Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 7

Mekgwa ya ho Paka—Ho Sebedisa Mokgwa o Mong le o Mong ho Finyella Batho

Mekgwa ya ho Paka—Ho Sebedisa Mokgwa o Mong le o Mong ho Finyella Batho

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Batho ba Modimo ba sebedisa mekgwa e fapaneng ya ho bolela e le hore ba finyelle batho ba bangata kamoo ho ka kgonehang

1, 2. (a) Jesu o ile a etsang e le hore bongata bo neng bo mo mametse bo mo utlwe? (b) Barutuwa ba Kreste ba tshepahalang ba ile ba latela mohlala wa hae jwang, hona hobaneng?

BONGATA bo ile ba bokana haufi le Jesu ka thoko ho lewatle empa Jesu o ile a kena sekepeng mme a dula hole le bona. Hobaneng? Hobane o ne a tseba hore metsi a tla etsa hore lentswe la hae le utlwahale haholwanyane mme bongata boo bo ne bo tla utlwa molaetsa wa hae ka ho hlaka.—Bala Mareka 4:1, 2.

2 Dilemo tse mashome ka mora ho thehwa ha Mmuso, barutuwa ba Kreste ba tshepahalang ba ile ba latela mohlala wa hae ka ho sebedisa mekgwa e metjha ya ho ruta ha ba ntse ba bolella batho ba bangata ditaba tse molemo tsa Mmuso. Ba tataiswa ke Morena, batho ba Modimo ba tswela pele ho sebedisa mekgwa e metjha le ho ikamahanya le maemo le theknoloji e ntseng e fetoha. Re batla ho finyella batho ba bangata kamoo re ka kgonang pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:14) Nahana ka mekgwa e meng eo re ileng ra nna ra e sebedisa e le hore re finyelle batho ho sa tsotellehe hore na ba dula hokae. Nahana hape ka ditsela tseo ka tsona o ka etsisang tumelo ya batho ba ileng ba hasa ditaba tse molemo nakong e fetileng.

Ho Finyella Batho Bangata

3. Ke hobaneng ha batho ba hloileng nnete ba ile ba halefa ha re sebedisa dikoranta?

3 Dikoranta. Morabo rona Russell le metswalle ya hae ba ile ba hatisa makasine ya Watch Tower ho tloha ka 1879 e le hore ba bolelle batho ba bangata molaetsa wa Mmuso. Leha ho le jwalo, dilemo tse leshome pele ho 1914, Kreste o ile a laola dintho e le hore ditaba tse molemo di ka finyella bathong ba bangata haholwanyane. Ho ile ha qala ho etsahala dintho tse ngata ka 1903. Ka selemo seo, Dr. E. L. Eaton, e leng mmueli wa sehlopha sa baruti ba Maprostanta Pennsylvania, o ile a phephetsa Charles Taze Russell ka makgetlo a mmalwa mabapi le dithuto tsa Bibele. Eaton o ile a ngolla Russell lengolo le reng: “Ke nahana hore ka sebele batho ba ka thabela ho utlwa re phehisana phatlalatsa ka dipotso tseo nna le wena re sa dumellaneng ka tsona.” Russell le metswalle ya hae le bona ba ne ba nahana jwalo, yaba ba lokisetsa hore diphehisano tseo di phatlalatswe koranteng e tsebahalang ya The Pittsburgh Gazette. Batho ba ile ba rata dihlooho tseo le kamoo Russell a ileng a hlalosa dinnete tsa Bibele ka tsela e utlwahalang kateng hoo koranta eo e ileng ya phatlalatsa dipuo tsa Russell beke le beke. E tlameha ebe seo se ile sa halefisa batho ba hloileng nnete hakaakang!

Ka 1914, dikoranta tse 2 000 di ne di phatlalatsa dipuo tsa Russell

4, 5. Russell o ile a bontsha tshobotsi efe, hona batho ba nang le boikarabelo ba ka etsisa mohlala wa hae jwang?

