Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dintlha Tse Hlahang Qetellong ya Buka

Dintlha Tse Hlahang Qetellong ya Buka

 1 MELAOMOTHEO

Melao ya Modimo e itshetlehile melaomotheong ya hae. Melaomotheo ena re e fumana ka Bibeleng. E re thusa ho utlwisisa ka moo Modimo a nahanang le ho ikutlwa ka teng ka dintho. Melaomotheo ena e re thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng. E re thusa haholo maemong ao ho ona Modimo a sa behang melao e tobileng ya seo re lokelang ho se etsa kapa ho se qoba.

Kgaolo ya 1, serapa sa 8

 2 MAMELA

Ho mamela Jehova ho bolela hore re ikemiseditse ho etsa sohle seo a reng re se etse. Jehova o batla hore re mo mamele hobane re mo rata. (1 Johanne 5:3) Haeba re rata Modimo ebile re mo tshepa, re tla mamela dikeletso tsa hae ka dinako tsohle. Re a mo mamela le hoja ho ka ba boima ho etsa seo. Ho molemong wa rona ho re re mamele Jehova, hobane o re ruta hore na ke jwang re ka bang le bophelo bo botle hona jwale, ebile o re tshepisa hore re tla thabela ditlhohonolofatso tse ngata le nakong e tlang.—Esaia 48:17.

Kgaolo ya 1, serapa sa 10

 3 BOLOKOLOHI

Jehova o file e mong le e mong wa rona bolokolohi kapa bokgoni ba ho iketsetsa diqeto. Ha a re etsa hore re tshwane le diroboto. (Deuteronoma 30:19; Joshua 24:15) Re ka sebedisa bolokolohi bona ho etsa diqeto tse nepahetseng. Empa haeba re sa hlokomele, re ka etsa diqeto tse fosahetseng. Ho ba le bolokolohi ho bolela hore re tlameha ho ikgethela hore na re tla tshepahalla Jehova mme re bontshe hore re a mo rata.

Kgaolo ya 1, serapa sa 12

 4 MELAO YA BOITSHWARO

Jehova o fane ka ditaelo tsa hore na re itshware jwang. Re ka fumana ditaelo tsena ka Bibeleng mme ra boela ra bona hore na di ka re thusa jwang hore re thabele bophelo. (Liproverbia 6:16-19; 1 Bakorinthe 6:9-11) Ditaelo tsena di re thusa ho bona hore na ke sefe seo Modimo a se nkang se nepahetse kapa se fosahetse. Di boetse di re thusa ho bona hore na ke jwang re ka etsang diqeto tse nepahetseng, ra rata batho ba bang le ho ba bontsha mosa. Le hoja kajeno batho ba ntse ba tswelapele ho hloka boitshwaro, melao ya Jehova yona e ntse e so fetohe. (Deuteronoma 32:4-6; Malakia 3:6) Ho latela melao ena, ho re thusa hore re se ke ra utlwa bohloko maikutlong le mmeleng.

Kgaolo ya 1, serapa sa 17

 5 LETSWALO

Letswalo ke ntho e ka hare ho rona e re bolellang ha re etsa hantle kapa hampe. Jehova o file e mong le e mong wa rona letswalo. (Baroma 2:14, 15) Re lokela ho kwetlisa matswalo a rona ka melao ya Jehova e le hore a sebetse hantle. Ka hoo, a tla re thusa hore re etse diqeto tse thabisang Modimo. (1 Petrose 3:16) Matswalo a rona a ka re lemosa haeba re tlo etsa qeto e fosahetseng kapa a etsa hore re ikutlwe re le molato ka mora ho etsa se fosahetseng. Matswalo a rona a ka fokola empa ka thuso ya Jehova a ka boela a matlafala. Haeba re e na le letswalo le hlwekileng, re tla ba le kgotso mme re tla itlhompha.

Kgaolo ya 2, serapa sa 3

 6 TSHABA MODIMO

Ho tshaba Modimo ho bolela hore re mo rata le ho mo hlompha haholo, hoo re sa batleng ho etsa ntho e tla mo utlwisa bohloko. Ho tshaba Modimo ho tla re thusa hore re etse se nepahetseng mme re qobe se fosahetseng. (Pesaleme ya 111:10) Ho tla etsa hore re mamele sohle seo Jehova a re bolellang sona. Ho boetse ho re thusa hore re phethahatse seo re mo tshepisitseng sona hobane re mo hlompha haholo. Ho tshaba Modimo ho ama tsela eo re nahanang le ho tshwara ba bang ka yona, haesita le diqeto tseo re di etsang letsatsi le letsatsi.

