Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 17

Dula o Ratwa ke Modimo

Dula o Ratwa ke Modimo

“Ka ho ikaha tumelong ya lona e halalelang ka ho fetisisa  . . . Ipoloke leratong la Modimo.”—JUDA 20, 21.

1, 2. Re lokelang ho etsang e le hore re dule re ratwa ke Modimo?

KAOFELA ha rona re batla ho phela hantle le ho ba matla. Ka hoo, re leka ho ja hantle, ho ikwetlisa ka mehla le ho itlhokomela mmeleng. Le hoja ho etsa sena ho se bonolo, empa ha re tele hobane ditlamorao tsa teng di a thabisa. Empa ho boetse ho na le boemo bo bong bo hlokang hore re phele hantle le hore re be matla.

2 Le hoja re nkile bohato ba bohlokwa ba ho ithuta ka Jehova, re lokela ho tswelapele ho ntlafatsa kamano ya rona le yena. Ha Juda a ne a kgothalletsa Bakreste ho re ba “ipoloke leratong la Modimo,” o ile a ba hlalosetsa ho re na ba ka etsa seo jwang. O ile a re: “Ka ho ikaha tumelong ya lona e halalelang ka ho fetisisa.” (Juda 20, 21) Jwale re ka ba le tumelo e matla jwang?

DULA O HAHA TUMELO YA HAO

3-5. (a) Satane o batla hore o ikutlwe jwang ka melao ya Jehova? (b) O ikutlwa jwang ka melao le melaomotheo ya Jehova?

3 O lokela ho kgodiseha hore melao ya Jehova e molemo. Satane o batla o nahane hore ho boima ho phetha melao ya Modimo, le hore o tla thaba ha o iketsetsa diqeto. Haesale Satane a leka ho etsa sena ho tloha tshimong ya Edene. (Genese 3:1-6) Le kajeno ha a eso tele.

4 Na Satane o nepile ha a re melao ya Jehova e boima? Tjhe. Ka mohlala, ako nahane o tsamaya pakeng e ntle. O hlokomela hore ho na le karolo e itseng ya paka e kampetsweng ka fense e phahameng mme e o thibela ho fetela ka nqane. O ka nna wa ipotsa, ‘Ebe ke hobaneng ha ho kampetswe?’ Empa ka ona motsotso oo, o utlwa tau e rora ka lehlakoreng le ka nqane la fense. Na jwale o a hlokomela hore ke hobaneng ha ho kampetswe? O thabile ka ha o a bona hore fense eo e ne e o sireletsa hore o se ke wa harolwa ke tau. Fense e tshwantshetsa melaomotheo ya Jehova, ha tau yona e tshwantshetsa Diabolose. Lentswe la Modimo le a re lemosa le re: “Dulang le hlaphohetswe dikelellong, le lebele. Mohanyetsi wa lona, Diabolose, o tsamaya jwalo ka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—1 Petrose 5:8.

5 Jehova o batla hore re thabele bophelo. Ha a batle hore re qhekellwe ke Satane. Ke ka hoo a re fileng melao le melaomotheo ya hae ho re sireletsa le hore re thabe. (Baefese 6:11) Jakobo o ile a re: “Ya nyarelang ka molaong o phethahetseng wa tokoloho le ya phehellang ho wona . . . o tla thaba ho o etseng ha hae.”—Jakobo 1:25.

6. Keng e re tiisetsang hore melao ya Modimo e molemo?

6 Ha re latela melao ya Jehova, re tla thabela bophelo hape setswalle sa rona le yena se tla ba matla. Ka mohlala, re rua molemo haeba re mo rapela ka mehla. (Matheu 6:5-8; 1 Bathesalonika 5:17) Re a thaba ha re mamela taelo ya hae e reng re bokane hammoho ho mo rapela, ho kgothatsana le ho bolella ba bang ditaba tse molemo. (Matheu 28:19, 20; Bagalata 6:2; Baheberu 10:24, 25) Ha re nahana ka moo dintho tsena di tiisang tumelo ya rona ka teng, seo se etsa hore re kgodisehe le ho feta hore melao ya Jehova e ya putsa.

