Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 16

Hanyetsa Diabolose

Hanyetsa Diabolose

“Le hanyetse Diabolose, mme o tla le balehela.” —JAKOBO 4:7.

1, 2. Keng seo re lokelang ho se tseba ka Satane le bademona ba hae?

LEFATSHENG le letjha bophelo e tla ba bo thabisang. Re tla phela ka tsela eo Modimo a neng a rerile hore re phele ka yona. Empa hona jwale re phela lefatsheng le laolwang ke Satane le bademona ba hae. (2 Bakorinthe 4:4) Le hoja re sa kgone ho ba bona, ba teng mme ba matla haholo.

2 Kgaolong ena, re tlo bua ka hore na ke jwang re ka dulang re ena le kamano e ntle le Jehova mme ra itshireletsa kgahlanong le Satane. Jehova o tshepisa hore o tla re thusa. Le ha ho le jwalo, ho hlokahala hore re tsebe mekgwa eo Satane le bademona ba hae ba e sebedisang ho re qhekella le ho re hlasela.

“JWALO KA TAU E PURUMANG”

3. Diabolose o batla ho re etsang?

3 Satane o re batho ba rapela Jehova hobane ho na le seo ba se lebelletseng ho yena, mme ba ka tlohela ho mo rapela ha ba ka hlahelwa ke mathata. (Bala Jobo 2:4, 5) Ha Satane le bademona ba hae ba hlokomela hore motho o batla ho ithuta ka Jehova, ba leka ho mo thibela. Ba a halefa ha motho a inehela ho Jehova mme a kolobetswa. Bibele e tshwantsha Diabolose le “tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Satane o batla ho senya setswalle sa rona le Jehova.—Pesaleme ya 7:1, 2; 2 Timothea 3:12.

Satane o a halefa ha re inehela ho Jehova

4, 5. (a) Satane ha a kgone ho etsang? (b) Ho ‘hanyetsa Diabolose’ ho bolelang?

4 Ha re a lokela ho tshaba Satane le bademona ba hae, ka ha ha ba na matla a felletseng a ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Jehova o tshepisa hore “bongata bo boholo” ba Bakreste ba nnete, bo tla pholoha nakong ya ‘matshwenyeho a maholo.’ (Tšenolo 7:9, 14) Ha ho letho leo Diabolose a ka le etsang ho thibela seo, hobane Jehova o sireletsa batho ba Hae.

5 Haeba re dula re na le kamano e ntle le Jehova, Satane a ke ke a senya setswalle seo. Lentswe la Modimo le a re tiisetsa le re: “Jehova o na le lona hafeela le e na le ena.” (2 Likronike 15:2; bala 1 Bakorinthe 10:13.) Banna le basadi ba bangata ba mehleng ya kgale ba kang Abele, Enoke, Noe, Sara le Moshe, ba ile ba hanyetsa Diabolose ka ho dula ba na le kamano e ntle le Jehova. (Baheberu 11:4-40) Le rona re ka etsa se tshwanang. Lentswe la Modimo le re: “Le hanyetse Diabolose, mme o tla le balehela.” —Jakobo 4:7.

‘RE A LWANA’

6. Satane o re hlasela jwang?

6 Le hoja Satane a tseba hore ha a na matla a felletseng a ho re thibela ho sebeletsa Jehova, o ntse a tla leka ka matla ho etsa ntho le ha e le efe ho senya kamano eo re nang le yona le Modimo. Kajeno Diabolose o re hlasela ka ditsela tse ngata mme o ntse a sebedisa mekgwa eo e sa le a e sebedisa ho tloha kgale. E meng ya mekgwa eo ke efe?

