Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 22

O ka Bolella Batho ba Bang Ditaba Tse Tswang ka Bibeleng Jwang?

O ka Bolella Batho ba Bang Ditaba Tse Tswang ka Bibeleng Jwang?

Ha o ntse o ithuta nnete ya Bibele, o ka nna wa utlwa eka o lokela ho bolella motho e mong le e mong ka seo o ithutileng sona. Ka nnete batho bohle ba hloka ho tseba nnete ena. Le ha ho le jwalo, o ka nna wa utlwa o tshaba ho bolella batho ba bang ka seo o ithutileng sona. A re bone hore na o ka hlola bothata boo jwang mme wa qala ho bolella batho ba bang ditaba tse tswang ka Bibeleng o thabile.

1. O ka etsang hore o bolelle batho bao o ba tsebang dintho tseo o ithutileng tsona?

Barutuwa ba Jesu ba ile ba re: “Re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.” (Liketso 4:20) Ba ne ba rata dintho tseo ba ithutileng tsona hoo ba neng ba batla ho di bolella batho ba bangata ka hohle ka moo ba ka kgonang. Na le wena o ikutlwa ka tsela ee? Haeba ho jwalo, batla menyetla ya hore ka tlhompho o bolelle ba lelapa le metswalle ya hao hore na o ithutileng.​—Bala Bakolose 4:6.

Tse ding tsa dintho tse tla o thusa hore o qalelle ho bua le batho ba bang

  • Ha o bua le ba lelapa, qala moqoqo wa Bibele ka hore: “Ho na le ntho e thabisang eo ke ithutileng yona bekeng ena.”

  • Bolella motswalle wa hao ya tshwenyehileng kapa ya kulang ka lengolo le kgothatsang la Bibele.

  • Ha batho bao o sebetsang le bona ba o botsa hore na o ntse o ya jwang, ba bolelle seo o ithutileng sona ha o ntse o ithuta Bibele kapa ha o le dibokeng.

  • Bontsha metswalle ya hao websaete ya jw.org.

  • Mema batho ba bang hore ba be teng nakong eo le ithutang Bibele kapa o ba bontshe hore na ba ka etsa kopo ya ho ithuta Bibele jwang ho jw.org.

2. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore o sebetse le phutheho ha o bua le batho ka Bibele?

Barutuwa ba Jesu ba ne ba sa bolelle batho bao ba ba tsebang feela ka Lentswe la Modimo. Jesu o ile a “ba romela ka bobedi ka pele ho yena ho kena motseng o mong le o mong” hore ba ilo ruta batho. (Luka 10:1) Tsela eo e hlophisehileng ya ho etsa mosebetsi wa ho ruta batho Lentswe la Modimo, e ile ya fa batho ba bangata monyetla wa hore ba utlwe ditaba tsena tse monate. Barutuwa ba Jesu ba ne ba thabela ho ruta batho Lentswe la Modimo ba le mmoho. (Luka 10:17) Na le wena o batla ho sebetsa le phutheho ha o bua le batho ka Bibele?

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na o ka etsang hore o se ke wa tshoha haholo e le hore o utlwe thabo e tliswang ke ho bua le batho ka Bibele.

3. Jehova o tla ba le wena

Batho ba bang ba ka tshoswa ke hore na batho ba tla reng ka bona ha ba bua le bona ka molaetsa wa Bibele.

  • Na o a tshoha ha o lokela ho bolella batho ba bang hore na o ithutileng? Ke eng e etsang hore o tshohe kapa o se ke wa tshoha?

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Batjha ba bang ba Dipaki Tsa Jehova ba ile ba etsang hore ba se ke ba tshaba ho bua ka Bibele?

Bala Esaia 41:10 ebe le buisana ka potso e latelang:

  • Thapelo e ka o thusa jwang haeba o utlwa o tshaba ho bua le batho ba bang ka Bibele?

Na o ne o tseba?

