Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 8

Jehova o Batla Hore Bahlanka ba Hae ba Hlweke

Jehova o Batla Hore Bahlanka ba Hae ba Hlweke

“Ho ya ipolokang a hlwekile o tla iponahatsa o hlwekile.” —PESALEME YA 18:26.

1-3. (a) Ke hobaneng ha mme a etsa bonnete ba hore mora wa hae o hlwekile? (b) Ke hobaneng ha Jehova a batla hore bahlanka ba hae ba hlweke?

AKO nahane ka mme ya lerato a lokisetsa mora wa hae ho ya sekolong. O etsa bonnete ba hore o hlapile le hore diaparo tsa hae di makgethe ebile di hlwekile. Sena se etsa hore mora a dule a phetse hantle mme ba bang ba tla bona hore kannete batswadi ba hae ba mo hlokometse.

2 Ntate wa rona Jehova, o batla hore re hlweke. (Pesaleme ya 18:26) O a tseba hore re tla fumana molemo o itseng ha re dula re hlwekile. Hape ha re hlwekile, re bontsha hore re a mo hlompha.—Ezekiele 36:22; bala 1 Petrose 2:12.

3 Empa ho hlweka ho bolelang? Hona ke hobaneng ha ho le molemo ho rona? Ha re ntse re hlahloba dipotso tsena, re tla bona diphetoho tseo e mong le e mong wa rona a lokelang ho di etsa.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO HLWEKA?

4, 5. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho hlweka? (b) Popo e re ruta hore Jehova o ikutlwa jwang ka bohlweki?

4 Re ithuta bohlweki ho Jehova. (Levitike 11:44, 45) Ka hoo, lebaka le ka sehloohong le etsang hore re hlweke, ke hobane re batla ho ba “baetsisi ba Modimo.”—Baefese 5:1.

5 Popo e re ruta hore na Jehova o ikutlwa jwang ka bohlweki. Jehova o bopile potoloho ya tlhaho e bolokang moya le metsi a hlwekile. (Jeremia 10:12) Ako nahane feela ka ditsela tse ngata tseo ka tsona lefatshe le itlhwekisang esita le ka mora hore batho ba le silafatse. Ka mohlala, Jehova o entse dikokwanahloko e leng dintho tse nyenyane tseo re ka di bonang feela ha re sebedisa maekroskoupo. Dikokwanahloko tsena, di ka fetola dintho tse kotsi e le hore di sebediswe ka tsela e itseng e molemo. Ena ke ntho e tsotehang e le kannete! Borasaense le bona ba sebedisa dikokwanahloko tsena ho fedisa ditlamorao tse bakilweng ke tshilafalo.—Baroma 1:20.

6, 7. Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ile wa bontsha jwang hore barapedi ba Jehova ba lokela ho hlweka?

6 Re boetse re bona ka moo ho hlweka ho leng bohlokwa ka teng Molaong oo Jehova a neng a o file Baiseraele a sebedisa Moshe. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba lokela ho hlweka mmeleng e le hore Jehova a amohele borapedi ba bona. Ka Letsatsi la ho Kwahela Dibe, moprista ya phahameng o ne a lokela ho hlapa habedi. (Levitike 16:4, 23, 24) Athe ha e le baprista ba bang bona, ba ne ba lokela ho hlapa matsoho le maoto a bona pele ba etsa sehlabelo. (Exoda 30:17-21; 2 Likronike 4:6) Maemong a mang teng, motho o ne a ka ba a ahlolelwa lefu haeba a ne a sa boloke melao ya bohlweki.—Levitike 15:31; Numere 19:17-20.

7 Hothweng ka rona kajeno? Re ka ithuta ho hongata ka dipehelo tsa Jehova Molaong ona. (Malakia 3:6) O ne o bontsha ka ho hlaka hore barapedi ba Jehova, ba ne ba lokela ho hlweka. Ka ha Jehova ha a fetohe, le kajeno o ntse a lebelletse hore barapedi ba hae ba hlweke.—Jakobo 1:27.

EMPA HO HLWEKA HO BOLELANG?

8. Re ka hlweka ka ditsela dife?

8 Ho Jehova, ho hlweka ha ho bolele feela ho itlhwekisa mmeleng, ho hlatswa diaparo le ho hlwekisa matlo a rona. Bohlweki bo ama bophelo ba rona ka ho felletseng, sena se akarelletsa borapedi, boitshwaro le menahano ya rona. Ka sebele, e le hore Jehova a re tadime re hlwekile, re lokela ho hlweka dikarolong tsohle tsa bophelo ba rona.

9, 10. Ho hlweka borapeding ho bolelang?

