Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 14

Re Tshehetsa Mmuso wa Modimo ka Botshepehi Eseng Mmuso Leha e le Ofe

Re Tshehetsa Mmuso wa Modimo ka Botshepehi Eseng Mmuso Leha e le Ofe

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Batho ba Modimo ba bontsha botshepehi Mmusong wa Modimo ka ho se be karolo ya lefatshe

1, 2. (a) Ke molaomotheo ofe o ileng wa nna wa tataisa balatedi ba Jesu ho fihlela mehleng ya rona? (b) Dira tsa rona di ile tsa nna tsa leka jwang ho re hlola, hona diphello e bile dife?

JESU o ile a ema ka pela Pilato, moahlodi ya matla wa mehleng ya Bajuda, yaba o bua ka molaomotheo o ileng wa nna wa tataisa balatedi ba Hae ho fihlela kajeno. O ile a re: “Mmuso wa ka hase karolo ya lefatshe lena. Hoja mmuso wa ka e ne e le karolo ya lefatshe lena, bahlanka ba ka ba ka be ba lwanne hore ho se ke ha nehelanwa ka nna ho Bajuda. Empa, jwale, mmuso wa ka ha o tswe mohloding ona.” (Joh. 18:36) Pilato o ile a ahlolela Jesu lefu empa o ne a sa hlola hobane Jesu o ile a tsoswa bafung. Baemphera ba Mmuso wa Roma o matla ba ile ba leka ho fedisa balatedi ba Kreste empa ha ba a ka ba atleha. Bakreste ba ile ba bolela molaetsa wa Mmuso lefatsheng lohle ka nako eo.—Bakol. 1:23.

2 Ka mora hore Mmuso o thehwe ka 1914, e meng ya mebuso e matla e kileng ya e ba teng e ile ya nna ya leka ho fedisa batho ba Modimo. Empa ha ho le o mong o ileng wa re hlola. Mebuso e mengata le mekgatlo ya dipolotiki e ile ya nna ya re qobella hore re e tshehetse dintweng. Ha e ya ka ya atleha ho etsa hore ho be le dikarohano hara rona. Kajeno, ho na le batho ba tlasa Mmuso oo hoo e ka bang lefatsheng lohle mme re kopane hammoho re le bara ba motho ebile ha re nke lehlakore ditabeng tsa dipolotiki. Sena ke bopaki ba hore Mmuso wa Modimo o a busa le hore Morena Jesu Kreste o ntse a tswela pele ho tataisa, ho hlwekisa le ho sireletsa batho ba tlasa puso ya hae. A re ke re hlahlobe kamoo a etsang sena kateng mme re bone le kamoo ho hlola dinyewe ho re matlafatsang tumelo kateng ha re ntse re tswela pele ho se be “karolo ya lefatshe.”—Joh. 17:14.

Taba e Ileng ya e ba ya Bohlokwa

3, 4. (a) Ho ile ha etsahalang ha Mmuso o thehwa? (b) Na batho ba Modimo ba ne ba utlwisisa ka botlalo taba ya ho se nke lehlakore dintweng? Hlalosa.

3 Ka mora hore Mmuso o thehwe, ntwa e ile ya qhoma lehodimong mme Satane o ile a dihelwa tlase lefatsheng. (Bala Tšenolo 12:7-10, 12.) Ho ile ha boela ha qhoma ntwa lefatsheng mme seo se ile sa leka botshepehi ba batho ba Modimo. Ba ne ba ikemiseditse ho latela mohlala wa Jesu wa ho se be karolo ya lefatshe. Leha ho le jwalo, pele ba ne ba sa utlwisise hore na ho ne ho tla ba boima hakae ho se nke lehlakore ditabeng tsa dipolotiki.