4 Ho e so ye kae, dikoranta tse ngata di ile tsa batla ho hatisa dipuo tsa Russell. Ka 1908, makasine ya Watch Tower e ile ya tlaleha hore dipuo tseo di ile tsa phatlalatswa “kamehla dikoranteng tse 11.” Leha ho le jwalo, barababo rona ba neng ba tlwaelane le mosebetsi wa dikoranta ba ile ba eletsa Russell hore a tlose diofisi tsa Mokgatlo motseng wa Pittsburgh mme a di ise motseng o tsebahalang moo ho nang le dikoranta tse ngata tse ka phatlalatsang dihlooho tsa Bibele. Ka mora ho hlahloba keletso eo le dintlha tse ding, Russell o ile a isa diofisi Brooklyn, New York, ka 1909. Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Dikgwedi tse seng kae ka mora moo, dipuo tsa Russell di ile tsa phatlalatswa dikoranteng tse 400 mme dikoranta tseo di ile tsa nna tsa eketseha. Ha Mmuso wa Kreste o thehwa ka 1914, dikoranta tse ka hodimo ho 2 000 di ne di phatlalatsa dipuo tsa Russell ka dipuo tse nne!

5 Ke ntho efe ya bohlokwa eo re ithutang yona tabeng ye? Kajeno batho ba nang le boikarabelo ka mokgatlong wa Modimo ba lokela ho bontsha boikokobetso jwaloka Russell. Jwang? Ha ba etsa diqeto tsa bohlokwa, ba lokela ho mamela keletso ya ba bang.—Bala Liproverbia 15:22.

6. Dinnete tse ileng tsa phatlalatswa dikoranteng di ile tsa ama Ora Hetzel jwang?

6 Dinnete tsa Mmuso tse ileng tsa phatlalatswa dikoranteng tseo, di ile tsa fetola batho. (Baheb. 4:12) Ka mohlala, Ora Hetzel ya ileng a kolobetswa ka 1917, e ne e le e mong wa batho ba bangata ba ileng ba qala ho ithuta dinnete ka ho bala dihlooho tseo. Ora o ile a re: “Ka mora hore ke nyalwe, ke ile ka etela mme wa ka sebakeng sa Rochester, Minnesota. Ha ke fihla ke ile ka fumana a ntse a seha dihlooho tsa koranta. E ne e le dipuo tsa Russell. Mme o ile a mpolella ka seo a ithutileng sona dihloohong tseo.” Ora o ile a amohela dinnete tseo a ileng a ithuta tsona mme e ile ya e ba mmoledi ya tshepahalang wa Mmuso wa Modimo ka dilemo tse ka bang 60.

7. Ke hobaneng ha ba ikarabellang ba ile ba hlahloba botjha mokgwa wa ho phatlalatsa ditaba tse molemo ka dikoranta?

7 Ka 1916, ho ile ha e ba le diketsahalo tse pedi tsa bohlokwa tse ileng tsa etsa hore ba ikarabellang ba hlahlobe botjha mokgwa wa ho phatlalatsa ditaba tse molemo ka dikoranta. Ya pele, kaha Ntwa e Kgolo e ne e ntse e kupa ka nako eo, ho ne ho le thata ho fumana thepa ya ho hatisa dikoranta. Ka 1916, lefapha la rona la dikoranta le Brithani le ile la bua ka bothata boo la re: “Ke dikoranta tse 30 feela tse phatlalatsang Dipuo hona jwale. Ho ka etsahala hore palo ena e fokotsehe haholo ka lebaka la ditheko tsa pampiri tse ntseng di phahama.” Ya bobedi, Morabo rona Russell o ile a hlokahala ka la 31 October, 1916. Kahoo, makasine ya The Watch Tower ya la 15 December, 1916 e ile ya re: ‘Kaha Morabo rona Russell o hlokahetse, ho phatlalatswa ha dipuo ka dikoranteng ho ke ke ha hlola ho e ba teng.’ Le hoja mokgwa ona wa ho paka o ile wa kgaotsa, mekgwa e meng e kang “Photo-Drama of Creation,” e ile ya atleha haholo.

8. “Photo-Drama of Creation” e ile ya etswa jwang?

