Ditlhaloso
1. Dintlha Tse re Thusang ho Tseba Babylona e Moholo
Re tseba jwang hore “Babylona e Moholo” ke madumedi ohle a bohata? (Tšenolo 17:5) Hlokomela dintlha tsena:
-
Babylona e Moholo o lefatsheng lohle. Babylona e Moholo o hlaloswa a dutse hodima ‘matshwele a batho le ditjhaba.’ O na le “mmuso hodima marena a lefatshe.”—Tšenolo 17:15, 18.
-
Babylona e Moholo ha se mekgatlo ya dipolotiki kapa ya kgwebo. “Marena a lefatshe” le “bahwebi” ba tla pholoha ha a fediswa.—Tšenolo 18:9, 15.
-
Babylona e Moholo o senya Modimo lebitso. Babylona e Moholo o bitswa seotswa hobane o sebedisana le mebuso e le hore a fumane tjhelete le melemo e meng. (Tšenolo 17:1, 2) O kgelosa batho bohle, ebile batho ba bangata ba shwele ka lebaka la hae.—Tšenolo 18:23, 24.
Kgutlela kgaolong ya 13 ntlheng ya 6
2. Mesia o ne a Tla Hlaha Neng?
Bibele e boletse esale pele hore ho ne ho tla feta dibeke tse 69 pele Mesia a fihla.—Bala Daniele 9:25.
-
Dibeke tse 69 di qadile neng? Di qadile ka selemo sa 455 ha Mmusisi Nehemia a fihla motseng wa Jerusalema ho ya o ‘tsosolosa le ho o haha hape’.—Daniele 9:25; Nehemia 2:1, 5-8.
-
Dibeke tse 69 di nkile nako e kae? Boprofeteng bo bong ba Bibele, letsatsi le emela selemo. (Numere 14:34; Ezekiele 4:6) Taba ena e bolela hore matsatsi a supileng a beke ke dilemo tse supileng. Boprofeteng bona, dibeke tse 69 ke dilemo tse 483 (dibeke tse 69 x matsatsi a 7).
-
Dibeke tse 69 di ile tsa fela neng? Ha re bala dilemo tse 483 ho tloha ka selemo sa 455 pele ho mehla ya Jesu, re fumana selemo sa 29 mehleng ya Jesu a. Sena ke sona selemo seo Jesu a ileng a kolobetswa ka sona mme ya ba Mesia.—Luka 3:1, 2, 21, 22.
Kgutlela kgaolong ya 15 ntlheng ya 5
3. Mokgwa wa Phekolo ho Sebediswa Madi
Ho na le mekgwa ya phekolo e hlokang hore ho sebediswe madi a mokudi. Bakreste ha ba a lokela ho sebedisa e meng ya mekgwa ena, e kang ho fana ka madi a bona kapa hore madi a bona a bolokwe sebakeng se itseng ka nakwana pele a kgutlisetswa mmeleng ya bona.—Deuteronoma 15:23.
Empa ho ntse ho na le mekgwa e meng eo Bakreste ba ka e amohelang. E akarelletsa diteko tsa madi, ho hlwekisa madi ka motjhini (hemodialysis), ho hlapolla madi (hemodilution), ho boloka disele (cell-salvage) kapa ho sebedisa motjhini o etsang mosebetsi wa pelo le matshwafo. b Mokreste e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ya hore na madi a hae a tla sebediswa jwang nakong eo a lokelang ho sebetswa ke dingaka, ha ho etswa diteko tsa madi kapa ha a ntse a fumana phekolo ya mofuta o itseng. Dingaka tse fapaneng di ka ‘na tsa sebedisa mekgwa ena ka ditsela tse sa tshwaneng. Ka hoo, pele Mokreste a dumela ho sebetswa ke ngaka, ho etsa diteko tsa madi kapa pheko le ha e le efe e amanang le madi o lokela ho batlisisa hantle hore na madi a hae a tla sebediswa jwang. Ipotse dipotso tse latelang:
-
Na tsela eo madi a ka a phallang ka yona e ke ke ya sitiseha haeba ho ka ntshwa madi a mang mmeleng wa ka? Na letswalo la ka le tla ntumella hore ke nke madi ao e ntse e le a ka mme ke se ke ka batla hore ‘a qhallwe fatshe’?—Deuteronoma 12:23, 24.