4 Ka mohlala, buka ya botshelela ya Millennial Dawn, * e hatisitsweng ka 1904, e ile ya kgothalletsa Bakreste hore ba qobe ho kena dintweng. Leha ho le jwalo, e ile ya bontsha hore haeba Mokreste a qobeletswe ho ngodisa sesoleng, o lokela ho leka ho kopa ho etsa mosebetsi o mong o sa amaneng le ho ya ntweng. Haeba seo se ne se sa kgonehe mme a romelwa ntweng, o lokela ho etsa bonnete ba hore ha a bolaye motho. Ha a bua ka boemo ba ka nako eo, Herbert Senior ya neng a dula Brithani, ya kolobeditsweng ka 1905, o ile a re: “Ho ne ho e na le pherekano e ngata hara barababo rona mme ho ne ho se na keletso e hlakileng mabapi le hore na ho loketse ho kenela sesole empa o etsa mosebetsi o sa amaneng le ho ya ntweng na.”

5. Makasine ya The Watch Tower ya September 1, 1915 e ile ya etsa hore re utlwisise taba efe ka ho hlaka?

5 Leha ho le jwalo, makasine ya The Watch Tower ya September 1, 1915, e ile ya etsa hore re utlwisise taba ena ka ho hlaka. Ha e bua ka seo buka ya Studies in the Scriptures, e ileng ya se kgothalletsa, makasine eo e ile ya re: “Rea ipotsa hore ho kenela sesole empa re sa bolaye batho ebe hase ho sekisetsa melaomotheo ya Bokreste na.” Empa Mokreste o ne a lokela ho etsang ha a tshoswa ka hore o tla thunngwa haeba a hana ho apara diaparo tsa masole le ho kenela sesole? Sehlooho seo se ile sa re: “Na ha ho molemo ho thunngwa ka lebaka la hore re tshepahalla Morena wa Kgotso le ka lebaka la ho mamela taelo ya Hae, ho e na le ho thunngwa ka lebaka la ho sebeletsa marena a lefatshe le ho a tshehetsa mme ka ho etsa jwalo re bontsha ho se mamele Morena wa rona ya Lehodimong? Re tla kgetha ho shwa ka lebaka la ho tshepahalla Morena wa rona wa Lehodimo.” Ho sa tsotellehe ntlha eo e matla, sehlooho seo se ile sa qetella ka ho re: “Ha re kgothalletse batho hore ba kgethe seo. Re mpa re etsa tlhahiso.”

6. O ithutileng mohlaleng wa Morabo rona Herbert Senior?

6 Barababo rona ba bang ba ile ba utlwisisa ka ho hlaka hore ho kenela sesole ho fosahetse mme ba ile ba itokisetsa ho tobana le mathata. Herbert Senior, ya qotsitsweng ka hodimo o ile a re: “Ho nna ho ne ho se na phapang pakeng tsa ho theola dibetsa sekepeng [ho etsa mosebetsi o sa amaneng le ho ya ntweng] le ho lwana ntweng.” (Luka 16:10) Kaha o ile a hana ho ya sesoleng ka lebaka la bodumedi ba hae, Morabo rona Senior o ile a iswa tjhankaneng. Yena le barababo rona ba bane ba ne ba le hara batho ba 16 ba ileng ba hana ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi, ho akarelletsa le banna ba neng ba tswa madumeding a mang, ba ileng ba hlola tjhankaneng ya Richmond e Brithani mme hamorao sehlopha seo se ile sa bitswa Richmond 16. Ka letsatsi le leng, Herbert le ba bang ba ile ba nkwa ka sekgukgu ka sekepe yaba ba iswa Fora moo ntwa e neng e kupa teng e le hore ba thunngwe. Yena le ba bang ba ile ba behwa ka pela masole empa ha ba a ka ba bolawa. Ho e na le hoo, kahlolo ya bona e ile ya fokotswa hore ba hlole dilemo tse leshome tjhankaneng.

“Ke ile ka utlwisisa hore batho ba Modimo ba lokela ho ba le kgotso le batho bohle, esita le nakong ya ntwa.”—Simon Kraker (Sheba serapa sa 7)

