Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 11

Bophelo ba Lenyalo ka Mora Letsatsi la Letjhato

Bophelo ba Lenyalo ka Mora Letsatsi la Letjhato

“Lerato ha le fele le ka mohla.” —1 BAKORINTHE 13:8.

1, 2. Na ho ba le mathata lenyalong ho bolela hore lenyalo le senyehile? Hlalosa.

LENYALO ke mpho e tswang ho Jehova. Le ka etsa hore motho a thabele bophelo. Le ha ho le jwalo, lenyalo le leng le le leng le na le mathata a lona. Ka dinako tse ding, ho ka bonahala e ka le ka mohla mathata ao a ke ke a fela. Sena se ka etsa hore monna le mosadi ba se ke ba utlwa ba ratana jwalo ka pele.

2 Ha re a lokela ho makala haeba ho hlaha mathata a itseng lenyalong, ka ha seo ha se bolele hore lenyalo la hao le fedile. Esita le banyalani ba neng ba na le mathata a boima haholo, ba ile ba fumana ditsela tsa ho lokisa dintho le ho etsa hore lenyalo la bona le be matla. Ba entse seo jwang?

ATAMELANG HAUFI LE MODIMO MME LE MOMAHANE

3, 4. Ka dinako tse ding ho ka etsahalang lenyalong?

3 Lenyalo le kopantse batho ba babedi ba sa tshwaneng, ba rata dintho tse sa tshwaneng, ba na le maikutlo a sa tshwaneng ebile ba etsa dintho ka tsela e sa tshwaneng. Hape e ka nna ya ba ha ba a hodiswa ka tsela e tshwanang kapa ba tswa ditsong tse fapaneng. Banyalani ba hloka nako le boiteko bo matla e le hore ba tsebane ka ho felletseng le hore ba utlwisise tsela eo e mong a etsang dintho ka yona.

4 Ha nako e ntse e ya, maemo a ka fetoha hoo monna le mosadi ba ka qetellang ba se ba sa etse dintho hammoho. Ho ka bonahala e ka e mong le e mong o phela ka tsela eo a e batlang. Keng e ka ba thusang hore ba boele ba ratane hape?

Keletso ya Bibele e ka thusa hore lenyalo e be le atlehileng

5. (a) Keng e ka thusang Mokreste hore a momahane le molekane wa hae? (b) Baheberu 13:4, e re re lokela ho nka lenyalo jwang?

5 Jehova o fana ka keletso ya bohlokwa haholo e ka thusang wena le molekane wa hao hore le momahane hape le atamele haufi le yena. (Pesaleme ya 25:4; Esaia 48:17, 18) O re ho rona: “Lenyalo le ke le hlomphehe hara bohle.” (Baheberu 13:4) Haeba re nka ntho e le ya bohlokwa, re tla e hlompha, re e sireletse re be re e baballe. Ke ka tsela eo Jehova a batlang hore re nke lenyalo ka yona.

HA LE RATA JEHOVA LE TLA THABA LENYALONG LA LONA

6. Matheu 19:4-6 e re Jehova o tadima lenyalo jwang?

6 Jehova ke yena moqapi wa lenyalo. Mora wa hae Jesu, o ile a re: “Na ha lea ka la bala hore ya ba bopileng tshimolohong o ba entse e le e motona le e motshehadi mme a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siya Ntatae le Mmae mme o tla kgomarela mosadi wa hae, mme bao ba babedi e tla ba nama e le nngwe’? E leng hore ha ba sa le babedi, empa e se e le nama e le nngwe. Ka hona, seo Modimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e ba le motho ya se arolang.” (Matheu 19:4-6) Haesale ho tloha qalong morero wa Jehova e le hore lenyalo le tshwarelle. O batla hore ditho tsa malapa di thabe hape di natefelwe ke ho phela mmoho.