Kgaolo ya 2, serapa sa 9

 7 HO BAKA

Ho baka ho akarelletsa ho swabela ntho e mpe eo o e entseng. Batho ba ratang Modimo ba a swaba ha ba elellwa hore ba entse ntho e kgahlanong le melao ya Modimo. Haeba re entse phoso, re lokela ho kopa Jehova hore a re tshwarele ka sehlabelo sa mora wa hae Jesu. (Matheu 26:28; 1 Johanne 2:1, 2) Haeba re baka e le kannete mme re tlohela ho etsa se fosahetseng, re ka kgodiseha hore Jehova o tla re tshwarela. Ha ho hlokahale hore re tshwenyehe ka dintho tseo re ileng ra di etsa nakong e fetileng. (Pesaleme ya 103:10-14; 1 Johanne 1:9; 3:19-22) Re lokela ho sebetsa ka thata ho ithuta diphosong tsa rona, le ho fetola tsela eo re nahanang ka yona mme re phele tumellanong le melao ya Jehova.

Kgaolo ya 2, serapa sa 18

 8 HO KGAOLWA

Haeba motho a entse sebe se tebileng mme a sa se bakele le ho phela ka melao ya Jehova, ha ho kgonahale hore e nne ebe karolo ya phutheho. O lokela ho kgaolwa. Ha motho a se a kgaotswe, ha re a lokela ho itswakanya kapa ho bua le yena. (1 Bakorinthe 5:11; 2 Johanne 9-11) Tokisetso ena e sireletsa lebitso la Jehova le phutheho. (1 Bakorinthe 5:6) Ho kgaolwa ke tsela ya ho thusa mofosi ho tlohela dintho tse mpe tseo a di etsang mme a kgutlele ho Jehova.—Luka 15:17.

Kgaolo ya 3, serapa sa 19

 9 KELETSO LE TATAISO

Jehova o a re rata ebile o batla ho re thusa. Ke ka hoo a re tataisang le ho re eletsa a sebedisa Bibele le Bakrestemmoho. Re hloka thuso ena haholo hobane ha re a phethahala. (Jeremia 17:9) Haeba re hlompha le ho mamela bao Jehova a ba sebedisang ho re eletsa, re tla be re bontsha hore re hlompha Jehova ebile re a mo mamela.—Baheberu 13:7.

Kgaolo ya 4, serapa sa 2

 10 BOIKGOHOMOSO LE BOIKOKOBETSO

Ka ha ha re a phethahala, ho bonolo hore re ikgohomose. Empa Jehova o lebelletse hore re ikokobetse. Hangata re ithuta ho ba le boikokobetso ha re ipapisa le Jehova mme re hlokomela hore na re banyane hakae. (Jobo 38:1-4) Tsela e nngwe ya bohlokwa eo re ka bontshang boikokobetso ka yona, ke ka hore re nahane haholo ka seo batho ba bang ba se hlokang ho feta seo rona re se hlokang. Hangata boikgohomoso bo etsa hore motho a nahane hore o phahametse ba bang. Motho ya ikokobeditseng o kgona ho lemoha makgabane le mefokolo ya hae. Ha a tshabe ho dumela hore o entse phoso le ho kopa tshwarelo, ebile o amohela keletso le tayo. Motho ya ikokobeditseng o itshetleha ka Jehova mme o latela tataiso ya hae.—1 Petrose 5:5.

Kgaolo ya 4, serapa sa 4

 11 BOLAODI

Bolaodi ke tokelo eo motho a nang le yona ya hore a fane ka ditaelo le ho etsa diqeto. Jehova ke yena ya nang le bolaodi bo boholo lehodimong le lefatsheng. Ka ha o bopile dintho tsohle, ke yena motho ya nang le matla ka ho fetisisa lehodimong le lefatsheng. O dula a sebedisa matla a hae hore a thuse batho ba bang. Jehova o file batho ba bang boikarabelo ba ho re hlokomela. Ka mohlala, Jehova o batla hore re mamele mebuso, baholo ba phutheho le batswadi ba rona. (Baroma 13:1-5; 1 Timothea 5:17) Empa haeba melao ya batho e le kgahlanong le melao ya Modimo, re mamela Modimo ho e na le batho. (Liketso 5:29) Haeba re mamela bolaodi ba batho bao Jehova a ba sebedisang, re bontsha Jehova hore re hlompha diqeto tsa hae.

Kgaolo ya 4, serapa sa 7

 12 BAHOLO

Jehova o sebedisa baholo hore ba hlokomele phutheho ya hae. (Deuteronoma 1:13; Liketso 20:28) Banna bana ba re thusa hore re dule re e na le kamano e haufi le Jehova, le hore re mo rapele ka tsela e hlophisehileng re sa sitiswe ke letho. (1 Bakorinthe 14:33, 40) E le hore motho ebe moholo, o lokela ho ba le ditshwaneleho tse hlahang ka Bibeleng mme Jehova o sebedisa moya o halalelang ho mo kgetha. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9; 1 Petrose 5:2, 3) Ka ha re tshepa le ho tshehetsa mokgatlo wa Modimo, sena se etsa hore re sebedisane le baholo re thabile.—Pesaleme ya 138:6; Baheberu 13:17.