7. Ke hobaneng ha Satane a hlasela bahlanka ba Jehova?

7  Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Lefatshe lohle le rapalletse matleng a ya kgopo.” (1 Johanne 5:19) Ka ha Satane ke yena ya laolang lefatshe lena le kgopo, o boetse o batla le ho laola bahlanka ba Jehova. (Mikea 4:1; Johanne 15:19; Tšenolo 12:12, 17) Diabolose o a tseba hore o salletswe ke nako e kgutshwanyane, ka hoo, o batla hore e mong le e mong wa rona a se ke a tshepahalla Modimo. Ka dinako tse ding Satane o re hlasela ka ditsela tse tobileng empa ka dinako tse ding teng, o sebedisa ditsela tse potelletseng.

8. Mokreste e mong le e mong o lokela ho hlokomelang?

8 Baefese 6:12 e re: “Re lwana . . . le makgotla a moya a kgopo a leng dibakeng tsa lehodimo.” Mokreste e mong le e mong o na le ntwa eo a e lwanang kgahlanong le Satane le bademona ba hae. Re lokela ho hlokomela hore batho bohle ba inehetseng ho Jehova ba ntweng ena. Lengolong leo moapostola Pauluse a le ngolletseng Baefese, o ile a kgothalletsa Bakreste hoo e ka bang ka makgetlo a mararo hore ba ‘eme ba tiile.’—Baefese 6:11, 13, 14.

9. Satane le bademona ba hae ba leka ho re etsang?

9 Satane le bademona ba hae ba leka ho re kgelosa ba sebedisa ditsela tse sa tshwaneng. Taba feela ya hore re hlotse e nngwe ya diteko tsa Satane, ha e bolele hore re tla dula re di hlola. Diabolose o leka ho sheba bofokodi ba rona e le hore a ka re tshwasa. Empa ha re a lokela ho tshwaseha, hobane Bibele e re hlokomedisa mekgwa eo Diabolose a e sebedisang ho leka ho re tshwasa. (2 Bakorinthe 2:11; sheba Ntlha ya 31 e hlahang qetellong ya buka.) O mong wa mekgwa ena ke bodemona.

TSAMAELA HOLE LE BADEMONA

10. (a) Bodemona keng? (b) Jehova o tadima bodemona jwang?

10 Bodemona bo akarelletsa dintho tse etsang ho re motho a be le kamano e itseng le bademona, tse jwalo ka boselamose, boloi kapa ho leka ho bua le batho ba shweleng. Bibele e re bodemona ke ntho “e manyala” ho Jehova. Ebile e re re ke ke ra ba le dikamano tse itseng le bademona ha ka nako e tshwanang re mo sebeletsa. (Deuteronoma 18:10-12; Tšenolo 21:8) Bakreste ba lokela ho qoba mekgwa yohle ya bodemona ka ho felletseng.—Baroma 12:9.

11. Ho batla ho tseba ho eketsehileng ka dintho tse amanang le bodemona ho qetella kang?

11 Satane o a tseba hore haeba re thabela dintho tse amanang le bademona, ho tla ba bonolo hore re qetelle re se re sebedisana le bona. Mekgwa yohle ya bodemona e tla senya kamano eo re nang le yona le Jehova.

SATANE O LEKA HO RE QHEKELLA

12. Satane a ka leka ho re susumetsa hore re nahaneng?

12 Satane o leka ho ferekanya menahano ya batho. Hanyane ka hanyane o etsa hore batho ba belaele, ho fihlella ba se ba nahana hore “botle ke bobe le bobe ke botle.” (Esaia 5:20) Diabolose o hasa taba ya hore keletso ya Bibele ha e sebetse le hore re tla thabela bophelo ha re sa latele melao ya Bibele.

13. Ke jwang Satane a lekileng ho etsa hore batho ba belaele?

13 Ho hasa dipelaelo ke o mong wa mekgwa eo Satane a qhekellang batho ka ona. Ha e sa le a sebedisa mokgwa ona ho tloha kgale. Serapeng sa Edene, o ile a etsa hore Eva a qale ho belaela ha a ne a re: “Na ehlile Modimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” (Genese 3:1) Hamorao mehleng ya Jobo, Satane o ile a botsa Jehova ka pela mangeloi a mang a re: “Na ke ha lefeela ha Jobo a tshaba Modimo?” (Jobo 1:9) Ka mora hore Jesu a kolobetswe, Satane o ile a mo leka a re: “Haeba o mora wa Modimo, bolella majwe ana hore a fetohe mahobe.”—Matheu 4:3.

