KGAOLO YA 9
Ditholwana Tsa Mosebetsi Boboledi —“Masimo a Sweufetse . . . Bakeng sa Kotulo”
1, 2. (a) Ke hobaneng ha barutuwa ba ne ba tsielehile? (b) Jesu o ne a bua ka mofuta ofe wa kotulo?
BARUTUWA ba ne ba tsielehile. Jesu o ne a ile a ba bolella sena: “Phahamisang mahlo mme le tadime masimo, hore a sweufetse bakeng sa kotulo.” Ba ile ba tadima sebaka seo Jesu a neng a se supa, leha ho le jwalo ha ba a ka ba bona masimo a sweufetseng empa ba ile bona masimo a matala, e leng mmala wa harese e sa tswa mela. E ka nna yaba ba ile ba ipotsa, ‘Jesu o bua ka kotulo efe? Ho sa ntse ho e na le dikgwedi pele kotulo e tla.’—Joh. 4:35.
2 Leha ho le jwalo, Jesu o ne a sa bue ka kotulo ya sebele. Ho e na le hoo, o ne a sebedisa boemo bona ho ruta barutuwa ba hae dithuto tse pedi tsa bohlokwa tse amanang le kotulo ya moya e leng ho kotulwa ha batho. Dithuto tseo ke dife? E le hore re di tsebe, a re ke re hlahlobe tlaleho ena ka ho eketsehileng.
Ba Kgothalletswa ho Sebetsa Mme ba a Thaba
3. (a) E ka nna yaba keng se ileng sa susumelletsa Jesu hore a re: “Masimo a sweufetse . . . bakeng sa kotulo”? (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe.) (b) Jesu o ile a hlakisa seo a neng a bua ka sona jwang?
3 Jesu o ne a bua le barutuwa ba hae ka selemo sa 30, a le haufi le motse wa Samaria wa Sikare. Ha barutuwa ba kena motseng, Jesu o ile a sala sedibeng moo a ileng a bua le mosadi ka dinnete tsa Mangolo mme kapele mosadi eo o ile a utlwisisa bohlokwa ba dithuto tsa hae. Ha barutuwa ba kgutlela ho Jesu, mosadi eo o ile a kgutlela Sikare ka potlako ho ya bolella baahelani ba hae ka dintho tse hlollang tseo a ithutileng tsona. Baahelani ba hae ba ile ba thabela molaetsa oo haholo hoo ba bangata ba ileng ba potlakela sedibeng ho ya kopana le Jesu. Ho ka etsahala hore ebe ka nako eo, ha Jesu a tadima masimo mme a bona sehlopha sa Basamaria se atamela o ile a re: ‘Tadimang masimo, hore a sweufetse bakeng sa kotulo.’ * Ho bontsha hore o ne a sa bue ka kotulo ya sebele, empa ka ya moya, o ile a re: “Mokotudi o . . . bokella ditholwana bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Joh. 4:5-30, 36.
4. (a) Ke dintho dife tse pedi tseo Jesu a ileng a di ruta mabapi le kotulo ya moya? (b) Re tla tshohla dipotso dife?
4 Ke dintho dife tse pedi tsa bohlokwa tseo Jesu a ileng a di ruta mabapi le kotulo ya moya? Ya pele, mosebetsi o potlakile. Ha Jesu a re “masimo . . . a sweufetse bakeng sa kotulo” o Joh. 4:35b, 36) Feela jwalokaha Jesu a ile a thaba ha a bona “Basamaria ba bangata . . . ba beha tumelo ho yena,” barutuwa ba hae le bona ba ne ba tla thaba haholo ha ba ntse ba etsa mosebetsi wa ho kotula ka moya wohle. (Joh. 4:39-42) Tlaleho ena ya mehleng ya baapostola ke ya bohlokwa bakeng sa rona hobane e bontsha se etsahalang kajeno, nakong eo mosebetsi wa kotulo o leng mongata le ho feta. Mosebetsi wa kotulo wa mehleng ya kajeno o qadile neng? Ke bomang ba o etsang? Diphello e bile dife?
ne a kgothalletsa hore balatedi ba hae ba sebetse. Ha a bontsha barutuwa ba hae kamoo mosebetsi o potlakileng kateng, Jesu o ile a re: “Mokotudi o se a amohela moputso.” Ka sebele mosebetsi wa kotulo o ne o se o qadile, ba ne ba sa lokela ho senya nako! Ya bobedi, basebetsi ba thabile. Jesu o ile a re bajadi le bakotudi ba tla “thaba hammoho.” (Morena wa Rona o Etella Pele Mosebetsi o Moholo ka ho Fetisisa wa Kotulo
5. Ke mang ya etellang pele mosebetsi wa ho kotula lefatsheng, hona pono ya Johanne e bontsha jwang hore mosebetsi o potlakile?
