Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 6

Re Lokela ho Kgetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?

Re Lokela ho Kgetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?

“Le etse dintho tsohle bakeng sa thoriso ya Modimo.” —1 BAKORINTHE 10:31.

1, 2. Ke hobaneng ha re lokela ho ba hlokolosi ha re kgetha boithabiso?

AKO nahane o re o ja tholwana, moo o reng o a e loma feela, ebe o hlokomela hore ho na le karolo e bodileng. O ne o tla etsang? Na o ne o tla nne o e je e le jwalo? Na o ne o tla e lahla? Kapa mohlomong o ne o tla tlosa karolo eo e bodileng mme o je karolo e sa bolang?

2 Ka tsela eitseng, boithabiso bo tshwana le karolo eo e bodileng ya tholwana. Ke nnete hore dikarolo tse ding tsa bona di a thabisa empa bongata ba boithabiso bo fosahetse, ka ha bo akarelletsa boitshwaro bo bobe, ntwa le bodemona. Jwale, na ha o kgetha boithabiso o re: “Ke taba ya ka. Nka kgetha boithabiso boo ke bo ratang?” Kapa na o re: “Ha ho na boithabiso bo hantle?” Kapa na ebe o kgetha boithabiso ka hloko, o qoba bo seng hantle?

3. Re lokela ho nahana ka eng ha re kgetha boithabiso?

3 Kaofela re hloka ho ikgatholla le ho ithabisa mme re batla ho etsa kgetho e nepahetseng. Ka hoo, re lokela ho ipotsa hore na ebe boithabiso boo re bo kgethang bo ka ama borapedi ba rona ho Jehova ka tsela efe.

“LE ETSE DINTHO TSOHLE BAKENG SA THORISO YA MODIMO”

4. Ke molaomotheo ofe wa Bibele o ka re thusang ho kgetha boithabiso?

4 Ha re inehela ho Jehova, re mo tshepisa hore re tla mo sebeletsa bophelo bohle ba rona. (Bala Moeklesia 5:4.) Re tshepisa hore re tla etsa “dintho tsohle bakeng sa thoriso ya Modimo.” (1 Bakorinthe 10:31) Sena se bolela hore re inehetse ho Modimo le ha re ikgatholla kapa re ithabisa, eseng feela ha re le dibokeng kapa tshimong.

5. Ke borapedi ba mofuta ofe boo re lokelang ho bo fa Jehova?

5 Ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang bophelong, e ama borapedi ba rona ho Jehova. Pauluse o ile a hlalosa sena, ha a ne a re: “Le hlahise mmele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo.” (Baroma 12:1) Jesu o ile a re: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka kelello ya hao yohle le ka matla a hao ohle.” (Mareka 12:30) Kamehla re batla ho fa Jehova sohle seo re nang le sona. Mehleng ya kgale ha Baiseraele ba ne ba etsetsa Jehova sehlabelo ka phoofolo, ba ne ba lokela ho fana ka phoofolo e phetseng hantle. Haeba ho ne ho na le ntho e phoso ka phoofolo eo, Modimo o ne a sa amohele sehlabelo se jwalo. (Levitike 22:18-20) Ka tsela e tshwanang, ho na le maemong ao le rona Jehova a ke keng a amohela borapedi ba rona. Ebe ke afe?

6, 7. Boithabiso ba rona bo ka ama borapedi ba rona ho Jehova ka tsela efe?

6 Jehova o re ho rona: “Le halalele, hobane ke a halalela.” (1 Petrose 1:14-16; 2 Petrose 3:11) Jehova o tla amohela borapedi ba rona haeba feela bo halalela kapa bo hlwekile. (Deuteronoma 15:21) Borapedi ba rona e ke ke ya ba bo hlwekileng haeba re etsa dintho tseo Jehova a di hloileng, jwalo ka boitshwaro bo bobe, ntwa le dintho tse tsamaisanang le bodemona. (Baroma 6:12-14; 8:13) Ebile hape Jehova a ke ke a thaba haeba boithabiso ba rona bo akarelletsa dintho tse kang tsena. Sena se ka etsa hore borapedi ba rona bo se ke ba hlweka hape bo se ke ba amoheleha ho Jehova, ebile le kamano ya rona le yena e ka senyeha.