Kgaolo ya 4, serapa sa 8

 13 HLOOHO YA LELAPA

Jehova o file batswadi boikarabelo ba ho hlokomela bana le lelapa. Le ha ho le jwalo, Bibele e re monna ke hlooho ya lelapa. Empa haeba ho se na ntate ka lapeng, mme e tla ba yena hlooho ya lelapa. Boikarabelo ba hlooho ya lelapa ke ho etsa bonnete ba hore lelapa le na le dijo, diaparo le bodulo. Ke ha bohlokwa le ho feta hore hlooho ya lelapa e etelle pele ho thusa lelapa hore le sebeletse Jehova. Ka mohlala, o etsa bonnete ba hore ba ya dibokeng kamehla, tshimong ebile ba ithuta Bibele mmoho. Hlooho ya lelapa e boetse ke yona e etsang diqeto. E leka ka hohle ho etsisa Jesu ka hore e be mosa mme e mamele maikutlo a batho ba bang ho e na le hore e ba hatelle. Sena se thusa hore ho be le lerato, e leng se etsang hore lelapa le dule le sireletsehile mme le ntlafatse kamano ya lona le Jehova.

Kgaolo ya 4, serapa sa 12

 14 SEHLOPHA SE BUSANG

Sehlopha se Busang se entswe ka banna ba nang le tshepo ya ho phela lehodimong, bao Modimo a ba sebedisang ho hlokomela mosebetsi oo bahlanka ba hae ba o etsang. Le nakong e fetileng, Jehova o ile a nna a sebedisa sehlopha se busang ho tataisa Bakreste ba nakong eo tshebeletsong ya bona. (Liketso 15:2) Bara bana babo rona ba Sehlopha se Busang, ba etella pele ho sireletsa le ho tataisa batho ba Modimo. Ba etsa diqeto ba itshetlehile ka Lentswe la Modimo le moya wa hae o halalelang. Jesu o ile a re bara bana babo rona ke “lekgoba le tshepahalang le le masene.”—Matheu 24:45-47.

Kgaolo ya 4, serapa sa 15

 15 HO RWALA

Ka dinako tse ding ho ka etsahala hore moradiabo rona a kopuwe ho etsa mosebetsi oo ka tlwaelo o etswang ke morabo rona ka phuthehong. Ha a etsa mosebetsi ona, o bontsha hore o hlompha tokisetso ena ya Jehova ka hore a rwale hloohong. Le ha ho le jwalo, ke maemong a itseng feela moo ho hlokahalang hore a rwale. Ka mohlala, moradiwabo rona o lokela ho rwala hloohong haeba a ithuta Bibele le motho, moo molekane wa hae kapa morabo rona ya kolobeditsweng a leng teng.—1 Bakorinthe 11:11-15.

Kgaolo ya 4, serapa sa 17

 16 HO SE KENELLE DIPOLOTIKING

Sena se bolela hore ha re nke karolo dipolotiking. (Johanne 17:16) Bahlanka ba Jehova ba tshehetsa Mmuso wa hae. Jwalo ka Jesu, ha ba itswakanye le batho ba sa sebeletseng Jehova.

Jehova o re laela hore re ‘mamele mebuso le balaodi.’ (Tite 3:1, 2; Baroma 13:1-7) Hape molao wa Modimo o re ha re a lokela ho bolaya. Ka hoo, letswalo la Mokreste le ke ke la mo dumella hore a ye ntweng. Haeba a fumana mosebetsi wa ho etsa mesebetsi e itseng sesoleng, o tlameha ho hlokomela hore na letswalo la hae le ya mo dumella kapa tjhe.

Re sebeletsa Jehova feela, hobane ke yena Mmopi wa rona. Le hoja re hlompha matshwao a naha, re ke ke ra dumedisa folakga kapa ra bina pina ya setjhaba. (Esaia 43:11; Daniele 3:1-30; 1 Bakorinthe 10:14) Hape bahlanka ba Jehova ba etsa qeto ya hore ba se ke ba voutela mokgatlo le ha e le ofe wa dipolotiki kapa moetapele ya itseng. Lebaka ke hobane ba se ba kgethile mmuso wa Modimo.—Matheu 22:21; Johanne 15:19; 18:36.

Kgaolo ya 5, serapa sa 2

 17 MEKGWA YA BATHO BA SA RATENG MODIMO KAJENO

Batho bao re phelang hara bona ba bonahatsa menahano ya Satane. Menahano e jwalo e tlwaelehile ho batho ba sa rateng Jehova le ho mo etsisa le ba iphapanyetsang melao ya hae. (1 Johanne 5:19) Menahano ya mofuta ona le diketso tsa yona, di hlaloswa ka hore ke mekgwa ya batho ba sa rateng Modimo. (Baefese 2:2) Bahlanka ba Jehova ba etsa bonnete ba hore ha ba be le mekgwa ena e mebe. (Baefese 6:10-18) Ho e na le hoo, re rata tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona mme re sebetsa ka thata hore re nahane jwalo ka yena.