5 Ponong eo a ileng a e fa moapostola Johanne, Jehova o ile a senola hore o kgethile Jesu hore a etelle pele mosebetsi wa ho kotula batho lefatsheng lohle. (Bala Tšenolo 14:14-16.) Ponong ena, Jesu o hlaloswa a rwetse moqhaka mme a tshwere sekele. “Moqhaka wa kgauta hloohong [ya Jesu]” o bontsha hore ke Morena. Athe “sekele e bohale letsohong la hae” e bontsha hore ke Mokotudi. Ha Jehova a ne a sebedisa lengeloi hore le re “dijalo tsa lefatshe di butswitse ka ho phethahetseng,” o ne a bontsha hore mosebetsi o potlakile. Ka sebele, “hora ya ho kotula e fihlile,” kahoo ha rea lokela ho senya nako! Ha Jesu a arabela taelo ya Modimo e reng “akgela sekele ya hao,” o akgela sekele ya hae mme o kotula batho ba lefatsheng. Pono ena e hlollang e boetse e re hopotsa hore “masimo . . . a sweufetse bakeng sa kotulo.” Na pono ye e re thusa ho tseba hore na kotulo ya lefatshe e qadile neng? Ka sebele ho jwalo!
6. (a) “Nako ya kotulo” e ile ya qala neng? (b) ‘Ho kotula dijalo tsa lefatshe’ ho qadile neng? Hlalosa.
6 Kaha pono ya Johanne e ho Tšenolo kgaolo ya 14 e bontsha Jesu, Mokotudi, a rwetse moqhaka (temaneng ya 14), o ne a se a kgethilwe e le Morena ka 1914. (Dan. 7:13, 14) Nakwana ka mora moo, Jesu o ile a laelwa hore a qale mosebetsi wa kotulo (temaneng ya 15). Diketsahalo tse tshwanang di bonwa dipapisong tsa Jesu tse mabapi le kotulo ya koro, moo a reng: “Kotulo ke qetello ya tsamaiso ya dintho.” Kahoo, nako ya kotulo le qetello ya tsamaiso ya dintho di qadile ka nako e le nngwe e leng ka 1914. Hamorao “nako ya kotulo” e ile ya qala. (Mat. 13:30, 39) Kaha re se re utlwisisa ditaba ka ho hlaka, rea hlokomela hore kotulo e qadile dilemo tse seng kae ka mora hore Jesu a qale ho busa e le Morena. Pele, ho tloha ka 1914 ho fihlela qalong ya 1919, Jesu o ile a hlwekisa balatedi ba hae ba tlotsitsweng. (Mal. 3:1-3; 1 Pet. 4:17) Yaba ka 1919, ‘ho kotula dijalo tsa lefatshe’ ho a qala. Ntle ho tshenyo ya nako, Jesu o ile a sebedisa lekgoba le tshepahalang le sa tswa kgethwa hore le thuse barababo rona ho hlokomela hore mosebetsi wa ho bolela o potlakile. Nahana ka se ileng sa etsahala.
7. (a) Barababo rona ba ile ba thuswa ke eng ho hlokomela hore mosebetsi wa boboledi o potlakile? (b) Barababo rona ba ile ba kgothalletswa hore ba etseng?
7 Ka July 1920, makasine ya The Watch Tower e ile ya re: “Ka mora ho hlahloba Mangolo ho hlakile hore kereke e fuwe tokelo ya hore e fane ka molaetsa wa mmuso.” Ka mohlala, mantswe a moprofeta Esaia a ile a thusa barababo rona hore ba hlokomele hore ditaba tsa Mmuso di ne di lokela ho phatlalatswa lefatsheng lohle. (Esa. 49:6; 52:7; 61:1-3) Le hoja ba ne ba sa tsebe hore na ba tla etsa mosebetsi oo jwang, ba ne ba kgodisehile hore Jehova o tla ba bontsha tsela. (Bala Esaia 59:1.) Ha lesedi le ntse le tjhaba mabapi le hore na mosebetsi wa boboledi o potlakile hakae, seo se ile sa susumelletsa barababo rona hore ba tiise le ho feta mosebetsing wa ho bolela. Barababo rona ba ile ba etsang?