7. Ke jwang monna le mosadi ba ka matlafatsang lenyalo la bona?

7 Nnete ke hore kajeno banyalani ba kopana le mathata a mangata ho feta le ha e le neng pele. Ka dinako tse ding, mathata a ba imela haholo, mme ba a nyahama, ba bona ho se tsela ya hore dintho di ka loka. Empa re ka thuswa ke ho utlwisisa hore na Jehova o tadima lenyalo jwang.—1 Johanne 5:3.

8, 9. (a) Ke neng moo re lokelang ho latela tataiso ya Jehova mabapi le lenyalo? (b) Re ka bontsha jwang hore re nka lenyalo la rona e le la bohlokwa?

8 Ka mehla Jehova o fana ka tataiso e re tswelang molemo. Jwalo ka ha re hlokometse, o re fa keletso e reng: “Lenyalo le ke le hlomphehe.” (Baheberu 13:4; Moeklesia 5:4) Haeba re latela keletso ena ya Jehova le ha ho le boima, ditlamorao e tla ba tse thabisang.—1 Bathesalonika 1:3; Baheberu 6:10.

9 Ka ha re nka lenyalo la rona e le la bohlokwa, re batla ho qoba ho etsa kapa ho bua dintho tse ka le senyang. Ho e na le hoo, re batla ho matlafatsa dikamano tsa rona le balekane ba rona. E be re ka etsa seo jwang?

HLOMPHA LENYALO LA HAO KA SEO O SE BUANG LE SEO O SE ETSANG

10, 11. (a) Ke bothata bofe bo teng manyalong a mang? (b) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho bontsha tlhompho ha o bua le monna kapa mosadi wa hao?

10 Ho na le ditsela tse fapaneng tseo ka tsona motho a ka utlwisang molekane wa hae bohloko. Re a tseba hore Bakreste ha ba a lokela ho shapa balekane ba bona kapa hona ho etsa ntho le ha e le e fe e ka ba lematsang mmeleng. Le ha ho le jwalo, re ntse re ka utlwisa balekane ba rona bohloko ka mantswe. Mantswe a rona a ka ba jwalo ka dibetsa. Mosadi e mong o re: “Monna wa ka o nhlaba ka mantswe. Ke nnete hore ke bonahala ke sena maqeba, empa dipuo tsa hae tse hlabang, tse kang ‘O morwalo!’ le ‘Ke hore ha o na thuso ya letho!’ di lemaditse pelo ya ka haholo.” Monna e mong le yena o re mosadi wa hae o dula a bua mantswe a nyahamisang ebile o mmitsa ka mabitsobitso. O re: “Ha ke kgone le ho hlalosa dintho tseo a di buang ho nna. Ke ka hoo ke sa kgoneng le ho bua le yena, ke bileng ke dulang ke sebetsa ho fihlela bosiu. Ho itulela mosebetsing ho betere ho feta ho ya hae.” Matsatsing ana ho bua mantswe a nyefolang le a utlwisang bohloko, e se e le ntho e tlwaelehileng.

11 Ha monna le mosadi ba hlabana ka mantswe, seo se baka bohloko bo otlang pelo, bo tla nka nako e telele ho fola. Ho hlakile hore ona ha se mokgwa oo Jehova a batlang hore monna le mosadi ba phele ka ona. Empa ho ntse ho ka etsahala hore o utlwise molekane wa hao bohloko o sa hlokomele. O ka nna wa utlwa e ka o bua le molekane wa hao ka mosa, empa na ke ka moo yena a ikutlwa ka teng? Na o tla susumelletseha ho fetoha haeba ho na le dintho tse ding tse itseng tseo o di buang tse utlwisang molekane wa hao bohloko?—Bagalata 5:15; bala Baefese 4:31.

12. Mokgwa oo motho a sebedisanang le molekane wa hae ka ona, o ka ama setswalle sa hae le Jehova jwang?

12 Jehova o batla hore o bue le molekane wa hao hantle ka dinako tsohle. (Bala 1 Petrose 3:7.) Jakobo 1:26 e re hopotsa hore: “Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapedi ya kgomaretseng molao le ha ho le jwalo a sa laole leleme la hae jwalo ka ha eka ke ka tomo, empa a tswela pele ho thetsa pelo ea hae, mofuta wa borapedi wa motho enwa ke lefeela.”

