Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 13

Madumedi a Bohata a Sentse Modimo Lebitso Jwang?

Madumedi a Bohata a Sentse Modimo Lebitso Jwang?

Haeba Modimo ke lerato, ke hobaneng ha madumedi a reng a mo sebeletsa a etsa dintho tse kgopo hakaale? Lebaka ke hobane ke madumedi a bohata mme a senya Modimo lebitso ka ho ruta mashano ka yena. A sentse Modimo lebitso jwang? O ikutlwa jwang ka seo? Hona Jehova o tla etsang ka madumedi aa?

1. Dithuto tsa madumedi a bohata di senya Modimo lebitso jwang?

Madumedi a bohata a “fapanyetsa nnete ya Modimo ka leshano.” (Baroma 1:25) Ka mohlala, madumedi a mangata ha a rute balatedi ba ona lebitso la Modimo. Le ha ho le jwalo, Bibele yona e re lebitso la Modimo le lokela ho sebediswa. (Baroma 10:13, 14) Baruti ba bang ba ruta hore ha re hlahelwa ke dintho tse bohloko ke thato ya Modimo. Taba ena ke leshano. Ha ho mohla Modimo a bakang bokgopo. (Bala Jakobo 1:13.) Ka maswabi, mashano ana a rutwang ke madumedi a entse hore ho be thata hore batho ba rate Modimo.

2. Diketso tsa madumedi a bohata di senya Modimo lebitso jwang?

Madumedi a bohata ha a tshware batho ka tsela eo Jehova a ba tshwarang ka yona. Bibele e re ka bodumedi ba bohata: “Dibe tsa hae di kgobokellane ho ya fihla lehodimong.” (Tšenolo 18:5) Ka dilemo tse makgolo, haesale madumedi a kenella dipolotiking le dintweng hape a bolaya kapa a dumella ho bolawa ha batho ba bangata haholo. Baruti ba bang ba batla ho rua, ka hoo ba batla tjhelete ho balatedi ba bona. Diketso tsa bona di bontsha hantle hore ha ba tsebe Modimo ebile ha ba na le tokelo ya ho mo emela.​—Bala 1 Johanne 4:8.

3. Modimo o ikutlwa jwang ka madumedi a bohata?

Haeba diketso tsa madumedi a bohata di a o halefisa, o nahana hore Jehova yena o ikutlwa jwang? Jehova o rata batho empa o halefiswa ke baruti ba mo senyang lebitso le ba tshwarang balatedi ba bona hampe. O re tshepisa hore o tla fedisa madumedi a bohata mme “le ka mohla a ke ke a fumanwa hape.” (Tšenolo 18:21) Haufinyane, Modimo o tla fedisa madumedi ohle a bohata.​—Tšenolo 18:8.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute haholwanyane ka hore na Modimo o ikutlwa jwang ka madumedi a bohata. Hape ithute hore na madumedi ao a entseng, o boele o bone hore na ke hobaneng ha o sa lokela ho dumella dintho tseo a di entseng ho o sitisa ho ithuta ka Jehova.

4. Ha se madumedi ohle ao Modimo a a amohelang

Batho ba bangata ba dumela hore madumedi a tshwana le ditsela tse fapaneng tseo kaofela di lebisang batho ho Modimo. Empa na see ke nnete? Bala Matheu 7:13, 14 ebe le buisana ka potso ena:

  • Bibele e hlalosa tsela e isang bophelong jwang?

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Na Bibele e re ho na le madumedi a mangata a kgahlisang Modimo?

5. Madumedi a bohata ha a bontshe lerato jwalo ka ha Modimo a le bontsha

Madumedi a sentse Modimo lebitso ka ditsela tse ngata. Tsela e mpe ka ho fetisisa eo a entseng sena ka yona ke ka ho kenella dintweng. Hore o bone mohlala o le mong, bapala VIDEO. Ka mora moo le buisane ka dipotso tse latelang.