8 Ho paka ka ditshwantsho. Russell le metswalle ya hae ba ile ba sebetsa ka dilemo tse ka bang tharo hore ba etse “Photo-Drama of Creation” e ileng ya lokollwa ka 1914. (Liprov. 21:5) Tshwantshiso eo, e ne e le filimi ya di-slide tse nang le mebala le modumo. Batho ba makgolo ba ile ba bapala tshwantshisong eo ya Bibele, esita le diphoofolo di ne di le teng moo. Tlaleho e ileng ya etswa ka 1913 e re: “Ho ile ha tliswa diphoofolo tse ngata e le hore ho etswe karolo ya pale ya Noe.” Di-slide tse makgolo tse neng di sebediswa di ile tsa takwa ke baetsi ba ditshwantsho ba neng ba dula London, New York, Paris le Philadelphia.

9. Ke hobaneng ha ho ile ha sebediswa nako le tjhelete e ngata hakaalo e le hore ho hlahiswe “Photo-Drama”?

9 Ke hobaneng ha ho ile ha sebediswa nako le tjhelete e ngata hakaalo e le hore ho hlahiswe “Photo-Drama”? Qeto e ileng ya nkwa dikopanong tse ileng tsa tshwarwa ka 1913 e re: “Katleho e kgolo ka ho fetisisa e bileng teng dikoranteng tsa Amerika ya ho sebedisa dipopae le ditshwantshiso ditabeng le dimakasineng e le hore di fetole maikutlo a batho, le kamoo difilimi di ileng tsa tuma le ho fetofetoha kateng, e bontshitse hore ke tsa bohlokwa mme re dumela hore ho loketse hore jwaloka baboledi le barupedi ba Bibele re lokela ho sebedisa motjhine wa di-slide e le mokgwa oo baevangedi le barupedi ba ka o sebedisang.”

Ka hodimo: Motjhine wa “Photo-Drama”; ka fatshe: Di-slide tsa “Photo-Drama”

10. “Photo-Drama” e ile ya bontshwa ka ho pharaletseng hakae?

10 Ka 1914, “Photo-Drama” e ne e shebellwa metseng e 80 letsatsi le letsatsi. Batho ba ka bang dimilione tse robedi ba ile ba shebella filimi ena United States le Canada. Selemong sona seo, “Photo-Drama” e ile ya shebellwa Australia, Brithani, Denmark, Finland, Jeremane, New Zealand, Norway, Sweden le Switzerland. Karolo e nolofaditsweng ya “Photo-Drama,” e ile ya bapalwa metseng e menyenyane. Filimi eo e nolofaditsweng e leng “Eureka Drama,” e ne e sa je tjhelete e ngata ho bile ho le bonolo ho e tsamaisa. Ka 1916, “Photo-Drama” kapa “Eureka Drama” di ne di fetoletswe ka Searmenia, Sedanishe sa Norway, Sefora, Sejeremane, Segerike, Setadiana, Sepolishe, Sepanishe le Seswedishe.

Ka 1914, “Photo-Drama” e ile ya shebellwa ke batho ba bangata

11, 12. “Photo-Drama” e ile ya ama mohlankana e mong jwang, hona o re behetse mohlala ofe?

11 Phetolelo ya Sefora ya “Photo-Drama” e ile ya ama Charles Rohner ya dilemo di 18 haholo. Charles o ile a re: “E ile ya bontshwa motseng wa heso wa Colmar, Alsace, o Fora. Ho tloha qalong feela, ke ile ka rata ditlhaloso tse hlakileng tsa nnete ya Bibele.”