13. Ke tsela efe e nngwe eo ka yona motho a ka utlwisang molekane wa hae bohloko?

13 Ho na le ditsela tse ding hape tseo banyalani ba ka bontshang ka tsona hore ba a nahanelana. Ka mohlala, molekane wa hao o ne a tla ikutlwa jwang haeba o qeta nako le motho e mong o sele? E ka nna ya ba o kopana le motho enwa ka mabaka a utlwahalang, a kang ho ya tshimong kapa mohlomong ho mo thusa ka mathata a hae, empa na molekane wa hao o thabela seo? Mosadi e mong wa Mokreste o re: “Ha ke bona monna wa ka a dula a na le moradi e mong wabo rona ka phuthehong, ke utlwa bohloko. Seo se etsa hore ke utlwe e ka o nkgella fatshe.”

14. (a) Re ithuta thuto efe ya bohlokwa ho Genese 2:24? (b) Re lokela ho ipotsa dipotso dife?

14 Ka ha re Bakreste, re na le boikarabelo ba ho hlokomela batswadi ba rona le bara le baradibabo rona ka phuthehong. Ho ntse ho le jwalo, ha motho a nyala kapa a nyalwa, boikarabelo ba hae bo ka sehloohong e se e le ho hlokomela molekane wa hae. Ke ka hoo Jehova a ileng a re, monna o tla ‘kgomarela mosadi wa hae.’ (Genese 2:24) Re lokela ho nka maikutlo a molekane wa rona ka botebo. Ako ipotse: ‘Na ke fa molekane wa ka nako, na ke ya mo hlompha kapa na ke mo fa tlhokomelo e mo tshwanelang?’

15. Ke hobaneng ha Bakreste ba lenyalong ba lokela ho qoba ho tlwaelana ho feta tekano le batho bao eseng balekane ba bona?

15 Haeba re tlwaelana ho feta tekano le motho eo e seng molekane wa rona, seo se ka tlisa mathata lenyalong. Re ka iphumana re se re nkehile maikutlo, hoo re ka qetelletseng re rata motho enwa ho feta molekane wa rona. (Matheu 5:28) Maikutlo ao, a ka hola ka pelong ya rona mme ra susumelletseha ho etsa ntho e tla hlompholla lenyalo la rona.

“DIPHATE TSA LENYALO DI HLOKE DITSHILA”

16. Bibele e fana ka taelo efe mabapi le lenyalo?

16 Ka mora hore Bibele e re “Lenyalo le ke le hlomphehe,” e eketsa ka hore: “Diphate tsa lenyalo di hloke ditshila, ka ha Modimo o tla ahlola dihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Ha ho buuwa ka “diphate tsa lenyalo” mona, ho bolelwa dikamano tsa thobalano pakeng tsa monna le mosadi. (Liproverbia 5:18) Jwale re ka bontsha jwang hore re hlompha lenyalo ebile ha re batle ho le silafatsa?

17. (a) Kajeno batho ba bangata ba nka bofebe jwang? (b) Bakreste bona ba bo nka jwang?

17 Batho ba bang ba re ha ho na phoso ka ho se tshepahalle balekane ba bona. Empa rona ha re batle ho iphumana re e na le boikutlo boo. Jehova o ile a totobatsa taba ya hore o hloile boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano le ho etsa bofebe. (Bala Baroma 12:9; Baheberu 10:31; 12:29) Haeba re ne re ka etsa thobalano le motho eo eseng molekane wa rona, seo se ne se tla sifalafatsa lenyalo la rona. Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore ha re hlomphe melao ya Jehova mme re tla senya setswalle sa rona le yena. Ka hoo, re lokela ho qoba ho nka mohato le ha e ka ba o le mong feela o ka etsang hore re febe. Sena se akarelletsa ho qoba ho ba le menahano e fosahetseng ka motho e mong.—Jobo 31:1.