Kgaolo ya 5, serapa sa 7

 18 BOKWENEHI

Bokwenehi ke ho furalla nnete ya Bibele. Bakwenehi ke batho ba fetohelang Jehova le Jesu e leng Morena wa Mmuso wa Modimo, mme ba leka ho susumelletsa ba bang hore ba be ka lehlakoreng la bona. (Baroma 1:25) Ba batla ho etsa hore batho ba sebeletsang Jehova ba be le dipelaelo. Le phuthehong ya Bokreste ya mehleng ya kgale, ho ile ha ba le bakwenehi mme ba ntse ba le teng le kajeno. (2 Bathesalonika 2:3) Batho ba tshepahallang Jehova ha ba etse setswalle le bakwenehi. Re ke ke ra dumella hore kgatello e tswang ho batho ba bang e etse hore re bale kapa re mamele seo bakwenehi ba se buang. Re tshepahalla Jehova ebile re rapela yena feela.

Kgaolo ya 5, serapa sa 9

 19 HO KWAHELA DIBE

Tlasa Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, setjhaba sa Iseraele se ne se kopa hore Jehova a se tshwarele dibe. Ba ne ba tlisa mahlabelo a kang dijothollo, oli le diphoofolo tempeleng. Sena se ne se hopotsa Baiseraele hore Jehova o ikemiseditse ho tshwarela dibe tsa bona e le setjhaba kapa e le batho ka bo mong. Ha morao ha Jesu a ne a fana ka bophelo ba hae e le ho kwahela dibe tsa rona, sehlabelo sena sa ho kwahela dibe se ne se sa hlokahale. Jesu o fane ka sehlabelo sa bohlokwa ka ho fetisisa “hang le ka ho ke keng ha phetwa.”—Baheberu 10:1, 4, 10.

Kgaolo ya 7, serapa sa 6

 20 HO HLOKOMELA DIPHOOFOLO

Tlasa Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, batho ba ne ba dumelletswe ho ja diphoofolo. Ba ne ba boetse ba laetswe hore ba fane ka mahlabelo a tsona. (Levitike 1:5, 6) Empa Jehova ha a ka a dumella hore batho ba tshware diphoofolo hampe. (Liproverbia 12:10) Haele hantle, ho ne ho ena le Molao o sireletsang diphoofolo. Baiseraele ba ne ba laetswe hore ba hlokomele diphoofolo.—Deuteronoma 22:6, 7.

Kgaolo ya 7, serapa sa 6

 21 DIKAROLWANA TSA MADI LE MEKGWA YA PHEKOLO

Dikarolwana tsa madi. Madi a entswe ka dikarolo tse 4 tse bitswang ka hore ke disele tse kgubedu, disele tse tshweu, di-platelet le plasma (lero la madi). Dikarolwana tsa madi, di nkuwe dikarolong tsena tse 4. *

Bakreste ba hana ho tshela madi kapa e nngwe ya dikarolo tsa ona. Empa na ba lokela ho amohela dikarolwana tsa madi? Bibele ha e fane ka tataiso e hlakileng ntlheng ena. Ka hoo, Mokreste e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto a itshetlehile ka letswalo la hae le kwetlisitsweng ka Bibele.

Bakreste ba bang ba kgetha ho hana dikarolwana tsohle tsa madi. Ba ka nna ba re lebaka la bona ke hore Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, o ne o re madi a phoofolo a lokela ho ‘tshollelwa fatshe.’—Deuteronoma 12:22-24.

Ba bang ba kgetha se fapaneng. Matswalo a bona a ba dumella hore ba amohele dikarolwana tseo tsa madi. Ba ka nna ba fana ka lebaka la ho re dikarolwana tseo tse nyane ha di sa emela bophelo ba motho eo madi a nkuweng ho yena.

Pele o etsa qeto ya ho tshela dikarolwana tsa madi, ipotse dipotso tse latelang:

  • Na ke a hlokomela hore ho hana dikarolwana tsena tsa madi ho bolela hore ha ke na amohela meriana e lwantshang malwetse kapa e etsang hore ke se ke ka tswa madi nakong ya opereishene?

  • Ke tla reng ha ke hlalosetsa ngaka hore na ke hobaneng ha ke sa amohele kapa ke amohela dikarolwana tsa madi?

Mekgwa ya phekolo. Bakreste ha ba fane ka madi kapa hona ho re ba a boloke dibeke pele ba ka etsa opereishene. Le ha ho le jwalo, ho ntse ho na le mekgwa e meng e sebedisang madi a mokudi. Mokreste e mong le e mong o lokela ho etsa qeto ya hore na madi a hae a sebediswe jwang ha a etsa opereishene kapa a etsa diteko tsa madi. O lokela ho etsa sena hobane nakong eo, madi a hae a ka nna a tlameha ho ntshwa ka ho felletseng ka nakwana. E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng, sheba Tora ya ho Lebela ya October 15, 2000, leqephe 30-31.

Ka mohlala, hona le mokgwa wa phekolo o bitswang hemodilution, moo madi a mokudi a ntshwang nakong eo ho etswang opereishene ebe bakeng sa ona ho sebediswa volume expander. E be nakong ya opereishene kapa ka mora yona, madi a kgutlisetswa ho mokudi.

Mokgwa o mong ke wa ho boloka madi a motho a tswang ha a etsa kapa ka mora ho re a etse opereishene. Nakwana ka mora hore madi ana a hlwekiswe a kgutlisetswa ho monga ona.