-
Ke tla etsang haeba nakong eo ke phekolwang madi a mang a ka a ntshwa ebe a a hlapollwa, ka mora moo a kgutlisetswa mmeleng wa ka? Na taba ee e tla tshwenya letswalo la ka le kwetlisitsweng ka Bibele kapa ke tla amohela phekolo ya mofuta oo?
Kgutlela kgaolong ya 39 ntlheng ya 3
4. Ho Arohana ha Banyalani
Lentswe la Modimo ha le kgothalletse banyalani hore ba arohane ebile le a hlakisa hore ha banyalani ba arohane, ha ba a lokela ho nyalana le batho ba bang. (1 Bakorinthe 7:10, 11) Le ha ho le jwalo, ho na le maemo a mang a etsang hore Bakreste ba arohane.
-
Ho se hlokomele lelapa ka boomo: Monna ha a batle ho hlokomela lelapa ka dintho tseo le di hlokang hoo 1 Timothea 5:8.
lelapa le se nang ditlhoko tsa letsatsi le letsatsi.— -
Tlhekefetso e fetelletseng: Molekane e mong a ka hlekefetsa e mong hoo a ka mo lematsang kapa a beha bophelo ba hae kotsing.—Bagalata 5:19-21.
-
Ho beha setswalle sa motho le Jehova kotsing ka ho felletseng: Motho o thibela molekane wa hae ka ho felletseng ho sebeletsa Jehova.—Liketso 5:29.
5. Matsatsi a Phomolo le Mekete
Bakreste ha ba kenelle matsatsing a phomolo a sa thabiseng Jehova. Mokreste e mong le e mong o lokela ho sebedisa letswalo la hae le kwetlisitsweng ka Bibele ho etsa qeto ya hore na o tla etsang ha a le hara batho ba ketekang matsatsi ana a phomolo. Nahana ka mehlala e latelang.
-
Motho e mong o o lakaletsa letsatsi la phomolo le monate. O ka nna wa re feela “Ke a leboha.” Haeba motho a batla ho tseba hore na ke hobaneng ha o sa keteke letsatsi leo la phomolo, o ka mo hlalosetsa.
-
Molekane wa hao eo e seng Paki ya Jehova o o memela dijong le beng ka yena ka letsatsi la phomolo. Haeba letswalo la hao le o dumella ho ya, o ka hlalosetsa molekane wa hao esale pele hore haeba ho na le dintho tse tla etswa moo tse amanang le letsatsi leo la phomolo, o ke ke wa kenella ho tsona.
-
Mohiri wa hao o o fa bonase nakong ya matsatsi a phomolo. Na o lokela ho e hana? Ha se maemong ohle o ka e hanang. Na mohiri wa hao o o fa bonase eo e le karolo ya ho keteka letsatsi la phomolo kapa na o nka feela e le tsela ya ho o leboha ka mosebetsi o motle oo o o etsang?
-
Motho o o fa mpho nakong ya matsatsi a phomolo. A ka nna a re: “Ke a tseba hore ha o keteke letsatsi lena la phomolo empa ke batla ho o fa mpho ena.” Mohlomong motho eo o mpa feela a le mosa. Ho thweng haeba o nahana hore motho eo o batla ho bona hore na o tiile nthong eo o e dumelang, kapa o batla hore o keteke letsatsi leo? Ka mora ho nahana ka dintlha tsena, o tla iketsetsa qeto ya hore na o tla amohela mpho eo kapa tjhe. Diqetong tsohle tseo re di etsang, re batla ho tshepahalla Jehova le hore re se ke ra ba le letswalo le molato.—Liketso 23:1.
Kgutlela kgaolong ya 44 ntlheng ya 1
6. Mafu a Tshwaetsanwang
Ka ha re rata batho re etsa sohle seo re ka se kgonang hore re se ke ra ba tshwaetsa ha re tshwerwe ke mafu a tshwaetsanwang, esita le haeba re belaela hore a re tshwere. Re etsa jwalo hobane Bibele e re: “O rate moahelani wa hao jwalo ka ha o ithata.”—Baroma 13:8-10.