14. Ke jwang Satane a ka etsang hore batho ba nahane hore bademona ha ba kotsi?

14 Le kajeno Satane o ntse a tswela pele ho baka dipelaelo. O etsa hore mekgwa e meng ya bodemona e bonahale e ka ha e ya fosahala, e leng se etsang hore batho ba ipotse hore na ehlile bodemona bo kotsi. Ebile le ba bang ba Bakreste ba wetse lerabeng lena. (2 Bakorinthe 11:3) Jwale ebe re ka etsang e le hore re dule re sireletsehile? Ke jwang re ka netefatsang hore Satane ha a re qhekelle? A re ke re hlahlobeng dikarolo tse pedi tseo ho tsona Satane a ka re qhekellang: boithabiso le phekolo.

SATANE O SEBEDISA DINTHO TSEO RE DI RATANG KA TLHAHO

15. Ke jwang boithabiso bo ka etsang hore re qetelle re sebedisana le bademona?

15 Kajeno dimovie tse ngata, divideo, mananeo a TV, dipapadi tsa khompiyutha le Inthanete di bontsha bodemona le mejiki. Batho ba bangata ba bona sena e le boithabiso bo seng kotsi mme ha ba hlokomele hore ba dumella bademona bophelong ba bona. Motho a ka qetella a sebedisana le bademona ka ho bala, ho shebella kapa ho ya ho batho ba nohang diketsahalo tsa bophelo ba motho ba shebile dinaledi, ba bala menwana le mela ya motho ya matsoho, ba sebedisa dikarete tsa tarot le bolo ya kristale. Diabolose o leka ho pata dikotsi tsa bodemona ka ho etsa hore dintho tsena di bonahale di makatsa, di kgahla di bile di thabisa. Motho a ka ba a qetelletse a se a nahana hore ha ho letho le kotsi ka ho shebella dintho tse nang le bodemona, ha feela a sa sebedisane le bademona ka ho toba. Ke hobaneng ha monahano o jwalo o le kotsi?—1 Bakorinthe 10:12.

16. Ke hobaneng ha re lokela ho qoba boithabiso bo nang le bodemona?

16 Satane le bademona ba hae ha ba tsebe seo re se nahanang. Empa ha ba bona diqeto tseo re di etsang bophelong tse akarelletsang boithabiso boo re bo kgethang, ba kgona ho ithuta hore na re ratang le hore na re nahana jwang. Satane le bademona ba hae ba tla hlokomela hore re batla ho tseba ho eketsehileng ka bona haeba re kgetha dimovie, mmino kapa dibuka tse bontshang batho ba kenweng ke bodemona, batho ba buang le bafu, boloi, dinwamadi kapa dintho tse ding tse kang tsena. Ka hoo, ba ka leka ho re kenya le ho feta dinthong tsa bodemona.—Bala Bagalata 6:7.

17. Mofuta wa phekolo oo re o kgethang o ka fa Satane monyetla ofe?

17 Satane a ka boela a nka monyetla ka mofuta wa phekolo oo re o kgethang. Kajeno batho ba bangata ba a kula. E ka nna yaba motho e mong o se a lekile mefuta e mengata ya phekolo, empa ha ho le ha e le o le mong o mo thusitseng. (Mareka 5:25, 26) Mohlomong o kula haholo hoo a ka amohelang phekolo le ha e le efe. Empa jwalo ka Bakreste, re lokela ho etsa bonnete ba hore ha re kgethe mofuta le ha e le ofe wa phekolo o akarelletsang ho sebedisa “matla a boselamose.”—Esaia 1:13.