8. Ke dintho dife tse pedi mabapi le mosebetsi wa boboledi tseo barababo rona ba ileng ba di utlwisisa ka 1921?
8 Ka December 1921, makasine ya The Watch Tower e ile ya re: “Seo e bile selemo se ileng sa atleha ka ho fetisisa kaha batho ba bangata ba ile ba utlwa molaetsa wa nnete ka 1921 ho feta selemo leha e le sefe.” Makasine eo e ile ya tswela pele ka ho re : “Ho sa na le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa. . . . A re o etseng re thabile.” Hlokomela kamoo barababo rona ba ileng ba utlwisisa dintho tse pedi mabapi le mosebetsi wa ho bolela tseo Jesu a ileng a di ruta baapostola ba hae: Mosebetsi o potlakile le hore basebetsi ba thabile.
9. (a) Ka 1954, keng seo The Watchtower e ileng ya se bua ka mosebetsi wa kotulo, hona hobaneng? (b) Dilemong tse 50 tse fetileng, ho bile le keketseho efe ya bahweletsi? (Sheba tjhate e reng “ Keketseho ya Lefatshe Lohle.”)
9 Dilemong tsa bo 1930, ka mora hore barababo rona ba utlwisise hore bongata bo boholo ba dinku tse ding bo tla amohela molaetsa wa Mmuso, mosebetsi wa boboledi o ile wa eketseha le ho feta. (Esa. 55:5; Joh. 10:16; Tšen. 7:9) Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Palo ya batho ba phatlalatsang molaetsa wa Mmuso e ile ya eketseha ho tloha ho 41 000 ka 1934 ho ya ho 500 000 ka 1953! Makasine ya The Watchtower ya December 1, 1954, e ile ya phethela ka ho re: “Moya wa Jehova le matla a lentswe la hae ke tsona tse re thusitseng hore re finyelle mosebetsi ona wa kotulo ya lefatshe lohle.” *—Zak. 4:6.
Naha |
1962 |
1987 |
2013 |
---|---|---|---|
Australia |
15 927 |
46 170 |
66 023 |
Brazil |
26 390 |
216 216 |
756 455 |
Fora |
18 452 |
96 954 |
124 029 |
Italy |
6 929 |
149 870 |
247 251 |
Japane |
2 491 |
120 722 |
217 154 |
Mexico |
27 054 |
222 168 |
772 628 |
Nigeria |
33 956 |
133 899 |
344 342 |
Philippines |
36 829 |
101 735 |
181 236 |
U.S. of America |
289 135 |
780 676 |
1 203 642 |
Zambia |
30 129 |
67 144 |
162 370 |
1950 |
234 952 |
1960 |
646 108 |
1970 |
1 146 378 |
1980 |
1 371 584 |
1990 |
3 624 091 |
2000 |
4 766 631 |
2010 |
8 058 359 |
Seo Kotulo e Tla se Finyella—Se Bolelwa ka Dipapiso Tse Hlakileng
10, 11. Ke dintlha dife tse mabapi le ho hola ha peo tse totobaditsweng papisong ya thollo ya mosetareta?
10 Dipapisong tseo Jesu a ileng a di etsa tse buang ka Mmuso, o ile a hlalosa ka ho hlaka hore na ho ne ho tla etsahalang ka mora mosebetsi wa kotulo. A re ke re hlahlobe papiso ya thollo ya mosetareta le ya tomoso. Ka ho kgetheha, re tla hlahloba kamoo dipapiso tseo di ileng tsa nna tsa phethahala kateng nakong ya bofelo.
