Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 14

Ke Jwang Borapedi ba Rona bo ka Kgahlisang Modimo?

Ke Jwang Borapedi ba Rona bo ka Kgahlisang Modimo?

Jwalo ka ha re ithutile kgaolong e fetileng, ha se madumedi ohle a kgahlisang Modimo. Le ha ho le jwalo, re ka kgona ho rapela Mmopi wa rona ka tsela eo a e batlang. Ke “mofuta wa borapedi” o jwang o mo kgahlisang? (Jakobo 1:27) Hlokomela hore na Bibele e reng.

1. Re lokela ho theha borapedi ba rona hokae?

Borapedi ba rona bo lokela ho thehwa Bibeleng. Jesu o ile a re ho Modimo: “Lentswe la hao ke nnete.” (Johanne 17:17) Madumedi a mang a iphapanyetsa nnete e fumanwang ka Lentsweng la Modimo le buduletsweng, e leng Bibele. Ho e na le ho ruta nnete ka Modimo, ba ruta dithuto tsa batho le meetlo. Le ha ho le jwalo, Jehova ha a thabe ha batho ba ‘behella taelo ya Hae ka thoko.’ (Bala Mareka 7:9.) Ka lehlakoreng le leng, haeba re theha borapedi ba rona Bibeleng mme re mamela keletso ya yona, Jehova o a thaba.

2. Re lokela ho rapela Jehova jwang?

Re lokela ho rapela Jehova feela, hobane ke Mmopi wa rona. (Tšenolo 4:11) Sena se bolela hore re lokela ho mo rata le ho rapela yena a le mong, re sa sebedise ditshwantsho le ha e le dife.​—Bala Esaia 42:8.

Borapedi ba rona bo lokela ho ‘halalela le ho amoheleha’ ho Jehova. (Baroma 12:1) Sena se bolela hore re lokela ho mamela melao ya hae. Mohlala, batho ba ratang Jehova, ba rata le melao ya hae e mabapi le lenyalo ebile ba a e mamela. Hape ba qoba mekgwa e kotsi e kang ho tsuba kwae le ho sebedisa dithethefatsi le jwala hampe. a

3. Ke hobaneng ha re lokela ho rapela Jehova re le mmoho le Bakreste ba bang?

Dibokeng tsa rona tsa beke le beke re ba le monyetla wa ho ‘rorisa Jehova phuthehong.’ (Pesaleme ya 111:1, 2) Tsela e nngwe eo re etsang sena ka yona ke ka ho binela Modimo dipina tsa thoriso. (Bala Pesaleme ya 104:33.) Jehova o batla re ye dibokeng hobane o a re rata ebile o a tseba hore di tla re thusa ho thabela bophelo ka ho sa feleng. Diboka di re tswela molemo ebile ha re le ho tsona re a kgothatsana.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na ke hobaneng ha Jehova a sa batle ha re sebedisa ditshwantsho ha re mo rapela. Ithute le ditsela tsa bohlokwa tseo re ka rorisang Modimo ka tsona.

4. Ha re a lokela ho sebedisa ditshwantsho borapeding ba rona

Re tseba jwang hore ho etsa jwalo ho ke ke ha kgahlisa Modimo? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Ho ile ha etsahalang mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele ha bahlanka ba bang ba Modimo ba leka ho mo rapela ba sebedisa ditshwantsho?

Batho ba bang ba sebedisa ditshwantsho ha ba rapela Modimo hobane ho etsa jwalo ho etsa hore ba ikutlwe eka ba haufi le yena. Empa na ho etsa jwalo ha ho ba suthisetse hole le yena? Bala Exoda 20:4-6 le Pesaleme ya 106:35, 36 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Ke dintho kapa ditshwantsho dife tseo o kileng wa bona batho ba di sebedisa ha ba rapela?

  • Jehova o ikutlwa jwang ha batho ba sebedisa ditshwantsho ha ba mo rapela?

  • Wena o ikutlwa jwang ka ho di sebedisa?

5. Ho rapela Jehova feela ho re lokolla dithutong tsa bohata

Bona hore na ho rapela Jehova ka tsela e nepahetseng ho ka re lokolla jwang dithutong tsa bohata. Bapala VIDEO.

Bala Pesaleme ya 91:14 ebe le buisana ka potso ena:

  • Jehova o re tshepisang ha re mo bontsha hore re a mo rata ka ho rapela yena feela?

6. Re rapela Modimo ha re le dibokeng

Re rorisa Jehova le ho kgothatsana ka ho bina le ho arabela ha re le dibokeng. Bala Pesaleme ya 22:22 ebe le buisana ka dipotso tsena:

  • Na o thabela ho utlwa dikarabo tsa batho ba bang ha o le dibokeng?

  • Na o ka rata ho itokisetsa hore le wena o tle o arabele?

7. Jehova oa thaba ha re bolella batho ba bang seo re ithutileng sona

Ho na le ditsela tse ngata tsa ho bolella batho ba bang seo re ithutileng sona ka Bibeleng. Bala Pesaleme ya 9:1 le ya 34:1 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke eng eo o ithutileng yona Bibeleng eo o ka ratang ho e bolella motho e mong?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha ho kgonehe ho kgahlisa Modimo.”

  • Wena o nahana jwang?

KAKARETSO

Re thabisa Mmopi wa rona ha re rapela yena a le mong, ha re mo rorisa dibokeng le ha re bolella batho ba bang seo re ithutileng sona.

Re Ithutileng?

  • Ke hokae moo Modimo a re bolellang hore na re mo rapele jwang?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho rapela Jehova feela?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho rapela Modimo re na le batho ba batlang ho mo kgahlisa?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Ha ke sa Sebeletsa Ditshwantsho,“ o bone hore na ke jwang mme e mong a ileng a kgaotsa ho rapela ditshwantsho.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, July 1, 2011)

Bala hore na ke eng e ka o thusang hore o arabe ha o le dibokeng.

“Rorisa Jehova Hara Phutheho” (Tora ya ho Lebela, January 2019)

Bona hore na mohlankana e mong o ile a fumana molemo jwang ka ho ba teng dibokeng le hoja ho ne ho se bonolo hore a be teng ho tsona.

Jehova o ile a Ntsotella (3:07)

Batho ba bangata ba amahanya sefapano le Bokreste, empa na re lokela ho se sebedisa borapeding ba rona?

“Ke Hobaneng ha le sa Sebedise Sefapano Bodumeding ba Lona?” (Sehlooho se websaeteng)

a Re tla bua ka dintlha tsena dikgaolong tse tlang.