7 Jwale, ke ka tsela efe re ka kgethang boithabiso ba rona ka bohlale? Ke melaomotheo efe e ka re thusang ho hlokomela hore na ke boithabiso bofe bo hantle le bo seng hantle?

HLOYA SE SEBE

8, 9. Re lokela ho qoba boithabiso ba mofuta ofe? Hona hobaneng?

8 Ho na le mefuta e mengata ya boithabiso e teng kajeno. Ho na le e hantle le e seng hantle bakeng sa Bakreste. Ha re qale pele ka ho hlahloba hore na ke mefuta efe ya boithabiso eo re lokelang ho e qoba.

9 Difilimi, diwebsaete, mananeo a television, dipapadi tsa divideo le dipina tse ngata di na le boitshwaro bo bobe, ntwa le bodemona. Dintho tse mpe di hlahiswa e ka ha di phoso ebile di tshehisa. Empa Bakreste bona ba leka ka hohle ho qoba boithabiso bona bo sa hlwekang. (Liketso 15:28, 29; 1 Bakorinthe 6:9, 10) Ha re qoba boithabiso bona, re bontsha Jehova hore re hloile se sebe.—Pesaleme ya 34:14; Baroma 12:9.

10. Ke ditlamorao dife tse ka bang teng ka lebaka la ho se kgethe boithabiso hantle?

10 Batho ba bang ba bona ho se letho le phoso ka boithabiso bo nang le ntwa, boitshwaro bo bobe kapa bodemona. Ba re: ‘Bona le kotsi efe? Nna ha ke no etsa dintho tsena lekgale.’ Haeba le rona re nahana ka tsela ena, re a ithetsa. Bibele e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho le ha e le efe mme e phehella seo e se batlang.” (Jeremia 17:9) Haeba re ithabisa ka dintho tseo re tsebang hantle hore Jehova ha a di amohele, na ke ho utlwahalang hore re re re di hloile? Ha re ntse re tswela pele ho ithabisa ka tsona, re tlo qala ho bona ho se ho se letho le phoso ka tsona. Ha nako e ntse e ya, matswalo a rona a tla fokola mme a ke ke a re kgalemela ha re nka bohato ba ho etsa qeto e sa lokang.—Pesaleme ya 119:70; 1 Timothea 4:1, 2.

11. Bagalata 6:7 e ka re thusa jwang ha re kgetha boithabiso?

11 Lentswe la Modimo le re: “Le ha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Ke nnete hore haeba re ithabisa ka dintho tse seng hantle, ha nako e ntse e ya, re tla qetella le rona re se re di etsa. Ka mohlala, ba bangata ba ile ba rata boithabiso bo nang le boitshwaro bo bobe, hoo ba ileng ba qetella ba se ba kenelletse boitshwarong bona. Empa Jehova o re fa thuso eo re e hlokang, e le hore re kgethe boithabiso ka bohlale.

SEBEDISA MELAOMOTHEO YA BIBELE HA O ETSA DIQETO

12. Keng e ka re thusang ho etsa diqeto tse lokileng mabapi le boithabiso?

12 Ho na le boithabiso boo ka ho hlaka Jehova a sa bo amoheleng mme re tseba hantle hore re lokela ho bo qoba. Empa hothweng haeba ho sa hlaka? Jehova ha a re fe melao e mengata e re bolellang hore na re lokela ho shebellang, ho mamelang kapa ho balang. Ho ena le hoo, o batla hore re sebedise matswalo a rona a kwetlisitsweng ka Bibele. (Bala Bagalata 6:5.) Jehova o re fa melaomotheo e re rutang hore na o tadima dintho ka tsela efe. Melaomotheo ena e re thusa ho kwetlisa matswalo a rona. E re thusa ho tseba “seo thato ya Jehova e leng sona,” e le hore re kgone ho etsa diqeto tse tla mo thabisa.—Baefese 5:17.

