela hao a thabile mme a ntse a qoqa le beng ka lona ba bang ba ntseng ba le thusa ho kotula. O bonahala a le motjha, jwaloka kamoo o neng o mo tseba kateng ha o sa le ngwana. Ho thata ho dumela hore o ile wa mo bona a tsofala ha le sa phela lefatsheng le seng le fetile. O ile wa mo bona ha a ntse a thefulwa ke bokudi, o ne o mo tshwere ka letsoho ha a hlokahala mme o ile wa lla ha a ne a epelwa mabitleng. Empa, ke enwa hammoho le ba bang ba bangata, ba a phela mme ba mafolofolo!

Rea tseba hore nako eo e ya tla. Re tseba seo hobane kamehla ditshepiso tsa Modimo dia phethahala. Karolong ena, re tla hlahloba kamoo tse ding tsa ditshepiso tsa Mmuso di tla phethahala kateng haufinyane, ha ntwa ya Armagedone e ntse e atamela. Re tla boela re bue le ka tse ding tsa ditshepiso tsa Mmuso tse thabisang tse tla phethahala ka mora moo. Re tla thaba hakaakang ha re bona Mmuso wa Modimo o busa lefatshe lohle, o etsa hore dintho tsohle di be ntjha!

KAROLONG ENA

KGAOLO YA 21

Mmuso wa Modimo o Fedisa Dira Tsa Wona

O ka itokisetsa ntwa ya Armagedone hona jwale.

KGAOLO YA 22

Mmuso o Etsa Thato ya Modimo Lefatsheng

O ka kgodiseha jwang hore ditshepiso tsa Jehova di tla phethahala?