12 Ka mora moo, Charles o ile a kolobetswa mme ka 1922 a kenela tshebeletso ya nako e tletseng. E nngwe ya dikabelo tsa hae tsa pele e ile ya e ba ho bontsha batho ba Fora “Photo-Drama.” Ha a hlalosa mosebetsi ona Charles o ile a re: “Ke ile ka fuwa mesebetsi e fapaneng—ke bapala violin, ke sebetsa diakhaonteng le lefapheng la dingolwa. Ke ile ka boela ka abelwa hore ke kgutsise bamamedi pele lenaneo le qala. Ka nako ya kgefu, re ne re fana ka dingolwa. Re ne re abela mora kapa moradi wabo rona karolo e itseng ya batho bao a neng a lokela ho ba fa dingolwa ka holong. Ho feta moo, re ne re beha ditafole tse nang le dingolwa monyako wa holo.” Ka 1925, Charles o ile a sebeletsa Bethele e Brooklyn, New York. O ile a fuwa kabelo ya ho tsamaisa sehlopha sa mmino wa diletsa bakeng sa seyalemoya se setjha sa WBBR. Ka mora hore re hlahlobe mohlala wa Morabo rona Rohner, re ka ipotsa, ‘Na ke ikemiseditse ho amohela kabelo leha e le efe eo ke e fuwang e le ho thusa ho phatlalatsa molaetsa wa Mmuso?’—Bala Esaia 6:8.

13, 14. Seyalemoya se ile sa sebediswa jwang ho phatlalatsa ditaba tse molemo? (Sheba le lebokose le reng “ Mananeo a Seyalemoya a WBBR” le le reng “ Kopano e ke Keng ya Lebaleha.”)

13 Seyalemoya. Dilemong tsa bo1920, mosebetsi wa ho bapala “Photo-Drama” o ile wa fokotswa empa ho phatlalatsa ditaba tse molemo tsa Mmuso ka seyalemoya ho ile ha atleha. Ka la 16 April, 1922, Morabo rona Rutherford o ile a fana ka puo ya hae ya pele seyalemoyeng a le Metropolitan Opera House e Philadelphia, Pennsylvania. Batho ba ka bang 50 000 ba ne ba mametse puo ya hae e neng e re “Ba Dimilione ba Phelang Hona Jwale ba ke ke ba Hlola ba e Shwa.” Yaba ka 1923, ho haswa kopano seyalemoyeng ka lekgetlo la pele. Ho phaella ho sebediseng diyalemoya tsa lefatshe, ba ikarabellang ba ile ba etsa qeto ya hore ho ka ba molemo hore re be le seyalemoya sa rona mme se ile sa hahwa Staten Island, New York mme sa ngodiswa e le WBBR. Kgaso ya pele e ile ya e ba ka la 24 February, 1924.

Ka 1922, batho ba ka bang 50 000 ba ile ba mamela puo e reng “Ba Dimilione ba Phelang Hona Jwale ba ke ke ba Hlola ba e Shwa” ka seyalemoya

14 Ha e hlalosa morero wa WBBR, makasine ya The Watch Tower ya December 1, 1924, e ile ya re: “Re dumela hore ho paka ka seyalemoya ke mokgwa o baballang tjhelete le o atlehang ka ho fetisisa wa ho bolela ditaba tse molemo o kileng wa etswa.” E ile ya phaella ka hore: “Haeba Morena a bona ho le molemo hore re hahe diyalemoya tse ding e le hore re phatlalatse nnete, o tla fana ka tjhelete.” (Pes. 127:1) Ka 1926, batho ba Jehova ba ne ba e na le diyalemoya tse tsheletseng. Tse pedi di ne di le United States, sa WBBR se ne se le New York mme sa WORD se le haufi le Chicago. Tse ding tse nne di ne di le Canada, profinseng ya Alberta, British Columbia, Ontario le Saskatchewan.

15, 16. (a) Baruti ba Canada ba ile ba etsang ha ba utlwa ka ho phatlalatswa ha dinnete diyalemoyeng? (b) Dipuo tsa seyalemoya le mosebetsi wa ntlo le ntlo di ile tsa sebedisana jwang?

15 Baruti ba Bokreste ba bohata ba ile ba hlokomela kgaso ena e neng e pharaletse ya dinnete tsa Bibele. Albert Hoffman ya neng a tseba ka mosebetsi o neng o etswa seyalemoyeng se Saskatchewan, Canada o ile a re: “Batho ba bangata ba ile ba qala ho tseba ka Baithuti ba Bibele [jwalokaha Dipaki tsa Jehova di ne di bitswa jwalo ka nako eo]. Ho ile ha fanwa ka bopaki bo babatsehang ho fihlela ha ka 1928 baruti ba hatella ba boholong mme diyalemoya tsohle tsa Baithuti ba Bibele tse Canada di ile tsa amohuwa dilaesense.”