11 Papiso ya thollo ya mosetareta. Motho o ile a jala thollo ya mosetareta. E ile ya hola mme ya fetoha sefate seo dinonyana di fumanang bodulo makaleng a sona. (Bala Matheu 13:31, 32.) Ke dintlha dife tse mabapi le ho hola ha peo tse totobaditsweng papisong ye? (1) Tsela eo peo e holang ka yona e a hlolla. Le hoja e le “nyenyane ka ho fetisisa ho dipeo tsohle,” ya hola mme e ba sefate se ‘hlahisang makala a maholo.’ (Mar. 4:31, 32) (2) Re kgodisehile hore ho tla ba le kgolo. Jesu o ile a re, ‘Ha peo e jetswe, e a hola.’ Ha aa re ‘E ka nna ya hola.’ Ho e na le hoo o ile a re: ‘E a hola.’ Ha ho na ntho e ka e thibelang hore e hole. (3) Ha peo ena e hola e ba sefate se seholo hoo ‘dinonyana tsa lehodimo di kgonang ho fumana bodulo tlasa moriti wa sona.’ Dintlha tsee tse tharo di amana jwang le kotulo ya moya ya kajeno?
12. Papiso ya thollo ya mosetareta e amana jwang le kotulo ya kajeno? (Sheba le tjhate e reng “ Palo e Ntseng e Eketseha ya Dithuto Tsa Bibele.”)
12 (1) Kgolo: Papiso ena e totobatsa ho hola ha molaetsa wa Mmuso le phutheho ya Bokreste. Ho tloha ka 1919, ho ile ha nna ha bokellwa bakotudi ba tjhesehang ka phuthehong ya Bokreste e tsosolositsweng. Ka nako eo, palo ya basebetsi e ne e fokola empa e ile ya eketseha ka potlako. Ha e le hantle, ho tloha qalong ya dilemo tsa bo 1900 ho fihlela kajeno, palo eo e ile ya eketseha ka tsela e hlollang. (Esa. 60:22) (2) Kgodiseho: Ha ho na ntho e ileng ya thibela hore phutheho ya Bokreste e hole. Ho sa tsotellehe hore na peo e ile ya kopana le ditshitiso tse kae, e ile ya nna ya tswela pele ho hola. (Esa. 54:17) (3) Sebaka sa bodulo: “Dinonyana tsa lehodimo” tse fumanang bodulo makaleng a sefate di tshwantshetsa batho ba dimilione ba lokileng ba tswang dinaheng tse ka bang 240 ba ileng ba utlwa molaetsa wa Mmuso mme ba tla ka phuthehong ya Bokreste. (Ezek. 17:23) Ha ba le moo ba ithuta ka Modimo mme ba fumana kgatholoho le tshireletso.—Esa. 32:1, 2; 54:13.
13. Papiso ya tomoso e totobatsa dintlha dife tse amanang le kgolo?
13 Papiso ya tomoso. Ka mora hore mosadi a tshele tomoso hlameng ya bohobe, tomoso eo e bedisa hlama kaofela. (Bala Matheu 13:33.) Ke dintlha dife tse amanang le kgolo tse totobaditsweng papisong ye? A re ke re hlahlobe dintlha tse pedi. (1) Kgolo e etsa hore ho be le diphetoho. Tomoso e ya ata “ho fihlela hlama eo kaofela e betse.” (2) Kgolo e ya nama. Tomoso e bedisa ‘ditekanyo tse tharo tse kgolo tsa phofo’ e leng hlama kaofela. Dintlha tsee tse pedi di amana jwang le kotulo ya moya ya kajeno?
14. Papiso ya tomoso e amana jwang le kotulo ya kajeno?
14 (1) Diphetoho: Tomoso e tshwantshetsa molaetsa wa Mmuso mme hlama e emela moloko wa batho. Feela jwalokaha tomoso e etsa hore ho be le phetoho ka mora hore e kopanngwe le phofo, ka ho tshwanang, molaetsa wa Mmuso o fetola batho ka mora hore ba o utlwe. (Bar. 12:2) (2) Ho nama: Ho ata ha tomoso ho tshwantshetsa ho nama ha molaetsa wa Mmuso. Tomoso e bedisa hlama kaofela. Ka ho tshwanang, molaetsa wa Mmuso o namme “ho isa karolong e holehole ya lefatshe.” (Lik. 1:8) Sena se bontsha hore esita le dinaheng tseo mosebetsi wa rona o thibetsweng, molaetsa wa Mmuso o tla nama, le hoja kgolo eo e sa bonahale.
15. Mantswe a ho Esaia 60:5, 22 a phethahetse jwang? (Sheba lebokose le reng, “ Jehova o Entse Hore ho Kgonehe,” leqepheng la 93 le le reng “ Kamoo ‘ya Fokolang’ a Fetohileng ‘Setjhaba se Matla,’” leqepheng la 96-97.)