7. Ha Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e qhoma, batho ba Modimo ba ne ba se ba ntse ba utlwisisang?

7 Ha Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e qhoma, batho ba Jehova ba ne ba se ba ntse ba utlwisisa ka ho hlaka hore na ho bolelang ho se nke lehlakore le hore na ba ne ba hloka ho etsang e le hore ba latele mohlala wa Jesu. (Mat. 26:51-53; Joh. 17:14-16; 1 Pet. 2:21) Ka mohlala, makasine ya The Watchtower ya November 1, 1939, e ne e e na le sehlooho sa bohlokwa se reng, “Ho se Nke Lehlakore” mme se ile sa re: “Batho ba selekaneng le Jehova ba tla buswa ke molao wa hore ho hang ba se ke ba nka lehlakore dintweng tsa ditjhaba.” Ha Simon Kraker, eo hamorao a ileng a sebeletsa ntlokgolo e Brooklyn, New York, a bua ka sehlooho seo, o ile a re: “Ke ile ka utlwisisa hore batho ba Modimo ba lokela ho ba le kgotso le batho bohle, esita le nakong ya ntwa.” Dijo tseo tsa moya di ile tsa fanwa ka nako e loketseng mme di ile tsa lokisetsa batho ba Modimo hore ba tobane le mahloriso a maholo ka ho fetisisa ka lebaka la ho tshepahalla ha bona Mmuso.

Ho Tshoswa ke “Noka” ya Kganyetso

8, 9. Boprofeta ba moapostola Johanne bo ile ba phethahala jwang?

8 Moapostola Johanne o ile a profeta hore ka mora hore Mmuso o thehwe ka 1914, noha, Satane Diabolose, e ne e tla leka ho fedisa batshehetsi ba Mmuso wa Modimo ka hore e hlatsa noka ya tshwantshetso molomong wa yona. * (Bala Tšenolo 12:9, 15.) Boprofeta ba Johanne bo ile ba phethahala jwang? Ho tloha dilemong tsa bo 1920 ho ya pele batho ba Modimo ba ile ba hanyetswa le ho feta. Jwaloka barababo rona ba bangata ba neng ba dula Amerika Leboya nakong ya ntwa ya bobedi ya lefatshe, Morabo rona Kraker o ile a lahlelwa tjhankaneng ka lebaka la ho tshepahalla Mmuso wa Modimo. Ha e le hantle, ha ntwa e ntse e kupa, hara batshwaruwa ba bang le ba bang ba bararo ba neng ba tshwerwe ditjhankaneng tsa United States ka lebaka la ho se kenele sesole ka lebaka la bodumedi, ba babedi e ne e le Dipaki Tsa Jehova.

9 Diabolose le baemedi ba hae ba ne ba ikemiseditse ho etsa hore batho ba buswang ke Mmuso ba kgaotse ho tshepahala, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba dula hokae. Ho pholletsa le Afrika, Europe le United States, ba ne ba iswa makgotleng a dinyewe le ka pela batho ba neng ba etsa qeto ya hore na ba lokela ho lokollwa ka parole na. Ka lebaka la hore ba ne ba tiile qetong ya bona ya hore ba ke ke ba nka lehlakore, ba ile ba kenngwa tjhankaneng, ba otlwa le ho kgaolwa ditho. Batho ba Modimo ba Jeremane ba ile ba tobana le kganyetso e matla ka lebaka la ho hana ho tlotla Hitler kapa ho kopanela ntweng. Batho ba ka bang 6 000 ba ile ba kwallwa ditjhankaneng nakong ya puso ya Manazi mme ho ile ha bolawa Dipaki tse fetang 1 600 tsa Majeremane le tseo e seng Majeremane. Ho ntse ho le jwalo, Diabolose o ile a hloleha ho fedisa batho ba Modimo.—Mar. 8:34, 35.

“Lefatshe” le Kwenya “Noka”

10. “Lefatshe” le tshwantshetsa eng, hona le ile la nna la emela batho ba Modimo jwang?

10 Boprofeta ba moapostola Johanne bo ile ba bolela hore “lefatshe,” e leng ba boholong ba neng ba tla emela batho ba Modimo, le ne le tla kwenya “noka” ya mahloriso mme ka ho etsa jwalo le thuse batho ba Modimo. Karolo eo ya boprofeta e phethahetse jwang? Dilemo tse mashome ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, hangata “lefatshe” le ile la nna la emela batshehetsi ba tshepahalang ba Mmuso wa Kreste. (Bala Tšenolo 12:16.) Ka mohlala, makgotla a nang le tshusumetso e matla a ile a nna a sireletsa ditokelo tsa Dipaki Tsa Jehova ha di hana ho kenela sesole le ha di hana ho kenella meketeng ya botjhaba. A re qaleng ka ho hlahloba kamoo Jehova a ileng a etsa hore batho ba hae ba hlole dinyewe tse kgolo tse amanang le taba ya ho kenela sesole.—Pes. 68:20.