Ngaka e nngwe le e nngwe e ka sebedisa mekgwa ena ka tsela e fapaneng. Ka hoo, pele Mokreste a amohela mokgwa le ha e le ofe wa phekolo, kapa pele a etsa diteko tsa meriana e metjha e tlo sebedisa madi a hae, o lokela ho batlisisa hore na ha e le hantle keng seo dingaka di tlo se etsa.

Ha o etsa qeto mabapi le mokgwa wa phekolo o sebedisang madi a hao, ipotse dipotso tse latelang:

  • Haeba ho na le madi a tlo ntshwa mmeleng wa ka mme hoo ho sitisa tsela eo ka tlwaelo madi a phallang ka yona, na letswalo la ka le tla ntumella hore madi ao a kgutlisetswe mmeleng wa ka kapa ‘a tshollelwe fatshe?’—Deuteronoma 12:23, 24.

  • Na letswalo la ka le kwetlisitsweng ke Bibele le tla ntumella hore ke sebedise mokgwa wa phekolo o ntshang madi a ka ho a ntlafatsa, e be ka mora moo a kgutlisetswa mmeleng wa ka?

  • Na ke a hlokomela hore ha ke hana mokgwa wa phekolo o sebedisang madi a ka, ke hana hore madi a ka a hlahlojwe, a hlwekiswe ka motjhini kapa ho sebediswe motjhini o nkelang pelo le matshwafo sebaka nakong ya opereishene?

Pele re etsa qeto ya ho sebedisa dikarolwana tsa madi kapa mekgwa e sebedisang madi a rona, re lokela ho rapella tataiso ya Jehova re be re etse dipatlisiso. (Jakobo 1:5, 6) Ka mora moo, re lokela ho etsa qeto re sebedisa matswalo a rona a kwetlisitsweng ke Bibele. Ha re a tlameha ho botsa ba bang hore ba ne ba tla etsang haeba ba ne ba le boemong ba rona ebile ha ba a lokela hore ba re etsetse diqeto.—Baroma 14:12; Bagalata 6:5.

Kgaolo ya 7, serapa sa 11

 22 BOITSHWARO BO HLWEKILENG

Ho ba le boitshwaro bo hlwekileng ho bolela hore ditlwaelo le diketso tsa rona di hlwekile ka pela Modimo. Sena se akarelletsa seo re se buang, re se nahanang le ho se etsa. Jehova o re re qobe ho se hlweke ha mofuta le ha e le ofe kapa bohlola. (Liproverbia 1:10; 3:1) Re tlameha ho etsa qeto ya hore re tla latela melao ya Jehova ya bohlweki le pele re iphumana re le maemong a re lekang. Re lokela ho rapela Modimo re sa kgaotse mme re mo kope hore a re thuse hore menahano ya rona e hlweke, re be re ikemisetse ho hanela mokgwa le ha e le ofe o ka etsang hore re etse se fosahetseng.—1 Bakorinthe 6:9, 10, 18; Baefese 5:5.

Kgaolo ya 8, serapa sa 11

 23 BOITSHWARO BO HLEPHILENG LE HO SE HLWEKE

Boitshwaro bo hlephileng bo akarelletsa ho bua le ho etsa dintho ka tsela e bontshang hore o nyatsa melao ya Modimo ebile ha o bontshe hore o swabela diketso tsa hae. Motho ya etsang dintho tsena o bontsha hore ha a hlomphe melao ya Modimo. Ha motho a fumanwa a le molato wa boitshwaro bo hlephileng, komiti ya boahlodi ke yona e tla mo thusa. Ho se hlweke ho akarelletsa mekgwa e fapaneng ya ho etsa dintho tse fosahetseng. Ho itshetlehile ka hore na taba e tebile hakae, ho ka hlokahala hore komiti ya boahlodi ya phutheho ebe yona e sebetsanang le taba e amanang le ho se hlweke.—Bagalata 5:19-21; Baefese 4:19; ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba sehlooho se reng “Dipotso tse Tswang ho Babadi” ho Tora ya ho Lebela ya July 15, 2006.