15 Dilemo tse ka bang 800 pele Jesu a pheta dipapiso tseo, Jehova o ile a sebedisa Esaia ho bolela esale pele kamoo kotulo e tla ba kgolo kateng le thabo eo kotulo eo e tla e tlisa. * Jehova o hlalosa hore batho ba tla tla mokgatlong wa hae “ba tswa hole.” O itshwantsha le “mosadi” eo kajeno a emelwang ke masala a batlotsuwa ba lefatsheng mme o re: “O tla bona mme ka sebele o tlale thabo, mme pelo ya hao e tla thothomela e kokomohe, hobane leruo la lewatle le tla leba ho wena; maruo a ditjhaba a tla tla ho wena.” (Esa. 60:1, 4, 5, 9) Mantswe ao ke nnete hakaakang! Ka sebele kajeno batho ba nang le nako e telele ba sebeletsa Jehova, ba thabile haholo ha ba hlokomela kamoo palo ya bahweletsi ba Mmuso dinaheng tsa bona e eketsehileng kateng, ho tloha ho ba mmalwa ho fihla ho ba dikete tse ngata.
Ke Hobaneng ha Bahlanka Bohle ba Jehova ba e na le Lebaka la ho Thaba?
16, 17. Lebaka le leng leo ‘mojadi le mokotudi ba thabang hammoho’ ka lona ke lefe? (Sheba le lebokose le reng “ Kamoo Dipampitshana Tse Pedi di Ileng Tsa Ama Batho ba Babedi Amazon.”)
16 Hopola hore ha Jesu a ne a bua le baapostola ba hae o ile a re: “Mokotudi o . . . bokella ditholwana bakeng sa bophelo bo sa feleng, e le hore mojadi le mokotudi ba ka thaba hammoho.” (Joh. 4:36) Re ka “thaba hammoho” jwang kotulong ya lefatshe lohle? Ka ditsela tse ngata. A re ke re hlahlobe tse tharo.
17 Ya pele, rea thaba ha re bona seo Jehova a se entseng mosebetsing ona. Ha re bolela molaetsa wa Mmuso, re jala peo. (Mat. 13:18, 19) Ha re thusa motho e mong hore e be morutuwa wa Kreste, re kotula ditholwana. Kaofela ha rona re thabiswa ke hore Jehova o entse hore peo ya Mmuso e “nne e mele, e be e hole.” (Mar. 4:27, 28; Bibele ya Sesotho) Peo e nngwe eo re e jalang e hola hamorao mme e kotulwa ke ba bang. E ka nna yaba o ile wa hlahelwa ke ntho e tshwanang le ya Joan, moradi wabo rona ya dulang Brithani ya ileng a kolobetswa dilemo tse 60 tse fetileng. O ile a re: “Ke ile ka nna ka kopana le batho ba ileng ba mpolella hore ke ile ka jala peo dipelong tsa bona ha ke ne ke ba bolella molaetsa dilemo tse ngata tse fetileng. Dipaki tse ding di ile tsa ithuta Bibele le bona ke sa tsebe mme batho bao e ile ya e ba bahlanka ba Jehova. Ke thabiswa ke hore peo eo ke ileng ka e jala e ile ya hola mme ya kotulwa.”—Bala 1 Bakorinthe 3:6, 7.
18. Ke lebaka lefe le tlalehilweng ho 1 Bakorinthe 3:8 le etsang hore re thabe?
18 Ya bobedi, re dula re thabile ha re hopola seo Pauluse a ileng a se bua ha a re: “Motho e mong le e mong o tla amohela moputso wa hae ho ya ka mosebetsi wa hae.” (1 Bakor. 3:8) Motho o fumana moputso ho latela mosebetsi wa hae eseng ho latela seo a se finyellang mosebetsing oo. Mantswe ao a kgothatsa hakaakang ho batho ba sebetsang tshimo eo batho ba bangata ba sa thabeleng molaetsa! Mahlong a Modimo, Paki e nngwe le e nngwe e etsang mosebetsi wa ho jala e ‘beha ditholwana tse ngata’ mme e ya thaba.—Joh. 15:8; Mat. 13:23.
19. (a) Ho latela boprofeta ba Jesu bo ho Matheu 24:14, keng se re thabisang? (b) Re lokela ho dula re hopola eng haeba re sa atlehe ho etsa barutuwa?