11, 12. Morabo rona Sicurella le Thlimmenos ba ile ba kopana le mathata afe, hona phello e ile ya e ba efe?

11 United States. Anthony Sicurella e ne e le e mong wa bana ba tsheletseng ba Dipaki. O ile a kolobetswa a le dilemo di 15. Ha a le dilemo di 21, o ile a ingodisa lefapheng le neng le thaotha masole e le mosebeletsi wa bodumedi. Dilemo tse pedi hamorao ka 1950, o ile a ingodisa hape e se e le ya hanang tshebeletso ya sesole ka lebaka la bodumedi. Le hoja Lefapha la Mmuso la Bofokisi le sa ka la fumana phoso tlalehong ya hae, Lefapha la Toka le ile la mo qosa. Ka mora hore a ise nyewe ena lekgotleng ka makgetlo a mmalwa, Lekgotla le Phahameng la United States le ile la mamela nyewe ya Morabo rona Sicurella mme le ile etsolla qeto eo. Qeto ena ya Lekgotla le Phahameng e ile ya thusa baahi ba bang ba United States hore ba lokolohe ho se kenele tshebeletso ya sesole ka lebaka la bodumedi.

12 Greece. Ka 1983, Iakovos Thlimmenos o ile a qoswa ka hore wa tella ha a sa batle ho apara diaparo tsa sesole mme o ile ahlolelwa ho ya tjhankaneng. Ka mora hore a lokollwe, o ile a batla mosebetsi wa ho boloka dibuka tsa kgwebo empa ha aa ka a o fumana hobane o ne a e na le tlaleho ya hore o kile a ya tjhankaneng. O ile a isa taba ena kgotla, empa ka mora hore nyewe e mo hlole makgotleng a dinyewe a Greece, o ile a ya Lekgotleng la Europe la Ditokelo Tsa Botho (ECHR). Ka 2000, Moifo o Moholo wa Lekgotla la ECHR o neng o e na le baahlodi ba 17, o ile wa emela Iakovos mme seo se ile sa etsa hore ho se ke ha hlola ho e ba le kgethollo. Pele ho qeto ena ya lekgotla, ho ne ho e na le barababo rona ba 3 500 Greece, ba neng ba e na le tlaleho ya hore ba kile ba iswa tjhankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore. Ka mora qeto ena, Greece e ile ya theha molao o ileng wa hlakola ditlaleho tseo tsa hore barababo rona ba kile ba iswa tjhankaneng. Hape, molao o neng o dumella baahi ba Greece ho etsa mosebetsi o mong ho e na le hore ba kenele sesole, o ileng wa thehwa dilemo tse mmalwa pejana, o ile wa tiiswa ha ho ne ho ntjhafatswa Molaomotheo wa Greece.

“Pele ke kena ka kgotla, ke ile ka rapela Jehova ka tiyo mme o ile a nthusa hore ke kgobe matshwafo.”—Ivailo Stefanov (Sheba serapa sa 13)

13, 14. O nahana hore re ithutang dinyeweng tsa Ivailo Stefanov le Vahan Bayatyan?

13 Bulgaria. Ka 1994, Ivailo Stefanov o ne a le dilemo di 19 ha a ne a thaothelwa ho kenela sesole. O ile a hana ho kenela sesole kapa ho etsa mosebetsi o tshehetsang masole. O ile a ahlolelwa ho hlola tjhankaneng ka dikgwedi tse 18, empa o ile a ipiletsa a itshetlehile ka hore o na le tokelo ya ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi. Qetellong nyewe ya hae e ile ya iswa ECHR. Ka 2001, pele nyewe ya hae e mamelwa, ho ile ha fihlelwa tumellano e molemong wa Morabo rona Stefanov. Mmuso wa Bulgaria ha wa ka wa tshwarela Morabo rona Stefanov feela, empa le baahi bohle ba Bulgaria ba neng ba batla ho etsa mosebetsi o mong ntle le ho kenela sesole. *