7, 8. Keng e ka re thusang hore re se ke ra tshwenyeha ka mathata a ka nnang a re hlahela nakong e tlang?

7 Re ka nna ra tshwenyeha hore nakong e tlang re tla hlahelwa ke mathata a ka fokodisang tumelo ya rona. Haeba ke ka moo o ikutlwang ka teng, hopola mantswe a Jehova a reng: “Nna, Jehova, ke Modimo wa hao, ke nna Ya o rutang hore o itswele molemo, Ya etsang hore o tsamaye tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona. Hoja o ka ela ditaelo tsa ka hloko! Jwale kgotso ya hao e ne e tla tshwana le noka, mme ho loka ha hao ho tshwane le maqhubu a lewatle.”—Esaia 48:17, 18.

8 Ha re mamela Jehova, kgotso ya rona e tla tshwana le noka e dulang e phalla metsi mme ho loka ha rona ho tshwane le maqhubu a lewatle. Ho sa tsotellehe se ka nnang sa etsahala bophelong ba rona, re ka kgona ho dula re tshepahala. Bibele e re: “Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, o tla o tshehetsa. Le ka mohla a ke ke a dumella ya lokileng hore a therekele.”—Pesaleme ya 55:22.

‘HATELANG PELE KA MATLA KGOLONG E FELLETSENG’

9, 10. Ho hola ka ho felletseng ho bolelang?

9 Ha o ntse o tswelapele ho matlafatsa setswalle sa hao le Jehova, o tla “hola ka ho felletseng.” (Baheberu 6:1) Ho hola ka ho felletseng ho bolelang?

10 Ho ba Mokreste ya hodileng ka ho felletseng, ha ho bolele ho hola dilemong. E le hore re hole ka ho felletseng, Jehova e lokela ho ba Motswalle wa rona e moholo mme re leke ho sheba dintho ka tsela eo a di shebang ka yona. (Johanne 4:23) Pauluse o ile a ngola a re: “Ba tumellanong le nama ba beha dikelello tsa bona dinthong tsa nama, empa ba tumellanong le moya ba di beha dinthong tsa moya.” (Baroma 8:5) Motho ya hodileng ka ho felletseng, ha a ameha ka ho ithabisa kapa ho rua. Ho ena le hoo, o amehile ka ho sebeletsa Jehova le ho etsa diqeto tse nepahetseng. (Liproverbia 27:11; bala Jakobo 1:2, 3.) Ha a kgahlwe ke ho etsa dintho tse mpe, empa o tseba se nepahetseng mme o ikemiseditse ho se etsa.

11, 12. (a) Pauluse o ile a reng ka “matla a ho lemoha” a Bakreste? (b) Ho ba Mokreste ya hodileng ka ho felletseng ho tshwana jwang le ho ba moatlelete?

11 Ho hlokahala boiteko e le hore Mokreste a hole ka ho felletseng. Moapostola Pauluse o ile a re: “Dijo tse tiileng ke tsa batho ba hodileng ka ho feletseng, tsa bao ka tshebediso, matla a bona a ho lemoha a kwetliseditsweng ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Lentswe “kwetliseditswe” le ka etsa hore re nahane ka moatlelete ya ikwetlisang.

12 Ha re bona moatlelete a etsa dintho tseo a tummeng ka tsona, re a tseba hore ho mo nkile nako ho ikwetlisa e le hore a ka ba le bokgoni boo. Ha a hlaha e le moatlelete. Ha ngwana a hlaha, ha a tsebe ho sebedisa matsoho le maoto a hae. Empa ha nako e ntse e ya, o ithuta ho tshwara dintho le ho tsamaya. Ha a hola mme a ikwetlisa, e ka ba moatlelete. Ka tsela e tshwanang, ho nka nako le ho ikwetlisa e le hore re ka ba Bakreste ba hodileng ka ho felletseng.