19 Ya boraro, re thabiswa ke hore mosebetsi wa rona o phethahatsa boprofeta. Nahana ka karabo eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae ha ba ne ba botsa ba re: “Pontsho e tla ba efe ya ho ba teng ha hao le ya qetello ya tsamaiso ya dintho?” O ile Mat. 24:3, 14) Kahoo, ho bolela ka Mmuso, e leng ho jala peo, ke yona pontsho. Ha re ntse re bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso, re dula re hopola hore le hoja re sa atlehe ho etsa barutuwa, rea atleha hobane re fana ka “bopaki.” * Ho sa tsotellehe hore na batho ba arabela jwang, re phethahatsa boprofeta ba Jesu mme re na le tlotla ya ho sebetsa re le “basebetsimmoho le Modimo.” (1 Bakor. 3:9) Leo ke lebaka le leholo hakaakang la ho thaba!
a ba bolella hore e nngwe ya dipontsho e ne e tla ba mosebetsi wa boboledi o neng o tla etswa lefatsheng lohle. Na o ne a bua ka mosebetsi wa ho etsa barutuwa? Tjhe. O ile a re: “Ditaba tsena tse molemo tsa mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki.” (“Ho Tloha Botjhaba Tsatsi Esita le ho Isa Bophirima Tsatsi”
20, 21. (a) Mantswe a ho Malakia 1:11 a phethahala jwang? (b) O ikemiseditse ho etsang mabapi le mosebetsi wa kotulo, hona hobaneng?
20 Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a thusa baapostola ba hae hore ba hlokomele hore mosebetsi wa ho kotula o ne o potlakile. Ho tloha ka 1919 ho ya pele, Jesu o ile a nna a thusa barutuwa ba hae ba mehleng ena hore ba hlokomele se tshwanang. Batho ba Modimo ba entse seo ka hore ba ikitlaetse ka matla mosebetsing ona. Ha e le hantle, ha ho letho le ka thibelang mosebetsi wa kotulo. Jwalokaha moprofeta Malakia a ile a bolela, mosebetsi wa boboledi o etswang kajeno o etswa “ho tloha botjhaba tsatsi esita le ho isa bophirima tsatsi.” (Mal. 1:11) Ka sebele, ho tloha botjhaba tsatsi ho ya bophirima tsatsi, ho sa tsotellehe hore na ba hokae, bajadi le bakotudi ba sebetsa le ho thaba hammoho. Hape, ho tloha botjhaba tsatsi ho ya bophirima tsatsi, ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya, kapa letsatsi lohle, re sebetsa re potlakile.
21 Kajeno ha re nahana ka dilemo tse 100 tse fetileng mme re bona kamoo sehlopha sa bahlanka ba Modimo se senyenyane se ileng sa hola mme ya e ba “setjhaba se matla,” ka sebele dipelo tsa rona dia ‘thothomela le ho kokomoha’ ke thabo. (Esa. 60:5, 22) E se e ka thabo eo le lerato la rona ho Jehova, “Monga kotulo,” di ka susumelletsa e mong le e mong wa rona ho tswela pele a kenya letsoho ho phetheng mosebetsi o moholo ka ho fetisisa wa kotulo!—Luka 10:2.
^ ser. 3 E ka nna yaba ha Jesu a ne a bolela hore ‘masimo a sweufetse’ o ne a bua ka mokgwa o sa tobang ka diaparo tse telele tsa Basamaria bao a neng a ba bona ba atamela.
^ ser. 9 E le hore o ithute ka dilemo tseo le dilemo tse mashome tse ileng tsa latela, re o kgothalletsa hore o bale leqephe la 425-520 la buka ya Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso wa Molimo moo ho buuwang ka mosebetsi wa kotulo o ileng wa finyellwa ho tloha ka 1919 ho ya ho 1992.
^ ser. 15 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng mabapi le boprofeta bona, sheba Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho II, leqepheng la 303-320.
^ ser. 19 Baithuti ba Bibele ba ne ba se ntse ba utlwisisa nnete eo ya bohlokwa. Makasine ya Zion’s Watch Tower ya November 15, 1895, e re: “Haeba ho ka bokellwa koro e nyenyane, bonyane bopaki ba nnete bo ka fanwa. . . . Bohle ba ka bolela kosepele.”