14 Armenia. Vahan Bayatyan, o ile a qobellwa ho kenela sesole ka 2001. * O ile a hana ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi empa nako le nako ha a ne a ipiletsa makgotleng ho ne ho dihuwa kahlolo e kgahlanong le yena. Ka September 2002, o ile a ahlolelwa ho hlola dilemo tse pedi le halofo tjhankaneng empa o ile a lokollwa ka mora dikgwedi tse leshome le dibeke tse pedi. Nakong eo, o ile a ipiletsa ECHR mme nyewe ya hae e ile ya mamelwa. Leha ho le jwalo, ka la 27 October, 2009, Lekgotla leo le ile la diha kahlolo e kgahlanong le yena. Kahlolo eo e ile ya utlwisa barababo rona ba Armenia bohloko ba neng ba tobane le bothata bo tshwanang. Leha ho le jwalo, Moifo o Moholo wa Lekgotla wa ECHR o ile wa hlahloba nyewe eo hape. Ka la 7 July, 2011, Lekgotla le ile la diha kahlolo e emelang Vahan Bayatyan. Lena e ne e le lekgetlo la pele ECHR e hlokomela hore ho hana ho kenela sesole ka lebaka la bodumedi ho lokela ho sireletswa hobane batho ba na le bolokolohi ba ho nahana, ho etsa dintho ho latela letswalo la bona le bolokolohi ba bodumedi. Qeto eo ha ya ka ya sireletsa ditokelo tsa Dipaki Tsa Jehova feela, empa le ditokelo tsa batho ba makgolo a dimilione ba dulang dinaheng tseo e leng ditho tsa Lekgotla la Europe. *

Bara le baradibabo rona ba Armenia ba tswa teronkong ka lebaka la kahlolo e ileng ya dihuwa ke ECHR

Bothata ba ho Kopanela Meketeng ya Botjhaba

15. Ke hobaneng ha batho ba Jehova ba hana ho kopanela meketeng ya botjhaba?

15 Batho ba Jehova ba tshepahalla Mmuso o buswang ke Kreste eseng feela ka ho hana ho kenela sesole, empa hape le ka hore ka tlhompho ba hane ho kopanela meketeng ya botjhaba. Moya wa botjhaba o ile wa nama lefatsheng lohle, haholoholo ka mora hore Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e qhome. Baahi ba dinaha tse ngata ba ne ba lokela ho ikana hore ba tla tshepahalla dinaha tsa habo bona ka ho phetapheta dikano tse itseng, ka ho bina pina ya setjhaba kapa ka ho dumedisa folakga. Leha ho le jwalo, rona re inehetse ho Jehova ka ho kgetheha. (Ex. 20:4, 5) Ke ka lebaka leo re ileng ra hloriswa haholo. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ile a boela a sebedisa “lefatshe” ho fedisa a mang a mahloriso ao. A re ke re hlahlobe dinyewe tse mmalwa tseo Jehova a ileng a thusa batho ba hae hore ba di hlole a sebedisa Kreste.—Pes. 3:8.

16, 17. Lillian le William Gobitas ba ile ba tobana le bothata bofe, hona o ithutileng nyeweng ya bona?

16 United States. Ka 1940, ke moahlodi a le mong feela ya neng a emela Dipaki ha ba robedi ba ne ba le kgahlanong la tsona Lekgotleng le Phahameng la United States. Ba ile ba diha kahlolo e kgahlanong le Dipaki Tsa Jehova nyeweng e neng e le pakeng tsa Sekolo sa Minersville le lelapa la Gobitis. Lillian Gobitas, * ya neng a le dilemo di 12 le ngwanabo William ya neng a le dilemo di 10, ba ile ba hana ho dumedisa folakga kapa ho etsa kano ya ho tshepahalla naha, kaha ba ne ba batla ho dula ba tshepahala ho Jehova. Ka lebaka leo, ba ile ba lelekwa sekolong. Nyewe ya bona e ile ya iswa ka pela Lekgotla le Phahameng mme Lekgotla le ile la fihlela qeto ya hore seo sekolo se se entseng se ne se le tumellanong le molaomotheo wa naha kaha qeto eo e ne e le molemong wa ho “momahanya setjhaba.” Qeto eo e ile ya etsa hore Dipaki di hloriswe. Bana ba Dipaki ba ile ba lelekwa dikolong, Dipaki di ile tsa lelekwa mesebetsing mme tse ding di ile tsa hlaselwa ke setjhaba. Buka ya The Lustre of Our Country e re, “ho hloriswa ha Dipaki ho tloha ka 1941 ho ya ho 1943 e ile ya e ba tlhaselo e kgolo ka ho fetisisa e neng e le kgahlanong le bodumedi Amerika, dilemong tsa bo 1900.”