Kgaolo ya 9, serapa sa 7; Kgaolo ya 12, serapa sa 10

 24 HO IPHOLLA DITHO TSA BOTONA KAPA TSA BOTSHEHADI

Jehova o entse hore thobalano e be ketso e hlwekileng ya ho bontshana lerato pakeng tsa monna le mosadi ba nyalaneng. Empa haeba motho a ipholla ditho tsa botona kapa tsa botshehadi, kapa a di tshwara ka tsela e itseng ho kgotsofatsa takatso ya ho etsa thobalano, o etsa thobalano ka tsela e sa hlwekang. Tlwaelo ena e ka senya kamano ya motho le Jehova. Ho ka ba ha etsa hore motho a be le ditakatso tse fetelletseng ka thobalano, a be a nke thobalano ka tsela e fosahetseng. (Bakolose 3:5) Motho ya nang le mokgwa ona o sa hlwekang a bile a thatafallwa ke ho o tlohella, ha a lokela ho nyahama. (Pesaleme ya 86:5; 1 Johanne 3:20) Haeba o boemong bo tshwanang, rapela Jehova ka tiyo hore a o thuse. Qoba dintho tse kang pornography, ka ha di tla etsa hore o be le menahano e sa hlwekang. Bua le e mong wa batswadi ba hao ba Bakreste kapa motswalle wa hao ya nang le tsebo le ya hlomphang melao ya Jehova. (Liproverbia 1:8, 9; 1 Bathesalonika 5:14; Tite 2:3-5) O ka kgodiseha hore Jehova o bona boiteko boo o bo etsang ba hore o be le boitshwaro bo hlwekileng mme wa bo ananela.—Pesaleme ya 51:17; Esaia 1:18.

Kgaolo ya 9, serapa sa 9

 25 HO NYALA SETHEPU

Ha motho a na le basadi ba babedi kapa ho feta, hoo ke ho nyala sethepu. Jehova o entse hore lenyalo le be pakeng tsa monna a le mong le mosadi a le mong. Mehleng ya kgale Iseraele, Modimo o ne a dumella banna hore ba be le basadi ba bangata, empa oo ene e se morero wa hae. Kajeno Jehova ha a dumelle batho hore ba nyale sethepu. Monna o lokela ho ba le mosadi a le mong feela, le mosadi o lokela ho ba le monna a le mong feela.—Matheu 19:9; 1 Timothea 3:2.

Kgaolo ya 10, serapa sa 12

 26 KAROHANO LE TLHALANO

Jehova o rerile hore monna le mosadi ba dule mmoho ho fihlela ba arohangwa ke lefu. (Genese 2:24; Malakia 2:15, 16; Matheu 19:3-6; 1 Bakorinthe 7:39) O dumella tlhalo feela haeba molekane e mong a entse bofebe. Boemong boo, Jehova o fa molekane ya etseditsweng bofebe tokelo ya hore na o batla ho hlala kapa tjhe.—Matheu 19:9.

Ka dinako tse ding Bakreste ba bang ba ile ba etsa qeto ya ho arohana le balekane ba bona le hoja ba sa etsa bofebe. (1 Bakorinthe 7:11) Ke maemong ana a latelang moo Mokreste a ka arohanang le molekane wa hae.

  • Ho se hlokomele lelapa ka boomo: Monna ya hanang ho hlokomela lelapa ka dintho tseo ba di hlokang hoo ba qetellang ba se na tjhelete le dijo.—1 Timothea 5:8.

  • Tlhekefetso: Motho ya otlang molekane wa hae ho ya boholeng ba hore molekane eo a utlwe e ka bophelo ba hae bo kotsing.—Bagalata 5:19-21.

  • Ho senya kamano ya motho le Jehova: Monna kapa mosadi o thatafalletsa molekane wa hae ho sebeletsa Jehova.—Liketso 5:29.

Kgaolo ya 11, serapa sa 19

 27 HO BABATSA LE HO KGOTHATSA

Kaofela ha rona re hloka ho babatswa le ho kgothatswa. (Liproverbia 12:25; 16:24) Re ka matlafatsana le ho tshedisana ka mantswe a bontshang lerato le a bonolo. Mokgwa o kang ona o ka thusa bara le baradibabo rona ho mamella ha ba ntse ba sebeletsa Jehova, ho sa tsotellehe maemo a thata ao ba kopanang le ona. (Liproverbia 12:18; Bafilipi 2:1-4) Haeba motho a nyahame, re lokela hore ka tlhompho re mo mamele mme re leke ho utlwisisa ka moo a ikutlwang ka teng. Seo se tla etsa hore re tsebe hore na re lokela ho bua jwang kapa re etseng ho mo thusa. (Jakobo 1:19) Ikemisetse ho tseba Bakrestemmoho le wena e le hore o tsebe seo ehlileng ba se hlokang. Ka ho etsa seo, o tla kgona ho ba thusa ho atamela ho Mohlodi wa matshediso ohle le ya kgothatsang, mme o tla ba kgatholla.—2 Bakorinthe 1:3, 4; 1 Bathesalonika 5:11.