13. Keng e ka re thusang hore re nahane jwalo ka Jehova?

13 Bukeng ena, re ithutile hore ke jwang re ka nahanang jwalo ka Jehova le ho etsa dintho jwalo ka yena. Re boetse re ithutile ho ananela le ho rata melao ya hae. Pele o etsa diqeto, o lokela ho ipotsa: ‘Ke melao kapa melaomotheo efe e hlahang ka Bibeleng e ka nthusang boemong boo? Nka e sebedisa jwang? Jehova a ka rata hore ke etseng?’—Bala Liproverbia 3:5, 6; Jakobo 1:5.

14. Re lokela ho etsang e le hore re hahe tumelo ya rona?

14 Re lokela ho tswelapele re haha tumelo ya rona ho Jehova. Jwalo ka ha ho ja dijo tse nang le phepo e ntle ho matlafatsa mmele, ho ithuta ka Jehova ho etsa hore tumelo ya rona e be matla. Ha re ne re qala ho ithuta Bibele, re ile ra ithuta dithuto tsa motheo ka Jehova le ka moo a etsang dintho ka teng. Empa ha nako e ntse e ya, re lokela ho ithuta dintho tse tebileng ka yena. Ke sona seo Pauluse a neng a se bolela ha a re: “Dijo tse tiileng ke tsa batho ba hodileng ka ho felletseng.” Re tla ba bohlale haeba re sebedisa dintho tseo re ithutang tsona. Bibele e re: “Bohlale ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.”—Liproverbia 4:5-7; 1 Petrose 2:2.

15. Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re rate Jehova le Bakrestemmoho le rona?

15 Motho ya phetseng hantle mmeleng ebile a le matla, o a tseba hore o lokela ho itlhokomela e le hore a dule a phetse hantle. Ka tsela e tshwanang, motho ya hodileng ka ho felletseng o a tseba hore o lokela ho sebetsa ka thata e le hore a boloke kamano ya hae le Jehova e le matla. Pauluse o re ho rona: “Le nne le inonye hore na le tumelong, le nne le leke seo le leng sona.” (2 Bakorinthe 13:5) Le ha ho le jwalo, re hloka ho fetang feela ho ba le tumelo e matla. Re lokela ho tswelapele ho rata Jehova le Bakrestemmoho le rona. Pauluse o ile a re: “Haeba ke e na le . . . tsebo, mme haeba ke e na le tumelo yohle hore ke tlose dithaba ho di isa sebakeng se seng, empa ke se na lerato, ha ke letho.”—1 Bakorinthe 13:1-3.

DULA O NA LE TSHEPO

16. Satane o batla hore re ikutlwe jwang?

16 Satane o batla re nahane hore ha ho mohla re tla thabisa Jehova. O batla hore re nyahame le hore re utlwe e ka ha ho mohla mathata a rona a tla fela. Ha a batle hore re tshepe Bakrestemmoho le rona, ebile ha a batle hore re thabe. (Baefese 2:2) Satane o a tseba hore ho nyahama ho ka re lematsa ha ba ha senya le kamano ya rona le Modimo. Empa Jehova o re file ntho e ka re thusang hore re lwantshe ho nyahama. O re file tshepo.

17. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho ba le tshepo?

17 Lengolong la 1 Bathesalonika 5:8, Bibele e bapisa tshepo eo re nang le yona le helemete e sireletsang hlooho ya lesole ha le le ntweng. Helemete eo e bitswa “tshepo ya poloko.” Tshepo eo re nang le yona ditshepisong tsa Jehova, e ka sireletsa dikellello tsa rona mme ya re thusa ho hlola ho nyahama.

18, 19. Tshepo eo Jesu a neng a e na le yona e ile ya mo thusa jwang?