16 Ho sa tsotellehe ho kwalwa ha diyalemoya tsa rona tse Canada, dipuo tsa Bibele di ile tsa tswela pele ho haswa diyalemoyeng tse ding. (Mat. 10:23) E le hore mananeo ao a atlehe, makasine ya The Watch Tower le ya The Golden Age (eo hona jwale e bitswang Tsoha!) di ne di ngotse lethathamo la diyalemoya tse hasang dinnete tsa Bibele e le hore baboledi ba tsamayang ka ntlo le ntlo ba ka kgothalletsa batho hore ba mamele dipuo diyalemoyeng tseo. Phello e bile efe? Bulletin ya January 1931 e ile ya re: “Ho hasa dipuo seyalemoyeng ho ile ha susumetsa barababo rona ba bolelang ka ntlo le ntlo haholo. Re ile ra fumana ditlaleho tse ngata tse neng di bolela hore batho ba mamela diyalemoya tseo mme ka lebaka la ho mamela dipuo tsa Morabo rona Rutherford, ba ne ba bala dibuka tseo ba neng ba di fuwa.” Bulletin e ile ya re mosebetsi wa ho hasa dipuo seyalemoyeng le wa ho bolela ka ntlo le ntlo ke “mekgwa e mmedi ya bohlokwa ya ho bolela ya mokgatlo wa Morena.”

17, 18. Le hoja maemo a ile a fetoha, seyalemoya se ile sa nna sa tswela pele ho etsa mosebetsi wa bohlokwa jwang?

17 Dilemong tsa bo1930, ho sebedisa ha rona diyalemoya tse ding ho ile ha hanyetswa haholo. Kahoo, bofelong ba 1937 batho ba Jehova ba ile ba ikamahanya le maemo. Ba ile ba kgaotsa ho phatlalatsa dipuo ka seyalemoya mme ba ameha haholo ka ho etsa tshebeletso ya ntlo le ntlo. * Leha ho le jwalo, seyalemoya se ile sa nna sa tswela pele ho etsa mosebetsi wa bohlokwa wa ho hasa molaetsa wa Mmuso dinaheng tse hole kapa dinaheng tse seng tlasa tshusumetso ya dipolotiki. Ka mohlala, ho tloha ka 1951 ho ya ho 1991 seyalemoya se West Berlin, Jeremane, se ne se hasa dipuo tsa Bibele kamehla e le hore batho ba neng ba dula karolong e ka Botjhabela ya Jeremane ba utlwe molaetsa wa Mmuso. Ka dilemo tse 30 ho tloha ka 1961, seyalemoya sa setjhaba se Suriname, Amerika Borwa se ile sa hasa lenaneo la metsotso e 15 le neng le hasa dinnete tsa Bibele. Ho tloha ka 1969 ho ya ho 1977, mokgatlo o ile wa rekota mananeo a 350 a neng a e na le sehlooho se reng “Lengolo Lohle le Molemo.” United States, ho ne ho e na le diyalemoya tse 291 tse neng di hasa mananeo ao diprofinseng tse 48. Ka 1996, seyalemoya se seng Apia e leng motsemoholo wa Samoa, se ile sa hasa lenaneo la beke le beke le bitswang “Dikarabo Tsa Dipotso Tsa Hao Tsa Bibele.”

18 Ho ya bofelong ba dilemo tsa bo 1900, seyalemoya ha sea ka sa hlola se sebediswa bakeng sa ho bolela ditaba tse molemo. Leha ho le jwalo, ho ile ha sebediswa mokgwa o mong wa theknoloji o neng o tla thusa hore ho finyellwe batho ba bangata ka ho fetisisa.

19, 20. Ke hobaneng ha batho ba Jehova ba ile ba etsa Websaete ya jw.org, hona e atlehile hakae? (Sheba le lebokose le reng “ JW.ORG.”)