Tshepa Jehova ha o kula

18. Ke mofuta ofe wa phekolo oo Mokreste a lokelang ho o qoba?

18 Mehleng ya kgale Iseraele, ho ne ho na le batho ba sebedisang “matla a boselamose.” Jehova o ile a re ho bona: “Ha le otlolla matsoho, ke le patela mahlo. Esita le hoja le etsa dithapelo tse ngata, ha ke a mamela.” (Esaia 1:15) A ko nahane feela, Jehova o ne a sa mamele le dithapelo tsa bona! Ha re batle ho etsa ntho le ha e le efe e tla senya setswalle sa rona le Jehova, yaba ya etsa hore a se ke a hlola a re thusa, haholoholo ha re kula. (Pesaleme ya 41:3) Ka hoo, re lokela ho etsa bonnete ba hore mofuta wa phekolo oo re batlang ho o kgetha, ha o amane le hanyenyane le bodemona. (Matheu 6:13) Haeba ho bonahala e ka o na le kamano e itseng le bodemona, re lokela ho o qoba!—Sheba Ntlha ya 32 e hlahang qetellong ya buka.

DIPALE TSE BUANG KA BADEMONA

19. Ke ka tsela efe Diabolose a tshositseng batho ba bangata?

19 Batho ba bangata ha ba dumele hore Satane le bademona ba hae ba teng. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la dintho tse ileng tsa ba hlahela, ba bang ba a tseba hore ehlile ba teng. Batho ba bangata ba dula ba tshohile bademona ebile ba fetohile makgoba a ditumelakgwela tse teng tse mabapi le bademona. Ha ba bang ba tshosa batho ka ho ba bolella dipale tsa dintho tseo bademona ba di etsang. Hangata batho ba kgahlwa ke dipale tsena mme ba thabela ho di bolella ba bang. Dipale tseo di etsa hore batho ba tshabe Diabolose.

20. Re ka hasa mashano a Satane jwang?

20 Satane o batla hore batho ba mo tshabe. (2 Bathesalonika 2:9, 10) Ke raleshano ebile o tseba ho laola dikelello tsa batho ba ratang bodemona mme o etsa hore ba dumele dintho tseo e seng nnete. Batho ba jwalo ba tla o jwetsa ka dipale tsa dintho tseo ba ileng ba di bona le tseo ba di utlwileng. Ha ba ntse ba tswelapele ho pheta dipale tsena, ba a di fetelletsa. Ha re batle ho thusa Satane ka ho re re phete dipale tsena.—Johanne 8:44; 2 Timothea 2:16.

21. Re ka bua kang ho e na le hore re phete dipale tse buang ka bademona?

21 Haeba e mong wa bahlanka ba Jehova a kile a hlaselwa ke bademona, ha a tlameha hore a phete pale eo ka morero wa ho tshosa ba bang. Ha ho hlokahale hore bahlanka ba Jehova ba tshoswe ke dintho tseo Satane le bademona ba hae ba ka di etsang. Ho e na le hoo, ho hlokahala hore re nahane ka Jesu le matla ao Jehova a mo fileng ona. (Baheberu 12:2) Jesu o ne a sa tshose barutuwa ba hae ka dipale tse buang ka bademona. Empa o ne a amehile ka molaetsa wa Mmuso le ka “dintho tse hlollang tsa Modimo.”—Liketso 2:11; Luka 8:1; Baroma 1:11, 12.

22. O ikemiseditse ho etsang?

22 A re se keng ra lebala hore morero wa Satane ke ho senya setswalle sa rona le Jehova. O tla etsa sohle hore seo se etsahale. Le ha ho le jwalo, re tseba ditsela tseo Satane a di sebedisang mme re ikemiseditse ho hanela mofuta le ha e le ofe wa bodemona. Ka hoo, re ke ke ra fa Diabolose sebaka sa ho re a re nyahamise. (Bala Baefese 4:27.) Ke nnete hore haeba re hanyetsa Diabolose, Jehova o tla re sireletsa.—Baefese 6:11.