18 Tshepo eo Jesu a neng a e na le yona e ile ya mo matlafatsa. Bosiung ba ho qetela a le lefatsheng, o ile a kopana le mathata a boima a latellanang. Motswalle wa hae ya haufi o ile a mo eka. Ha e mong yena a ile a latola hore o a mo tseba. Athe ba bang bona, ba ile ba baleha. Batho ba naha ya habo ba ile ba mo fetohela mme ba re a bolawe ka ho hlokofatswa. Keng e ileng ya thusa Jesu hore a mamelle bohloko bo bokaalo? “Ka lebaka la thabo e neng e behilwe ka pela hae o ile a mamella thupa ya tlhokofatso, a sa natse dihlong, mme o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.”—Baheberu 12:2.

19 Jesu o ne a tseba hore haeba a dula a tshepahala, o ne a tla tlisa thoriso ho Ntate wa hae le ho bontsha hore Satane ke raleshano. Jesu o ile a thabiswa ke tshepo eo a neng a e na le yona. O ne a boetse a tseba hore haufinyane o tla kgutlela ho Ntate wa hae lehodimong. Tshepo eo a neng a e na le yona e ile ya mo thusa hore a mamelle. Re lokela ho dula re na le tshepo jwalo ka Jesu. E tla re thusa hore re mamelle ho sa tsotelle se ka re hlahelang.

20. Keng e ka o thusang hore o se ke wa nyahama?

20 Jehova o bona mamello le tumelo eo o nang le yona. (Esaia 30:18; bala Malakia 3:10.) O tshepisa hore “o tla o fa tseo pelo ya hao e di kopang.” (Pesaleme ya 37:4) Ka hoo, dula o na le tshepo. Satane o batla hore o lahlehelwe ke tshepo mme o utlwe e ka ditshepiso tsa Jehova di ke ke tsa phethahala. Empa ha o a lokela ho nahana ka dintho tse o nyahamisang. Kopa thuso ya Jehova ha o hlokomela hore o fellwa ke tshepo. Hopola mantswe a hlahang lengolong la Bafilipi 4:6, 7 a reng: “Le se ke la tshwenyeha ka letho, empa nthong e nngwe le e nngwe ka thapelo le thapedi hammoho le diteboho dikopo tsa lona tse matla di ke di tsebiswe Modimo; mme kgotso ya Modimo e fetang monahano wohle e tla lebela dipelo tsa lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.”

21, 22. (a) Jehova o batla hore lefatshe le be jwang? (b) O ikemiseditse ho etsang?

21 Dula o nahana ka ditshepiso tsa Jehova tsa nakong e tlang. Haufinyane re tla be re rapela Modimo kaofela. (Tšenolo 7:9, 14) Ako nahane ka moo bophelo bo tla be bo le ka teng lefatsheng le letjha. Ho tla be ho le monate ho feta ntho le ha e le e fe eo o ka nahanang ka yona. Satane, mademona a hae le bokgopo di tla be di le siyo. Ha o na kula kapa hona ho shwa. Ho e na le hoo, o tla tsoha o thabile ebile o le mafolofolo letsatsi le leng le le leng. Re tla ba ngatana nngwe ho etsa hore lefatshe e be paradeise. Ho tla ba le dijo tse ngata le bodulo bakeng sa motho e mong le e mong. Batho ba tla ba mosa mme ha ba sa tla lwantshana. Ka nako eo, batho bohle lefatsheng ba tla thabela “tokoloho e kganyang ya bana ba Modimo.”—Baroma 8:21.

22 Jehova o batla hore o be Motswalle wa hae e moholo. Ka hoo, etsa sohle seo o ka se kgonang hore o mamele Jehova le ho atamela haufi le yena letsatsi le leng le le leng. E se eka kaofela ha rona re ka dula re ratwa ke Modimo ka mehla!—Juda 21.