Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 53

Kgetha ho Ithabisa ka Tsela e Tla Kgahlisa Jehova

Kgetha ho Ithabisa ka Tsela e Tla Kgahlisa Jehova

Jehova ke “Modimo ya thabileng.” (1 Timothea 1:11) O batla hore re thabe re be re thabele bophelo. O a thaba ha re ipha nako ya ho phomola mesebetsing eo re e etsang. Kgaolong ena re tlo bona hore na ke jwang re ka sebedisang nako ya ho phomola ka tsela e monate, e kgotsofatsang le e thabisang Jehova.

1. Ha re kgetha dintho tseo re tla ithabisa ka tsona re lokela ho hopolang?

O rata ho etsang ha o phomotse? Batho ba bang ba rata ho dula hae moo ho thotseng ba ipalle dibuka, ba mamele mmino, ba shebelle difilimi kapa ba kene Inthaneteng. Ba bang ba rata ho hlwa dithaba, ho sesa kapa ho bapala dipapadi tse itseng le metswalle ya bona. Ho sa tsotellehe hore na re kgetha ho ithabisa jwang, re lokela ho etsa bonnete ba hore tsela eo re ithabisang ka yona ke e “amohelehang ho Morena.” (Baefese 5:10) Taba ena ke ya bohlokwa hobane hangata batho ba ithabisa ka dintho tseo Jehova a di hloileng. Ka mohlala, ba mamela le ho shebella dintho tse nang le ntwa, boitshwaro bo bobe le bodemona ebile ba a di etsa. (Bala Pesaleme ya 11:5.) Keng e tla re thusa hore re kgethe dintho tseo re ithabisang ka tsona ka tsela e bohlale?

Haeba re kgetha metswalle e ratang Jehova, e tla re susumetsa hore re etse dintho tse ntle re be re kgethe boithabiso bo molemo. Jwalo ka ha re ithutile kgaolong e fetileng, motho “ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” Empa haeba re tlwaelane le batho ba sa rateng melao ya Modimo, ‘dintho di tla re tsamaela hampe.’​—Liproverbia 13:20.

2. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re lekanyetse nako eo re e qetang re ithabisa?

Esita le haeba dintho tseo re ithabisang ka tsona di se mpe, ha re a lokela ho qeta nako e ngata haholo re le ho tsona. Ho seng jwalo re ke ke ra ba le nako e lekaneng ya ho etsa dintho tsa bohlokwa. Bibele e re kgothalletsa hore “[re] ithekele nako e loketseng.”​—Bala Baefese 5:15, 16.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Ithute hore na o ka etsa diqeto tse nepahetseng jwang ha o kgetha boithabiso.

3. Qoba ho ithabisa ka dintho tse fosahetseng

Ke hobaneng ha re lokela ho kgetha boithabiso ka hloko? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.

  • Dipapadi tsa ntwa tsa Roma ya boholoholo di tshwana jwang le boithabiso bo bong ba mehleng ee?

  • Videong ee, Danny o ithutileng ka boithabiso?

Bala Baroma 12:9 ebe le buisana ka potso ena:

  • Temana ee e o thusa jwang hore o kgethe boithabiso bo nepahetseng?

Ke dintho dife tseo Jehova a di hloileng? Bala Liproverbia 6:16, 17 le Bagalata 5:19-21. Ka mora ho bala lengolo ka leng, buisanang ka potso ena:

  • Ke dintho dife tseo ho builweng ka tsona ditemaneng tsee, tse tlwaelehileng boithabisong ba batho kajeno?

 Dipotso tse ka o thusang ho kgetha boithabiso ka bohlale

Ipotse:

  • Ke eng? Na bo na le dintho tseo Jehova a di hloileng?

  • Neng? Na bo ntshitisa ho etsa dintho tsa bohlokwa?

  • Le mang? Na bo etsa hore ke qete nako e ngata le batho ba sa rateng Jehova?

Ho molemo ho tsamaella hole le kotsi. Ka tsela e tshwanang re lokela ho qoba boithabiso bo fosahetseng

4. Sebedisa nako ya hao hantle

Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Le hoja abuti ya hlahang videong ee a ne a sa etse letho le lebe, bothata ba hae e ne e le bofe tseleng eo a sebedisang nako ka yona?

Bala Bafilipi 1:10 ebe le buisana ka potso ena:

  • Temana ee e ka re thusa jwang ha re etsa qeto ya hore na re tla qeta nako e kae re ithabisa?

5. Kgetha boithabiso bo tla o tswela molemo

Le hoja ho na le boithabiso bo sa thabiseng Jehova, ho ntse ho na le dintho tse ngata tse monate tse mo thabisang. Bala Moeklesia 8:15 le Bafilipi 4:8 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke boithabiso ba mofuta ofe boo o bo thabelang?

O ka kgona ho ithabisa ka dintho tse tla o tswela molemo

BATHO BA BANG BA RE: “Ha ho na letho le phoso ka ho ithabisa ka dintho tse nang le ntwa, boitshwaro bo bobe kapa bodemona, hafeela nna ke sa di etse.”

  • Wena o ka reng?

KAKARETSO

Jehova o batla hore re ithabise ka tsela e tla re tswela molemo.

Re Ithutileng?

  • Bakreste ba lokela ho qoba ho ithabisa ka dintho tse jwang?

  • Ke hobaneng ha re sa lokela ho qeta nako e ngata haholo re ithabisa?

  • Ke hobaneng ha o batla ho ithabisa ka tsela e kgahlisang Jehova?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Hlokomela hore na ke mang ya lokelang ho o kgethela dintho tseo o ithabisang ka tsona.

“Na ho na le Difilimi, Dibuka Kapa Dipina Tseo le di Hanelang?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na o ka etsa diqeto tse nepahetseng jwang tabeng ya ho kgetha boithabiso.

“Na Boithabiso ba Hao bo o Tswela Molemo?”(Molula-Qhooa, October 15, 2011)

Paleng ya bophelo e nang le sehlooho se reng “Ke ile ka Kgaotsa le ho Hloya Makgowa,” bona hore na ke hobaneng ha ntate e mong a ile a fetola dintho tseo a neng a ithabisa ka tsona.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, February 1, 2010)

Shebella ha mme e mong a etsa qeto e ntle ya ho se shebelle dintho tse nang le bodemona.

Qoba Boithabiso bo Nang le Bodemona (2:02)