18. (a) Ke hobaneng ha ho etsa bofebe ho tshwana le ho rapela medimo ya bohata? (b) Jehova o nka bofebe jwang?

18 Mehleng ya Baiseraele, tlasa Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, bofebe bo ne bo nkwa e le sebe se tebileng, bo bile bo tshwantshwa hantle le ha motho a rapela medimo ya bohata. Ka hoo, kahlolo ya dibe tsena ka bobedi e ne e le lefu. (Levitike 20:2, 10) Ke jwang ho ka thweng bofebe bo ne bo tshwana le ho rapela medimo ya bohata? Haeba Moiseraele a ne a rapela medimo ya bohata, o ne a tla be a sa tshepahalle Jehova. Athe haeba a ne a entse bofebe, o ne a tla be a sa tshepahalle molekane wa hae. (Exoda 19:5, 6; Deuteronoma 5:9; bala Malakia 2:14) Ho hlakile hore Jehova o ne a nka bofebe e le sebe se tebileng.

19. Keng se ka re thusang hore re qobe ho etsa bofebe?

19 Hothweng kajeno? Le hoja re se tlasa Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, empa pono ya Jehova ka bofebe e ntse e so fetohe. Jwalo ka ha re ke ke ra rapela medimo ya bohata, ka tsela e tshwanang, ha re a lokela ho etsa bofebe. (Pesaleme ya 51:1, 4; Bakolose 3:5) Haeba re etsa sena, re tla be re hlompholla lenyalo la rona le Modimo wa rona, Jehova.—Sheba Ntlha ya 26 e hlahang qetellong ya buka.

O KA MATLAFATSA LENYALO LA HAO JWANG?

20. Bohlale bo ka thusa banyalani jwang?

20 O ka matlafatsa lenyalo la hao jwang? Lentswe la Modimo le re: “Ntlo e tla hahuwa ka bohlale, mme e tla tiiswa ka thata ka masene.” (Liproverbia 24:3) Ntlo e ka ba e batang, e se nang thepa kapa yaba e futhumetseng le e sireletsehileng. Ho tshwana hantle le lenyalong. Motho ya bohlale o etsa bonnete ba hore lenyalo la hae le sireletsehile, le mofuthu hape le monate.

21. Ho ba le tsebo ho ka matlafatsa lenyalo jwang?

21 Bibele ha e bua ka ntlo eo, e eketsa ka ho re: “Ka tsebo dikamore tse ka hare di tla tlala dintho tsohle tsa bohlokwa le tse kgahlisang tsa bohlokwa.” (Liproverbia 24:4) Seo o ithutang sona Lentsweng la Modimo, se ka etsa hore lenyalo la hao e be le atlehileng. (Baroma 12:2; Bafilipi 1:9) Ha le bala Bibele le dingolwa hammoho, buisanang ka seo le ithutang sona le hore na le ka se sebedisa jwang lenyalong la lona. Batlang ditsela tseo ka tsona le ka bontshanang hore le a ratana, le a hlomphana, le mosa ebile le a nahanelana. Kopa Jehova ho o thusa hore o be le makgabane a tla ntlafatsa lenyalo la hao, e leng se tla etsa hore molekane wa hao a o rate le ho feta.—Liproverbia 15:16, 17; 1 Petrose 1:7.

Itshetleheng ka Jehova e le hore a le tataise nakong ya borapedi ba lelapa

22. Ke hobaneng ha re lokela ho bontsha balekane ba rona lerato le tlhompho?

22 Re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho tshwara balekane ba rona ka tsela e lerato le ka tlhompho. Ka tsela e jwalo, lenyalo la rona e tla ba le mofuthu le le matla. Ha bohlokwa le ho feta, re tla thabisa Jehova.—Pesaleme ya 147:11; Baroma 12:10.