19 Inthanete. Ka 2013, batho ba fetang dibilione tse 2,7, e leng hoo e ka bang karolo ya 40 lekgolong ya baahi ba lefatshe, ba ile ba sebedisa Inthanete. Ho hakanngwa hore batho ba ka bang dibilione tse pedi ba kena inthaneteng ba sebedisa di smartphone le di tablet. Dipalo tseo di ntse di eketseha lefatsheng lohle empa batho ba bangata ka ho fetisisa ba sebedisang Inthanete ke ba Afrika, moo ho nang le batho ba fetang dimilione tse 90 ba kenang Inthaneteng ka selefouno. Sena se ile sa fetola tsela eo batho ba amohelang boitsebiso ka yona ka ho feletseng.

20 Ho tloha ka 1997, batho ba Jehova ba ile ba sebedisa Inthanete. Ka 2013, Websaete ya jw.org e ile ya fumaneha ka dipuo tse 300 mme batho ba ne ba ka ikopiletsa boitsebiso bo amanang le Bibele ka dipuo tse fetang 520. Letsatsi le letsatsi batho ba fetang 750 000 ba kena Websaeteng ena. Ho phaella ho shebelleng divideo, kgwedi le kgwedi batho ba dimilione tse tharo ba kopitsa dibuka, ba dimilione tse nne ba kopitsa dimakasine mme ba dimilione tse 22 ba kopitsa dipina.

21. O ithutileng ho se ileng sa etsahalla Sina?

21 Websaete ya jw.org ke mokgwa o matla wa ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo, esita le dinaheng tseo mosebetsi wa rona wa boboledi o thibetsweng. Ka mohlala, qalong ya 2013, monna ya bitswang Sina o ile a kena websaeteng ya jw.org yaba o letsetsa ntlokgolo e United States a batla boitsebiso bo eketsehileng ka Bibele. Ke hobaneng ha see se ne se makatsa? Sina o hodiseditswe lelapeng la Mamosleme mme o dula motseng o hole o naheng eo mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova o thibetsweng. Ka mora hore Sina a letsetse ntlokgolo, o ile a etsetswa ditokisetso tsa hore a kgannelwe thuto ya Bibele ke Paki e dulang United States, habedi ka beke. O ne a kgannelwa thuto ho sebediswa video ka Inthanete.

Ho Ruta Batho ka Bomong

22, 23. (a) Na mekgwa e ileng ya sebediswa ho finyella batho ba bangata e ile ya nkela tshebeletso ya ntlo le ntlo sebaka? (b) Morena o hlohonolofaditse mosebetsi wa rona jwang?

22 Mekgwa eo re ileng ra e sebedisa hore re finyelle batho ba bangata, e kang dikoranta, “Photo-Drama,” diyalemoya le Websaete di ne di sa etsetswa hore di nkele tshebeletso ya ntlo le ntlo sebaka. Hobaneng? Hobane batho ba Jehova ba ile ba ithuta mohlaleng wa Jesu. O ne a sa pakele bongata feela, empa o ne a amehile haholo ka ho thusa batho ka bomong. (Luka 19:1-5) Jesu o ile a boela a ruta barutuwa ba hae hore ba etse se tshwanang mme a ba fa molaetsa oo ba lokelang ho fana ka wona. (Bala Luka 10:1, 8-11.) Jwalokaha re hlokometse Kgaolong ya 6, ba ikarabellang ba ile ba nna ba kgothalletsa bahlanka ba Jehova hore ba buisane le batho difahleho di tadimane.—Lik. 5:42; 20:20.

23 Dilemo tse lekgolo ka mora hore Mmuso o thehwe, bahweletsi ba fetang dimilione tse 7,9 ba ruta ba bang ka merero ya Modimo. Ha ho pelaelo hore Morena o hlohonolofaditse mekgwa eo re ileng ra nna ra e sebedisa ho phatlalatsa Mmuso. Jwalokaha kgaolo e latelang e tla bontsha, Jesu o re file disebediswa tseo re di hlokang e le hore re phatlalatse ditaba tse molemo ditjhabeng tsohle, melokong yohle le malemeng ohle.—Tšen. 14:6.

^ ser. 17 Ka 1957, ba ikarabellang ba ile ba etsa qeto ya ho kwala seyalemoya sa rona sa ho qetela sa WBBR se neng se le New York.