17 Tlholo eo ya dira tsa Modimo e ile ya e ba ya nakwana. Ka 1943, Lekgotla le Phahameng le ile la hlahloba nyewe e nngwe e tshwanang le ya ba ha Gobitis. E ne e le pakeng tsa Lefapha la Thuto la West Virginia le lelapa la Barnette. Nyeweng ena, Lekgotla le Phahameng le ile la diha kahlolo e emelang Dipaki Tsa Jehova. E ne e le lekgetlo la pele historing ya United States, Lekgotla le Phahameng le fetola qeto eo le e nkileng kapele jwalo. Ka mora qeto eo ya lekgotla, ho hloriswa ha batho ba Jehova pepenene United States ho ile ha fokotseha haholo. Seo se ile sa etsa hore ditokelo tsa baahi ba United States di sireletswe haholwanyane.

18, 19. Pablo Barros o ile a re o thusitswe keng ho hlola kgatello, hona bahlanka ba bang ba Jehova ba ka etsisa mohlala wa hae jwang?

18 Argentina. Pablo Barros ya dilemo di robedi le moena wa hae Hugo ya dilemo di supileng, ba ile ba lelekwa sekolong ka 1976, ka lebaka la ho se kopanele moketeng wa ho phahamisa folakga. Ka letsatsi le leng, mosuwehlooho o ile a kgothometsa Pablo mme a mo otla hloohong. O ile a re bashanyana bana ba babedi ba dule sekolong hora ka mora hore sekolo se tswe, a leka ho ba qobella hore ba kenelle ditshebeletsong tsa botjhaba. Ha a hopola se ileng sa etsahala, Pablo o ile a re: “Ntle le thuso ya Jehova nkabe ke sa kgona ho hlola kgatello ya hore ke se ke ka tshepahala.”

19 Ha nyewe e iswa lekgotleng, moahlodi o ile a tshehetsa qeto eo sekolo se e entseng ya ho leleka Pablo le Hugo. Leha ho le jwalo, Dipaki di ile tsa ipiletsa Lekgotleng le Phahameng la Argentina. Ka 1979, Lekgotla le ile la fetola qeto ya lekgotla le tlasana mme la re: “Kotlo eo [ho lelekwa] e hanyetsana le tokelo ya ho ithuta (Molao wa 14) le boikarabelo ba Mmuso ba hore bana ba fumane thuto ya mathomo (Molao wa 5).” Ho hlola nyewe eo ho ile ha thusa bana ba Dipaki ba ka bang 1 000. Ba bang ha ba a ka ba lelekwa mme ba bang ba jwaloka Pablo le Hugo, ba ile ba amohelwa hape dikolong.

Batjha ba bangata ba Dipaki ba ile ba tshepahala ha ba lekwa

20, 21. Nyewe e neng e ama Roel le Emily Embralinag, e matlafaditse tumelo ya hao jwang?

20 Philippines. Ka 1990, Roel Embralinag * ya dilemo di 9 le kgaitsedi ya hae Emily ya dilemo di 10, hammoho le bana ba bang ba Dipaki ba ka bang 66, ba ile ba lelekwa sekolong ka lebaka la ho hana ho dumedisa folakga. Ntate wa Roel le Emily, e leng Leonardo, o ile a leka ho buisana le matitjhere, empa ha ba a ka ba mo mamela. Ha maemo a ntse a mpefala, Leonardo o ile a isa taba ena Lekgotleng le Phahameng. Leonardo o ne a se na tjhelete a bile a se na le mmuelli. Lelapa la hae le ile la rapela ka tiyo hore Jehova a le tataise. Bana ba ne ba tswela pele ba songwa le ho hlabiswa dihlong. Leonardo o ne a bona eka a ke ke a hlola nyewe eo hobane o ne a sa tsebe ditaba tsa molao.

