Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letshehadi: Lelapa la Bethele e Brooklyn le ile la keteka Keresemese ka lekgetlo la ho qetela ka 1926; ka ho le letona: Batho ba a hlokomela hore Dipaki Tsa Jehova di fapane

KAROLO YA BORARO

Melao ya Mmuso—Ho Batla ho Loka ha Modimo

Melao ya Mmuso—Ho Batla ho Loka ha Modimo

O DUMEDISA moahelani wa hao ha o feta ha hae. Morao tjena, o hlokometse hore o ntse a le shebile, wena le ba lelapa la hao. Moahelani o a o dumedisa mme o a o hwehla. O re: “Ke kopa ho o botsa. Ke hobaneng ha le fapane le batho ba bang hakaale?” Wena o re: “O bolelang?” O re: “Akere o e mong wa Dipaki Tsa Jehova? Ha le tshwane le batho ba bang. Ha le etse dintho tse etswang ke madumedi a mang—ha le keteke matsatsi a phomolo ebile ha le kenelle dipolotiking le dintweng. Ha ho le ya mong wa lona ya tsubang. Hape, lelapa la hao le itshwere hantle. Ke hobaneng ha le fapane le batho ba bang hakaale?”

O a tseba hore karabo e nngwe feela: Re phela tlasa puso ya Mmuso wa Modimo. Kaha ke Morena wa rona, Jesu o a re hlwekisa. O re thusa hore re hate moo a hatileng teng le hore re fapane le lefatshe lena le kgopo. Karolong ena, re tla bona kamoo Mmuso o eteletsweng pele ke Kreste o ileng wa nna wa hlwekisa batho ba Modimo moyeng, boitshwarong le tseleng eo ba lokelang ho hlophiseha ka yona, ba etsa tsena tsohle e le hore ba tlotlise Jehova.

KAROLONG ENA

KGAOLO YA 10

Morena o Hlwekisa Batho ba Hae Moyeng

Keresemese le sefapano di tshwana ka tsela efe?

KGAOLO YA 11

Ho Hlwekiswa Boitshwarong—Ho Bonahatsa Kgalalelo ya Modimo

Dikamore tsa balebedi le diheke tsa tempele tse ponong ya Ezekiele di ile tsa nna tsa ba le bohlokwa ho batho ba Modimo ho tloha ka 1914.

KGAOLO YA 12

Ho Hlophisetswa ho Sebeletsa “Modimo wa Kgotso”

Bibele ha e bapise ho hloka taolo le ho ba le taolo empa le ho ba le kgotso. Hobaneng? Hona karabo e ama Bakreste jwang kajeno?