  • Dikereke tse ngata di ile tsa etsang nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe?

  • O ikutlwa jwang ka seo di ileng tsa se etsa?

Bala Johanne 13:34, 35 le 17:16. Ka mora moo le buisane ka dipotso tsena:

  • O nahana hore Jehova o ikutlwa jwang ha madumedi a kenella dintweng?

  • Madumedi a bohata a entse dintho tse ngata tse mpe. O bone madumedi a hloleha ho etsisa tsela eo Modimo a leng lerato ka yona jwang?

Madumedi a bohata ha a bontshe lerato jwalo ka ha Modimo a le bontsha

6. Modimo o batla ho thusa batho ho tswa madumeding a bohata

Bala Tšenolo 18:4 a ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho tseba hore Modimo o batla ho thusa batho ba kgelositsweng ke madumedi a bohata ho etsa hore o ikutlwe jwang?

7. Tswela pele o ithuta ka Modimo wa nnete

Na dintho tse mpe tse etswang kapa tse buuwang ke madumedi a bohata di lokela ho ama tsela eo o ikutlwang ka yona ka Modimo? Nahana ka mora ya sa mameleng tataiso ya ntate wa hae. Mora enwa o tloha hae mme o phela bophelo bo ditshila. Ntate wa hae ha a dumellane le diketso tsena tsa hae. Ke hobaneng ha e ne e ke ke ya eba ntho e utlwahalang ho beha ntate molato ka lebaka la dintho tse mpe tse etswang ke mora wa hae?

  • Na e tla be e le ntho e utlwahalang ho beha Jehova molato le ho tlohella ho ithuta ka yena ka lebaka feela la dintho tse mpe tse etswang ke madumedi a bohata?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha ke na thahasello ya ho ithuta ka Modimo hobane madumedi ke ona a bakang mathata a mangata.”

  • Na le wena o ikutlwa ka tsela e tshwanang?

  • Ke hobaneng ha diketso tsa madumedi a bohata di sa lokela ho ama tsela eo re ikutlwang ka yona ka Jehova?

KAKARETSO

Madumedi a bohata a sentse Modimo lebitso ka ho ruta batho mashano le ka diketso tsa ona tse mpe. Modimo o tla fedisa madumedi a bohata.

Re Ithutileng?

  • O ikutlwa jwang ka diketso le dithuto tsa madumedi a bohata?

  • Jehova o ikutlwa jwang ka madumedi a bohata?

  • Jehova o tla etsang ka madumedi a bohata?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute ka dintho tse pedi tseo madumedi a bohata a di etsang tse sa kgahliseng Modimo.

“Na Madumedi Ohle a Tshwana? Na Kaofela ke Ditsela Tse Lebang ho Modimo?” (Sehlooho se websaeteng)

Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re mo rapele re le mmoho le batho ba bang?

“Na ho a Hlokahala Hore Motho e be Setho sa Bodumedi bo Itseng?” (Sehlooho se websaeteng)

Moruti o ne a tshwenngwa ke dithuto le diketso tsa batho ba bodumedi ba hae. Le ha ho le jwalo, sena ha se a ka sa mo thibela ho ithuta nnete ka Modimo.

“Lebaka Leo Moruti a ileng a Nyahlatsa Kereke” (Tsoha!, February 2015)

Haesale madumedi a ruta mashano ka Modimo ka dilemo tse makgolo mme sena se entse hore batho ba dumele hore Modimo ha a ba tsotelle ebile o kgopo. Ithute seo e leng nnete mabapi le mashano ana a mararo.

“Mashano a Etsang Hore Modimo a se ke a Rateha” (Molula-Qhooa, November 1, 2013)

a E le hore o tsebe hore na ke hobaneng ha buka ya Tšenolo e re madumedi a bohata ke mosadi ya bitswang Babylona e Moholo, sheba Tlhaloso ya pele lethathamong la ditlhaloso qetellong ya buka.