21 Qetellong lelapa leo le ile la buellwa ke Felino Ganal, mmuelli ya kileng a sebeletsa khamphani ya babuelli e neng e tumme haholo naheng eo. Ha nyewe ena e qala, Morabo rona Ganal o ne a se a tlohetse mosebetsi oo mme e ne e se e le Paki ya Jehova. Ha nyewe e iswa Lekgotleng le Phahameng, Lekgotla le ile la diha kahlolo e emelang Dipaki mme la hlakola taelo ya hore bana ba lelekwe sekolong. Le lekgetlong lena, batho ba neng ba leka ho thefula botshepehi ba batho ba Modimo ba ile ba hloleha.

Ho se Nke Lehlakore ho Etsa Hore re be Bonngweng

22, 23. (a) Ho tlile jwang hore re hlole dinyewe tse kgolo hakaale? (b) Taba ya hore re na le kgotso re le bara ba motho ba lefatsheng lohle, e pakang?

22 Ho tlile jwang hore batho ba Jehova ba hlole dinyewe tse kgolo hakaale? Ha re batho ba dipolotiki. Leha ho le jwalo, naheng e nngwe le e nngwe le lekgotleng le leng le le leng, baahlodi ba seng leeme ba ile ba nna ba re sireletsa ha bahanyetsi ba rona ba phehella ho re hanyetsa mme dinyewe tseo di sebediswa melaomotheong ya dinaha tseo. Ha ho pelaelo hore Kreste o re tsheheditse hore re hlole dinyewe tseo. (Bala Tšenolo 6:2.) Ke hobaneng ha re ya makgotleng a dinyewe? Hase hore re batla ho fetola molao. Empa morero wa rona ke ho etsa bonnete ba hore re tswela pele re sebeletsa Morena wa rona, Jesu Kreste ntle ho tshitiso.—Lik. 4:29.

23 Hara batho ba arohantsweng ke dintwa tsa dipolotiki le lehloyo, Morena wa rona ya busang, Jesu Kreste, o hlohonolofaditse balatedi ba hae ha ba ntse ba leka ho se nke lehlakore. Satane o hlolehile ho senya bonngwe ba rona. Mmuso o bokeletse batho ba dimilione ba seng ba sa batle ho “ithuta ntwa.” Taba feela ya hore re na le kgotso re le bara ba motho ba lefatsheng lohle ke mohlolo, kaha seo se fana ka bopaki bo ke keng ba hanyetswa ba hore Mmuso wa Modimo o a busa!—Esa. 2:4.

^ ser. 4 Buka ena e boetse e bitswa The New Creation. Hamorao, dibuka tsa Millennial Dawn di ile tsa bitswa Studies in the Scriptures.

^ ser. 8 E le hore o fumane dintlha tse mabapi le boprofeta bona, sheba buka ya Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, kgaolo ya 27, leqepheng la 184-186.

^ ser. 13 Qeto ena e ne e boetse e laela mmuso wa Bulgaria hore o dumelle batho ba hanang ho kenela sesole hore ba etse mosebetsi o mong.

^ ser. 14 E le hore o bale ka tlaleho ena ka ho feletseng, sheba Molula-Qhooa wa November 1, 2012, leqepheng la 29-31.

^ ser. 14 Nakong ya dilemo tse 20, mmuso wa Armenia o ne o se o isitse batjha ba Dipaki ba 450 tjhankaneng. Ka November 2013, wa ho qetela wa bona o ile a lokollwa.

^ ser. 16 Fane ya bona e ile ya ngolwa ka tsela e fosahetseng ditlalehong tsa lekgotla.

^ ser. 20 Fane ya bona e ile ya ngolwa ka tsela e fosahetseng, e le Ebralinag ditlalehong tsa lekgotla.