Melaomotheo ya Bibele e re thusa ho kgetha boithabiso

13. Ke hobaneng ha Bakreste ba etsa diqeto tse sa tshwaneng ha ba kgetha boithabiso? Empa ke efe ntho ya bohlokwa ho Bakreste kaofela?

13 Hangata, ntho eo Mokreste e mong a e kgethang e le boithabiso ba hae, ha e tshwane le eo e mong a e kgethang. Lebaka la see ke lefe? Taba ke hore ha re rate dintho tse tshwanang. Hape, ntho e ka bonahalang e amoheleha ho motho e mong, e mong yena a ka nna a e nka e sa amohelehe. Le ha ho le jwalo, Bakreste kaofela ba lokela ho tataiswa ke melaomotheo ya Bibele, e le hore ba etse diqeto tse lokileng. (Bafilipi 1:9) Sena se tla re thusa ho kgetha boithabiso boo Modimo a bo amohelang.—Pesaleme ya 119:11, 129; 1 Petrose 2:16.

14. (a) Ke ntho efe ya bohlokwa eo re lokelang ho nahana ka yona mabapi le hore na re sebedisa nako ya rona jwang? (b) Pauluse o ile a fa Bakreste temoso efe?

14 Ntho e nngwe hape eo re lokelang ho nahana ka yona ke hore na re qeta nako e kae re ithabisa. Sena se ka bontsha hore na boithabiso ke ba bohlokwa hakae ho rona. Jwalo ka Bakreste, ho sebeletsa Jehova ke yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona. (Bala Matheu 6:33.) Empa, ho ka etsahala hore re se ke ra hlokomela hore re qeta nako e ngata re ithabisa. Pauluse o ile a lemosa Bakreste a re: ‘Le lebele . . . hore ka moo le tsamayang ka teng hase jwalo ka batho ba seng bohlale empa ke jwalo ka ba bohlale.’ (Baefese 5:15, 16) Ka hoo, re lokela ho ipehela meedi ya hore na re tla nka nako e kae re ithabisa mme ka dinako tsohle re etse bonnete ba hore ntho e tlang pele bophelong ba rona ke ho sebeletsa Modimo.—Bafilipi 1:10.

15. Re ka itshireletsa jwang e le hore re se ke ra kgetha boithabiso bo ka senyang kamano ya rona le Jehova?

15 Ho hlakile hore re lokela ho qoba boithabiso boo re tsebang hantle hore Jehova ha a bo amohele. Empa hothweng ka boithabiso boo re sa tsebeng hantle hore na Jehova o a bo amohela kapa tjhe? Na re ntse re lokela ho ba hlokolosi? A ko nahane ka sena. A re re o tseleng e yang thabeng, na o tla tsamaela ka thoko ho tsela moo o ka nnang wa wela? Tjhe, o ne o ke ke wa etsa jwalo. Haeba o nka bophelo ba hao e le ba bohlokwa, o tla tsamaela hole le ntho le ha e le efe e kotsi. Ho tshwana hantle le ka tsela eo re kgethang boithabiso ka yona. Lentswe la Modimo le re: “Tlosa leoto la hao ho se sebe.” (Liproverbia 4:25-27) Ka hona, ha re qobe boithabiso feela boo re tsebang hore ha bo hantle, empa re boetse re tsamaella hole le boithabiso boo re belaellang hore e ka nna ya ba ha bo hantle ebile bo ka nna ba senya le kamano ya rona le Jehova.