Kgaolo ya 12, serapa sa 16

 28 MATJHATO

Bibele ha e fane ka melao e tobileng e mabapi le letjhato. Ditlwaelo le melao ya sebaka di a fapana ho ya ka dibaka. (Genese 24:67; Matheu 1:24; 25:10; Luka 14:8) Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa letjhatong, ke kano eo banyalani ba e etsang ka pela Jehova. Banyalani ba bangata ba thabela hore ba lelapa le metswalle ba be teng nakong eo ba nkang dikano, le hore ho be le moholo ya fanang ka puo e thehilweng Bibeleng. Haeba banyalani ba batla reception, ke kgetho ya bona hore na ba batla ya mofuta ofe. (Luka 14:28; Johanne 2:1-11) Ho sa tsotellehe hore na banyalani ba batla letjhato la mofuta ofe, ba tlamehile ho etsa bonnete ba hore le rorisa Jehova. (Genese 2:18-24; Matheu 19:5, 6) Ba ka thuswa ke melaomotheo ya Bibele ho etsa diqeto tse nepahetseng. (1 Johanne 2:16, 17) Ha banyalani ba kgetha hore ho be le jwala, ba lokela ho etsa bonnete ba hore ho na le motho ya behang maemo leihlo. (Liproverbia 20:1; Baefese 5:18) Haeba ba kgetha hore ho be le mmino, ba lokela ho etsa bonnete ba hore ha o hlompholle Jehova. Banyalani ba Bakreste ba lokela ho ameha ka bona le ka kamano ya bona le Jehova, ho ena le hore ba amehe ka letsatsi la letjhato feela.—Liproverbia 18:22; ho fumana dintlha tse eketsehileng, sheba Tora ya ho Lebela ya October 15, 2006, leqephe la 18-31.

Kgaolo ya 13, serapa sa 18

 29 HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG

Re batla ho etsa diqeto re itshetlehile ka melaomotheo e hlahang Lentsweng la Modimo. Ka mohlala, Mokreste a ka mengwa ke molekane eo e seng Paki ya Jehova hore ba ilo ja le ba leloko ka matsatsi a phomolo. Ke eng eo o ka e etsang haeba o boemong boo? Haeba letswalo la hao le o dumella ho tsamaya le yena, o ka hlalosetsa molekane wa hao hore o ka se je dijo tseo haeba di etseditswe mekete ya bohetene. O lokela ho nahana hore na ba bang ba ka se kgopehe haeba a etsa qeto ya ho ya moo.—1 Bakorinthe 8:9; 10:23, 24.

Haeba mohiri wa hao a o fa bonase nakong ya matsatsi a phomolo, na o lokela ho e hana? Tjhe ha ho jwalo. Qeto ya hore na o tla nka bonase kapa tjhe, e tla itshetleha ka hore na morihi wa hao o o fa yona ka lebaka lefe. Na o e nka e le karolo ya ho keteka matsatsi a phomolo? Kapa na o mpa a o leboha feela? Ho latela mabaka ana le a mang, o tla lokela ho kgetha hore na o tla nka bonase eo kapa tjhe.

Boemong bo bong motho a ka o fa mpho nakong ya matsatsi a phomolo ebe o re: “Ke a tseba hore ha o keteke matsatsi a phomolo empa nka thabela ho o fa sena.” Mohlomong motho eo o mpa a leka ho ba mosa. Ka lehlakoreng le leng, na ho ka etsahala hore ebe motho eo o batla ho bona hore na o tla etsang kapa o batla hore o keteke matsatsi a phomolo? Ka mora hore o nahane ka sena, ho tla tswa ho wena hore na o amohela mpho eo kapa tjhe. Re batla hore diqeto tsohle tseo re di etsang di re siye re e na le matswalo a hlwekileng ebile re tshepahala ho Jehova.—Liketso 23:1.

Kgaolo ya 13, serapa sa 22

 30 DITABA TSA MOLAO LE KGWEBO

Maemong a mangata ho rarolla mathata ka potlako le ka kgotso, ho tla etsa hore ho se ke ha eba le mathata a maholo. (Matheu 5:23-26) Ntho e lokelang ho tla pele bophelong ba Mokreste e mong le e mong, ke ho rorisa Jehova le ho boloka phutheho e momahane.—Johanne 13:34, 35; 1 Bakorinthe 13:4, 5.

Haeba Bakreste ba sa dumellane ka taba e itseng kgwebong, ba lokela ho lokisa boemo ntle le hore ba isane lekgotleng la dinyewe. Lengolo la 1 Bakorinthe 6:1-8 le bua ka keletso eo moapostola Pauluse a ileng a fana ka yona mabapi le Bakreste ba isanang makgotleng a dinyewe. Ho isa Mokrestemmoho le wena lekgotleng la dinyewe, ho ka tlisa thohako lebitsong la Jehova le ho phutheho. Ho Matheu 18:15-17, ho na le mehato e meraro eo Bakreste ba lokelang ho e latela haeba e mong a qosa e mong ka hore o entse bolotsana kapa o mo etselleditse. (1) Ba ka leka ho lokisa boemo ba le babedi feela. (2) Haeba ba hloleha, ba ka kopa thuso ho motho a le mong kapa ba babedi ba nang le tsebo ka phuthehong. (3) Mme haeba ho hlokahala, ba ka kopa thuso ho sehlopha sa baholo. Haeba taba e fihla boemong boo, baholo ba tla sebedisa melaomotheo ya Bibele ho thusa bohle ba amehang ho lokisa ditaba ka kgotso. Ha ho ka etsahala hore ebe ba bang ha ba batle ho latela melaomotheo ya Bibele, ho ka hlokahala hore komiti ya baholo ya boahlodi e nke kgato.