9 Borapedi bo hlwekileng. Le ka mohla re ke ke ra ikamahanya le bodumedi ba bohata ka tsela le ha e le efe. Ha Baiseraele e le Batshwaruwa Babylona, ba ne ba phela hara batho ba neng ba kopanela borapeding ba boitshwaro bo ditshila ba bohetene. Esaia o ile a profeta hore Baiseraele ba ne ba tla kgutlela Iseraele e le hore ba tsosolose borapedi bo hlwekileng. Jehova o ile a re ho bona: “Tswang mona, le se ke la ama letho le sa hlwekang; tswang hara yona, le ipoloke le hlwekile.” Borapedi ba bona ho Modimo bo ne bo sa lokela ho kopana le dithuto, mekgwa kapa meetlo ya bodumedi ba bohata ba Babylona.—Esaia 52:11.

10 Le kajeno Bakreste ba nnete ba qoba bodumedi ba bohata ka hohlehohle. (Bala 1 Bakorinthe 10:21.) Lefatsheng ho pota, ho atile ditlwaelo tse ngata, mekgwa le ditumelo tse thehilweng dithutong tsa bodumedi ba bohata. Ka mohlala, batho ba bangata ba dumela hore ha motho a shwa, hona le ntho eitseng ka hare ho yena e tswelang pele e phela. (Moeklesia 9:5, 6, 10) Bakreste ba lokela ho qoba mekgwa e jwalo. Ba malapa a rona ba ka nna ba re susumelletsa hore re nke karolo dinthong tsena. Empa ka ha re batla hore Jehova a re tadime re hlwekile, ha re dumelle tshusumetso e jwalo.—Liketso 5:29.

11. Ho hlweka boitshwarong ho bolelang?

11 Boitshwaro bo hlwekileng. E le hore Jehova a re tadime re hlwekile, re lokela ho qoba boitshwaro bo bobe ba mofuta le ha e ofe. (Bala Baefese 5:5.) Ka Lentsweng la hae Bibele, Jehova o re “Balehelang bohlola.” O hlakisitse taba ena hantle, ha a ne a re ba etsang boitshwaro bo bobe empa ba sa fetohe ba ke ke ba ja lefa la Mmuso wa Modimo.—1 Bakorinthe 6:9, 10, 18; Sheba Ntlha ya 22 e hlahang qetellong ya buka.

12, 13. Ho hlweka monahanong ho bolelang?

12 Menahano e hlwekileng. Menahano e ka re susumelletsa ho etsa dintho tse itseng. (Matheu 5:28; 15:18, 19) Ho ba le menahano e hlwekileng ho tla re thusa hore re etse dintho ka tsela e nepahetseng. Ke nnete hore ha re a phethahala, ka hoo, re ka lebella hore nako le nako re tla ba le menahano e fosahetseng. Ha re fihlelwa ke menahano eo, re lokela ho e qoba hanghang. Haeba re sa etse jwalo, ka mora nako re tla hlokomela hore dipelo tsa rona ha di sa hlwekile. Re ka nna ra qala ho batla ho etsa dintho tseo re dulang re nahana ka tsona. Ka lebaka leo, re lokela ho tlatsa dikelello tsa rona ka menahano e hlwekileng. (Bala Bafilipi 4:8.) Ka hona, re lokela ho leka ka hohle ho qoba dintho tse kang boitshwaro bo bobe le boithabiso bo nang le ntwa. Re kgetha ka hloko dintho tseo re di balang, re di shebellang le tseo re buang ka tsona.—Pesaleme ya 19:8, 9.

13 E le hore re dule re rata Modimo, re lokela ho hlweka borapeding, boitshwarong le menahanong. Hape Jehova o lebelletse hore re hlweke mmeleng.

RE KA HLWEKA MMELENG JWANG?

14. Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re hlweke mmeleng?

14 Ho boloka mmele ya rona le jarete eo re phelang ho yona di hlwekile, ho ka ba molemo eseng ho rona feela empa le ho batho ba re potolohileng. Re tla ikutlwa re kgotsofetse ebile le batho ba bang ba tla thabela ho ba le rona. Empa ho na le lebaka la bohlokwa ka ho fetisisa leo ka lona re lokelang ho hlweka mmeleng. Ha re dula re hlwekile, re tlisa tlhompho ho Jehova. Ako nahane ka sena: Ha o bona ngwana ya dulang a sa hlweka, o ka nna wa ipotsa hore na ebe batswadi ba hae ke batho ba mofuta ofe. Ka tsela e tshwanang, haeba re sa itlhokomele ka hore re dule re hlwekile, batho ba ka nna ba nahana hampe ka Jehova. Pauluse o ile a re: “Ka tsela le ha e le efe ha re fane ka sesosa le ha e le sefe sa ho kgoptjwa, e le hore bosebeletsi ba rona bo se ke ba fumanwa bo na le molato; empa re ipuella ka tsela e nngwe le e nngwe hore re basebeletsi ba Modimo.” —2 Bakorinthe 6:3, 4.