TSELA EO JEHOVA A TADIMANG DINTHO KA YONA

16. (a) Ke dintho dife tse ding tseo Jehova a di hloileng? (b) Re bontsha jwang hore re hloile seo Jehova a se hloileng?

16 Mongodi e mong wa Pesaleme o ile a ngola a re: “Lona ba ratang Jehova, hloyang se sebe.” (Pesaleme ya 97:10) Bibele e re ruta tsela eo Jehova a nahanang ka yona le hore na o ikutlwa jwang. Ako ipotse hore na ke ka tsela efe dintho tseo o ithutang tsona, di ka o thusang hore o tadime dintho jwalo ka ha Jehova a di tadima. Ka mohlala, re ithuta hore Jehova o hloile “leleme la bohata, le matsoho a tshollang madi a hlokang molato, pelo e rerang merero e kotsi, maoto a potlakelang ho mathela bobeng.” (Liproverbia 6:16-19) Re boetse re ithuta hore re lokela ho qoba “bohlola, . . . borapedi ba ditshwantsho, tshebedisano le meya, . . . poulelo, ho tlakoloha ka bohale, . . . mohono, ho inehella botahwa, mekete e lerata, le dintho tse jwalo ka tsena.” (Bagalata 5:19-21) Na o a bona hore ke ka tsela efe melaomotheo ye ya Bibele e ka o thusang ka teng ha o kgetha boithabiso? Re batla ho latela melao ya Jehova dinthong tsohle bophelong ba rona, ho sa tsotellehe hore na ke moo re leng bang kapa ke moo re nang le batho ba bang. (2 Bakorinthe 3:18) Ha e le hantle, diqeto tseo re di nkang moo re leng bang hangata ke tsona tse senolang hore na hantlentle re batho ba jwang.—Pesaleme ya 11:4; 16:8.

17. Ke dipotso dife tseo re lokelang ho ipotsa tsona pele re kgetha boithabiso?

17 Ha o kgetha boithabiso, ako ipotse: ‘Ebe boithabiso boo ke bo kgethang bo tla ama kamano ya ka le Jehova jwang? Bo tla ama letswalo la ka jwang?’ A re ke re hlahlobeng melaomotheo e meng e ka re thusang ha re kgetha boithabiso.

18, 19. (a) Ke keletso efe eo Pauluse a ileng a e fa Bakreste? (b) Ke melaomotheo efe e tla re thusa ho kgetha boithabiso?

18 Ha re kgetha boithabiso, re boetse re ikgethela le dintho tseo re batlang ho dula re nahana ka tsona. Pauluse o ile a ngola a re: “Dintho dife kapa dife tsa nnete, dintho dife kapa dife tseo ho amehwang ka tsona ka botebo, dintho dife kapa dife tse lokileng, dintho dife kapa dife tse hlwekileng, dintho dife kapa dife tse ratehang, dintho dife kapa dife tse buuwang hantle, bokgabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokelwang ke thoriso, le tswele pele ho nahana ka dintho tsena.” (Bafilipi 4:8) Ha re tlatsa dikelello tsa rona ka dintho tse kang tsena, re ka kgona ho bua mantswe ana: “Dipolelo tsa molomo wa ka le ho thuisa ha pelo ya ka e ke e be tse kgahlisang ka pela hao, Jehova.”—Pesaleme ya 19:14.

19 Ako ipotse: ‘Ke tlatsa kelello ya ka ka eng? Ha ke qeta ho shebella movie o itseng kapa papadi e itseng televisheneng, na ke ikutlwa ke thabile ke bile ke kgatholohile kelellong? Na ke ikutlwa ke na le kgotso le letswalo le hlwekileng? (Baefese 5:5; 1 Timothea 1:5, 19) Na ke ikutlwa ke lokolohile ha ke rapela? Kapa ebe ke ikutlwa ke le molato? Na ebe boithabiso boo bo ile ba etsa hore ke nahane ka ntwa kapa boitshwaro bo bobe? (Matheu 12:33; Mareka 7:20-23) Na ebe boithabiso boo ke bo kgethang bo etsa hore ke be “ka sebopeho sa tsamaiso ena ya dintho”?’ (Baroma 12:2) Ho araba dipotso tsena ka botshepehi, ho ka re thusa ho bona hore na re lokela ho etsang e le hore re ka boloka kamano ya rona le Jehova e le matla. Re batla ho rapela jwalo ka mongodi e mong wa Pesaleme ya ileng a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.” *Pesaleme ya 119:37.