Dipaki Tsa Jehova tse ngata di kile tsa utlwa eka di ke ke tsa kgona ho ba le sebete sa ho bua le batho ka Bibele. Ka mohlala, Sergey o ne a utlwa ho le thata hore a bue le batho ba bang ebile a ikutlwa a se na thuso, yaba o ithuta Bibele. O re: “Le hoja ke ne ke tshoha, ke ile ka qala ho bua le batho ba bang ka seo ke ithutileng sona. Ho makatsang ke hore ho bua le batho ba bang ka Bibele ho ile ha etsa hore ke be sebete. Ho ile ha boela ha matlafatsa tumelo ya ka.”

4. Bua ka tlhompho

Ha o bua le batho ba bang ka Bibele, nahana ka hore na o tlo reng le hore na o tlo bua jwang ka tsela e bontshang tlhompho. Bala 2 Timothea 2:24 le 1 Petrose 3:15 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • O ka sebedisa ditemana tsee jwang haeba o bua le batho ba bang ka Bibele?

  • Ba lelapa kapa metswalle ya hao ba ka nna ba se dumellane le wena. O lokela ho etsang? Ha o a lokela ho etsang?

  • Ke hobaneng ha ho ka ba molemo hore o ba botse dipotso ka bohlale ho e na le ho ba qobella hore ba dumellane le wena?

5. Ho bolella ba bang molaetsa wa Bibele ho a thabisa

Jehova o ile a fa Jesu mosebetsi wa ho ruta batho Lentswe la hae. Jesu o ne a ikutlwa jwang ka mosebetsi oo? Bala Johanne 4:34 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Ho ja dijo tse nang le phepo ho etsa hore o phele hantle ebile ho etsa hore o thabe. Ke hobaneng ha Jesu a ile a bapisa ho ja le ho etsa thato ya Modimo, e akarelletsang ho bolella ba bang molaetsa wa Modimo?

  • Ke eng e tla o thabisa ka ho bolella ba bang molaetsa wa Bibele?

Dintho tseo o ka di etsang

  • Ha o le dibokeng tsa hara beke, ithute ditsela tsa ho qadisa moqoqo le batho ba bang.

  • Botsa motho ya o rutang Bibele hore na o lokela ho etsang e le hore o fane ka dipuo dibokeng tsa hara beke. Ho fana ka dipuo tseo ho tla o kwetlisetsa hore o kgone ho bua le batho ka dintho tseo o ithutang tsona.

  • Sebedisa karolo ya “Batho ba Bang ba Re” kapa ya “Motho a ka Nna a Re,” tse hlahang bukeng ena e le hore o ithute hore na o ka araba jwang haeba batho ba bua dintho tse tshwanang le tseo.

MOTHO A KA NNA A RE: “O ntse o ya jwang?”

  • O ka sebedisa monyetla oo jwang ho bolella motho eo ka seo o ithutileng sona Bibeleng?

KAKARETSO

Ho bua le batho ba bang ka Bibele ho a thabisa ebile ho ka ba bonolo ho feta ka moo o nahanang ka teng.

Re Ithutileng?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho bolella batho ba bang molaetsa wa Bibele?

  • O ka etsa seo jwang ka tsela e bontshang tlhompho?

  • O ka etsang hore o se ke wa tshoha ha o bua le batho ka Bibele?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Bona ditsela tse nne tseo o ka di sebedisang ha o bua le batho ka Bibele o sebedisa karete ya jw.org.

Mehlala ya Seo o ka se Buang ha o Fana ka Karete ya Boitsebiso ya JW.ORG (1:43)

Ithute dintho tse nne tse ka o thusang ho bolella ba bang molaetsa wa Bibele.

“Na o Itokiseditse ho ba Motshwasi wa Batho?” (Tora ya ho Lebela, September 2020)

Shebella hore na mohlala o tswang ka Bibeleng o ka re thusang jwang hore re be sebete ha re bua le batho ka Bibele, le haeba re le bana.

Jehova o Tla o Thusa Hore o be Sebete (11:59)

Bona hore na o ka etsang e le hore o bue ka Bibele le ba lelapa ba eso ka ba ithuta ka Jehova.

“Ho Finyella Dipelo Tsa Beng ka Rona ba sa Dumelang” (Molula-Qhooa, March 15, 2014)