Jwalo ka bahlanka ba Jehova, re lokela ho boloka mmele ya rona le dijarete tsa rona di hlwekile

15, 16. Re lokela ho etsang e le hore re ipoloke re hlwekile?

15 Mmele le Diaparo tsa rona. Re lokela ho hlapa kamehla e le hore re dule re hlwekile. Re lokela ho hlapa matsoho a rona ka sesepa le metsi, haholoholo pele re pheha kapa re ja, le ka mora hore re sebedise ntlwana, kapa ha re tshwere ntho e ditshila. Ho hlatswa matsoho ho ka bonahala e le ntho e sa reng letho, empa ho a hlokahala e le hore re ka thibela dibaktheria le malwetsi a itseng ho tshwaetsa ba bang. Ho ka boloka le bophelo ba rona. Empa haeba moo re dulang teng ho se na ntlwana kapa tsamaiso ya mantle, ho ntse ho na le ditsela tse ding tseo re ka di sebedisang. Baiseraele ba ne ba se na tsamaiso ya mantle, ka hoo ba ne ba ya hole le matlo a batho le mehlodi ya metsi mme ba tjheka sekoti ha ba ithusa.—Deuteronoma 23:12, 13.

16 Ha ho bolele hore diaparo tsa rona e lokela ho ba tsa maemo, tse turang kapa tsa feshene. Le ha ho le jwalo, di lokela ho ba makgethe di be di hlweke. (Bala 1 Timothea 2:9, 10.) Re batla hore ka dinako tsohle ponahalo ya rona e tlise thoriso ho Jehova.—Tite 2:10.

17. Ke hobaneng ha re lokela ho boloka mahae le dijarete tsa rona di hlwekile?

17 Mahae a rona le dijarete tsa rona. Ho sa tsotellehe hore na re dula hokae, re lokela ho boloka mahae a rona a hlwekile. Re boetse re etsa bonnete ba hore dikoloi, dithuthuthu le dibaesekele tsa rona di hlwekile, haholoholo haeba re di sebedisa ha re ya dibokeng kapa tshimong. Lebaka ke hore ha re le tshimong, re bua le batho ka bophelo paradeiseng e hlwekileng hona mona lefatsheng. (Luka 23:43; Tšenolo 11:18) Tsela eo mahae le dijarete tsa rona di leng ka yona, e tla bontsha hore re se re ntse re itokiselletsa bophelo lefatsheng le letjha le hlwekileng.

18. Ke hobaneng ha re batla hore dibaka tsa rona tsa borapedi di hlweke?

18 Dibaka tsa rona tsa borapedi. Re bontsha hore ho hlweka ke ntho ya bohlokwa ka hore re boloke dibaka tsa rona tsa borapedi di hlwekile, ebang ke Holo ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova kapa sebaka seo re tshwarelang dikopano ho sona. Ha batho ba qala ho ya Holong ya Mmuso, hangata ba hlollwa ke ho bona ka moo e hlwekileng ka teng. Sena se tlisa tlhompho ho Jehova. Kaofela ha rona re na le monyetla wa ho thusa ho hlwekisa Holo ya Mmuso eo re kopanelang ho yona le ho e boloka e le maemong a hantle.—2 Likronike 34:10.

TLOHELA MEKGWA E SA HLWEKANG

19. Keng eo re lokelang ho e qoba?

19 Le hoja Bibele e sa re bolelle dintho kaofela tse mpe tseo re lokelang ho di qoba, e re bolella ka melaomotheo e re thusang ho utlwisisa ka moo Jehova a ikutlwang ka teng ka dintho tsena. Ha a batle hore re tsube, re nwe jwala ho tlola le ho sebedisa dithethefatsi. Haeba re le metswalle ya Jehova ya nnete, re tla qoba ho etsa dintho tseo a sa di rateng. Hobaneng? Hobane re hlompha mpho ya bophelo e le kannete. Mekgwa e kang ena, e ka re kudisa ya ba ya lematsa le batho bao re phelang le bona. Batho ba bangata ba leka ka matla ho tlohela mekgwa ena e le hore ba phele hantle. Le ha ho le jwalo, ka ha re metswalle ya Jehova, lerato leo re mo ratang ka lona ke lona le re susumelletsang ho tlohela mekgwa ena. Ngwanana e mong o ile a re: “Jehova o ile a nthusa hore ke hlwekise bophelo ba ka le hore ke tlohele dintho tseo ke neng ke di lemalletse. . . . Ke nahana hore nka be ke sa kgona ho etsa diphetoho tsena ha e ne e se ka thuso ya Jehova.” A re ke re hlahlobe melaomotheo ya Bibele e mehlano e tla re thusa ho tlohela mekgwa e kotsi.