DIQETO TSEO RE DI NKANG DI AMA BATHO BA BANG

20, 21. Ke hobaneng ha re lokela ho nahanela le maikutlo a batho ba bang ha re kgetha boithabiso?

20 Molaomotheo o mong oo re ka nahanang ka ona ke o reng: “Dintho tsohle di dumellwa ke molao; empa hase dintho tsohle tse molemo. E mong le e mong a nne a batle, eseng se molemo ho yena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:23, 24) Hobane feela re na le bolokolohi ba ho etsa ntho e itseng, ha ho bolele hore re lokela ho e etsa. Re lokela ho nahana ka ho teba hore na ebe diqeto tseo re di nkang di ama bara le baradibabo rona ka tsela efe.

21 Matswalo a batho ha a tshwane. Ka mohlala, e ka nna ya ba letswalo la hao le o dumella ho shebella lenaneo le itseng la television. Empa o be o hlokomela hore matswalo a bara kapa baradibabo rona ba bang ha a ba dumelle ho shebella lenaneo leo. O tla etsang? Le hoja o na le bolokolohi ba ho shebella lenaneo leo, o ka nna wa kgetha ho se le shebelle. Ebe hobaneng? Hobane ha o batle ho “sitelwa” barabeno kapa hona ho “sitelwa Kreste”. (1 Bakorinthe 8:12) Ha re batle ho etsa ntho le ha e le efe e ka etsang hore re kgopise Bakrestemmoho le rona.—Baroma 14:1; 15:1; 1 Bakorinthe 10:32.

22. Re ka bontsha jwang hore re na le kahlolo e molemo ha ho tluwa tabeng ya diqeto tseo Bakreste ba bang ba di etsang?

22 Ka lehlakoreng le leng, hothweng haeba letswalo la hao le sa o dumelle ho shebella, ho bala kapa ho etsa ntho eo motho e mong a bonang e amoheleha? Ka ha o rata Mokrestemmoho le wena ebile o a mo hlompha, o ke ke wa mo qobella hore a etse diqeto tse tshwanang le tsa hao. Motho ya kgannang o a tseba hore le ha batho ba bang ba ka kganna ka pele kapa butle ho mo feta, ho salang ke hore kaofela ba tseba ho kganna hantle. Ka tsela e tshwanang, e ka nna yaba o latela melaomotheo ya Bibele e tshwanang le eo Mokrestemmoho le wena a e latelang, le hoja le na le maikutlo a fapaneng ha ho tluwa tabeng ya hore na boithabiso bo amohelehang le bo sa amoheleheng ke bofe.—Moeklesia 7:16; Bafilipi 4:5.

23. Keng e ka re thusang ho kgetha boithabiso bo hantle?

23 Jwale, ebe keng e ka re thusang ho kgetha boithabiso bo hantle? Ha re sebedisa matswalo a rona a kwetlisitsweng ka melaomotheo ya Bibele mme re hlile re kgathalla bara le baradibabo rona, re tla kgetha boithabiso bo hantle. Ebile re tla ikutlwa re thabile hobane re ‘etsa dintho tsohle bakeng sa thoriso ya Modimo.’

^ par. 19 Melaomotheo e meng e ka re thusang ha re kgetha boithabiso e hlaha ho Liproverbia 3:31; 13:20; Baefese 5:3, 4; Bakolose 3:5, 8, 20.