Re ka etsang ho bontsha hore re mamela taelo ee? Motho ya tshwerweng ke lefu le ka tshwaetsang batho ba bang o lokela ho qoba ho etsa dintho tse kang ho haka batho kapa ho ba suna. Ha a lokela ho utlwa bohloko ha batho ba bang ba sa mo memele malapeng a bona hobane ba batla ho itshireletsa le ho sireletsa ba malapa a bona. Hape pele a kolobetswa o lokela ho bolella mohokahanyi wa sehlopha sa baholo ka lefu leo e le hore ho ka etswa ditlhophiso tsa hore ho sireletswe batho ba bang ba tlo kolobetswa. Pele motho a ka ratana, o lokela ho etsa diteko tsa madi haeba ho kile ha etsahala hore a be kotsing ya ho tshwarwa ke lefu le tshwaetsanwang. Ha a etsa jwalo o a bontsha hore o rata batho ba bang hobane ha a ‘hlokomele dithahasello tsa ditaba tsa hae feela, empa hape o hlokomela dithahasello tsa ba bang.’—Bafilipi 2:4.
Kgutlela kgaolong ya 56 ntlheng ya 2
7. Ditaba Tsa Kgwebo le Tsa Molao
Re ka qoba mathata a mangata ka hore re ngole fatshe ditumellano tsohle tse amanang le kgwebo le tjhelete esita le haeba ke ditumellano tseo re di entseng le Mokrestemmoho. (Jeremia 32:9-12) Ho ntse ho le jwalo, Bakreste ba ka nna ba se ke ba utlwana ka ditaba tse amanang le tjhelete kapa dintho tse ding. Ba lokela ho lokisa ditaba tse jwalo ka potlako, ka kgotso ebile ba le bang.
Empa re lokela ho etsang haeba e mong a entse ntho e kgolo jwalo ka ho etsa bobodu kapa ho senya e mong lebitso? (Bala Matheu 18:15-17.) Jesu o re file mehato e meraro eo re lokelang ho e latela:
-
Lekang ho lokisa taba le le bang. (Sheba temana ya 15.)
-
Haeba mohato wa pele o sa sebetse, kopa Mokreste a le mong kapa ba babedi bao e leng kgale ba di bona hore ba tsamaye le wena. (Sheba temana ya 16.)
-
Haeba bothata bo ntse bo sa rarollehe, ke hona o ka kopang thuso ya baholo. (Sheba temana ya 17.)
Maemong a mangata, ha re a lokela ho isa bara le baradibabo rona makgotleng hobane ho etsa jwalo ho ka senya lebitso la Jehova ha ba ha hlahisa phutheho hampe. (1 Bakorinthe 6:1-8) Empa ho na le maemo a ka hlokang hore motho a ye makgotleng, jwalo ka ho hlala, ho fumana tokelo ya molao ya ho hodisa ngwana, ho fumana tjhelete ya ho hlokomelwa ke molekane, ho batla tjhelete ya inshorense eo motho a e fumanang haeba a tswile kotsi mosebetsing, haeba motho ya nang le dikoloto tse kgolo a sa kgone ho di patala kapa ho phethahatswa ha lengolo le bontshang thato ya mofu. Haeba Mokreste a ya makgotleng ho rarolla ditaba tse jwalo ka kgotso, o tla be a sa tlole molao wa Modimo.
Haeba Mokreste a tlalehela ba boholong pusong ka tlolo ya molao e kang peto, tlhekefetso ya ngwana, ho lwantshwa, boshodu kapa polao, o tla be a sa tlole molao wa Modimo.
a Ha o bala ho tloha ka selemo sa 455 B.C.E. (e leng pele ho mehla ya Jesu) ho fihlela ka selemo sa 1 B.C.E. o fumana dilemo tse 454. Ha o bala ho tloha ka selemo sa 1 B.C.E. ho fihlela ho sa 1 C.E. (e leng mehleng ya Jesu) o fumana selemo se le seng (dilemo di ne di qala ho 1 eseng ho 0). Ho tloha ka selemo sa 1 C.E. ho fihlela ho sa 29 C.E. ke dilemo tse 28. Ha re di kopanya re fumana dilemo tse 483.
b E le hore o fumane tlhaloso ya mekgwa ena, bala Molula-Qhooa wa October 15, 2000 sehloohong sa “Dipotso Tse Tswang ho Babadi.”