Ho na le maemo ao ho ona ho ka hlokahalang hore motho a ye makgotleng a dinyewe, a kang tlhalo, tokelo ya molao ya ho nka ngwana, ho fumana tjhelete ya ho hlokomelwa ke molekane, tjhelete ya inshorense eo motho a e fumanang haeba a tswile kotsi mosebetsing, haeba motho ya o kolotang a re ha ana tjhelete ya ho o patala kapa wili. Ha Mokreste a rarolla mathata a kang a na ntle ho moferefere, o tla be a sa hanyetsane le keletso eo Pauluse a faneng ka yona.

Haeba Mokreste a tlalehela ba phahameng ka tlolo ya molao e kang, peto, tlhekefetso ya bana, ho lwantshwa, boshodu kapa polao, o tla be a sa hanyetsane le keletso ya Pauluse.

Kgaolo ya 14, serapa sa 14

 31 MAQHEKA A SATANE

Ho tloha tshimong ya Edene, Satane ha e sa le a leka ho kgelosa batho. (Genese 3:1-6; Tšenolo 12:9) O a tseba hore haeba a ka fetola tsela eo re nahanang ka yona, a ka kgona ho re susumelletsa ho etsa se sebe. (2 Bakorinthe 4:4; Jakobo 1:14, 15) O sebedisa dintho tse kang, dipolotiki, bodumedi, kgwebo, boithabiso, thuto le dintho tse ding tse ngata hore di etse e ka tsela eo a nahanang ka yona e nepahetse.—Johanne 14:30; 1 Johanne 5:19.

Satane o a tseba hore ha a na nako e ngata ya ho kgelosa batho. Ka hoo, o etsa sohle seo a ka se kgonang ho kgelosa batho ba bangata ka moo a ka kgonang. Haholoholo o batla ho kgelosa bahlanka ba Jehova. (Tšenolo 12:12) Haeba re sa hlokomele, butle butle Diabolose a ka silafatsa menahano ya rona. (1 Bakorinthe 10:12) Ka mohlala, Jehova o batla hore manyalo a tshwarelle. (Matheu 19:5, 6, 9) Empa kajeno batho ba bangata ba nka lenyalo e le boitlamo ba nakwana boo ba ka bo fetolang ha ba batla. Mananeo a television le dimovie di kgothalletsa se tshwanang. Re lokela ho etsa bonnete ba hore ha re nke lenyalo ha bobebe, jwalo ka ha batho ba etsa.

Tsela e nngwe eo Satane a lekang ho re kgelosa ka yona ke ka hore motho a hane keletso. (2 Timothea 3:4) Haeba re sa hlokomele, re ka qetella re sa hlomphe batho bao Jehova a ba kgethileng. Ka mohlala, morabo rona a ka qala ho hana tataiso e tswang ho baholo ba phutheho. (Baheberu 12:5) Kapa moradiabo rona a ka qala ho belaella tokisetso ya Jehova ya hore monna ke hlooho ka lapeng.—1 Bakorinthe 11:3.

Re tlameha ho hanela Satane ho susumetsa dikelello tsa rona. Ho e na le hoo, re batla ho etsisa tsela eo Jehova a nahanang ka yona mme re ‘Boloke dikelello tsa [rona] di tsepame dinthong tse hodimo.’—Bakolose 3:2; 2 Bakorinthe 2:11.

Kgaolo ya 16, serapa sa 9

 32 MOFUTA WA PHEKOLO

Kaofela ha rona re batla ho phela hantle, ke ka hoo re etsang sohle hore re fole haeba re kula. (Esaia 38:21; Mareka 5:25, 26; Luka 10:34) Kajeno ho na le mefuta e mengata ya phekolo eo dingaka tsa ditshepe le ba bang ba fanang ka yona. Ke ha bohlokwa hore o latele melaomotheo ya Bibele, pele o kgetha mofuta o itseng wa phekolo. Re a tseba hore ke Mmuso wa Modimo feela o ka re fodisang ka ho felletseng. Ha re batle ho ameha haholo ka bophelo ba rona hoo re ka qetellang re se re sa sebeletse Jehova.—Esaia 33:24; 1 Timothea 4:16.

Re tlameha ho qoba mokgwa le ha e le ofe wa phekolo o sebedisang bodemona. (Deuteronoma 18:10-12; Esaia 1:13) Ka hoo, pele re amohela mofuta le ha e le ofe wa phekolo, re lokela ho etsa dipatlisiso ka wona. (Liproverbia 14:15) Ha re a lokela ho lebala hore Satane o batla ho re qhekella hore re qetelle re sebedisana le bademona. Haeba re belaella hore mokgwa wa phekolo oo re batlang ho o sebedisa o na le bodemona, ho ka ba molemo hore re o qobe.—1 Petrose 5:8.

Kgaolo ya 16, serapa sa 18

^ par. 98 Dingaka tse ding di ka nna tsa re dikarolo tsena tse 4 tsa madi ha se hore ke madi, empa e le dikarolwana tsa ona feela. Ka hoo, o ka nna wa lokela ho ba hlalosetsa hore o ke ke wa tshelwa madi kapa dikarolo tse 4 tsa ona, e leng disele tse kgubedu, tse tshweu, di-platelet le plasma.