20, 21. Ke mekgwa efe eo Jehova a batlang hore re e tlohele?

20 “Ka ha re na le ditshepiso tsena, baratuwa, a re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re phethahatse kgalalelo ka ho tshaba Modimo.” (2 Bakorinthe 7:1) Jehova o batla hore re tlohele mekgwa e sa hlwekang e ka lematsang kelello le mmele ya rona.

21 Lebaka le ka sehloohong leo ka lona re lokelang ho ‘itlhatswa ditshila tsohle,’ le hlalositswe ho 2 Bakorinthe 6:17, 18. Jehova o re: “Le kgaotse ho ama ntho e sa hlwekang.” Ka hoo, ha re mamela taelo eo ya hae, o a re tshepisa: “Ke tla le amohela. Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka.” Jehova o tla re rata jwalo ka ntate ya ratang bana ba hae, haeba re qoba ntho le ha e le efe e ka etsang hore re se ke ra hlweka.

22-25. Ke melaomotheo efe e ka re thusang ho qoba mekgwa e sa hlwekang?

22 “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka kelello ya hao yohle.” (Matheu 22:37) Ena ke taelo ya bohlokwa ka ho fetisisa ho di feta kaofela. (Matheu 22:38) Jehova o a tshwaneleha hore re mo rate ka ho felletseng. Jwale, ke jwang re ka reng re a mo rata empa ka lehlakoreng le leng re kgetha ho etsa ntho e ka re lematsang kelellong kapa e ka re kudisang? Ho e na le hoo, re etsa ntho e nngwe le e nngwe eo re ka e kgonang ho bontsha hore re hlompha mpho ya bophelo.

23 “[Jehova] o fa batho bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.” (Liketso 17:24, 25) Haeba motswalle wa hao a ne a o file mpho, na o ne o tla e lahla kapa o e senye? Bophelo ke mpho e babatsehang e tswang ho Jehova. Ruri re ananela mpho ena ya bohlokwa. Ka hoo, re batla ho sebedisa mpho ena ya bophelo ka tsela e tla mo tlotlisa.—Pesaleme ya 36:9.

24 “O rate moahelani wa hao jwalo ka ha o ithata.” (Matheu 22:39) Mekgwa e sa hlwekang ha e lematse rona feela. E boetse e lematsa le batho ba re potolohileng, haholoholo bao re ba ratang. Ka mohlala, motho ya dulang ntlong e le nngwe le motho ya tsubang, hanyane ka hanyane bophelo ba hae bo ka ba kotsing ka lebaka feela la hore o hema mosi ona. Empa ha re qoba mekgwa e sa lokang, re bontsha batho ba re potolohileng hore re ba rata e le kannete.—1 Johanne 4:20, 21.

25 “Tswela pele ho ba hopotsa ho ipeha tlaase le ho mamela mebuso le balaodi jwalo ka babusi.” (Tite 3:1) Dibakeng tse ngata, ho ba le dithethefatsi tse itseng kapa ho di sebedisa ha ho molaong. Jehova o re laetse hore re bontshe tlhlompho ho mebuso, re be re mamele melao eo.—Baroma 13:1.

Ha re dula re hlwekile, re hlompha Jehova

26. (a) Re lokela ho etsang e le hore Jehova a amohele borapedi ba rona? (b) Ke hobaneng ha ho dula re hlwekile mahlong a Jehova e le tsela e molemo ka ho fetisisa?

26 Haeba re batla ho ba metswalle ya Jehova, re tla bona hore ho na le moo re lokelang ho etsa diphetoho. Haeba ho jwalo, re lokela ho qala hanghang ho etsa diphetoho. Ke nnete hore ka dinako tse ding ha ho bonolo ho qoba dintho tse sa hlwekang, empa re ka kgona. Jehova o tshepisa ho re o tla re thusa. O re: “Nna, Jehova, ke Modimo wa hao, ke nna Ya o rutang hore o itswele molemo, Ya etsang hore o tsamaye tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona.” (Esaia 48:17) Haeba re etsa bonnete ba hore re dula re hlwekile, re tla ba le kgodiseho e felletseng ya hore re tlisa tlhompho ho Modimo wa rona.