Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 3

Kgetha Metswalle e Ratang Modimo

Kgetha Metswalle e Ratang Modimo

“Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—LIPROVERBIA 13:20.

1-3. (a) Re ithutang lengolong la Liproverbia 13:20? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho kgetha metswalle ka bohlale?

NA o kile wa bona ka moo ngwana a shebang batswadi ba hae ka teng? Le pele a qala ho bua feela, o se a ntse a ithuta dintho tsohle tseo a di bonang le ho di utlwa. Ha a ntse a hola, o se a iphumana a etsa dintho tseo a di boneng ho batswadi ba hae. Ha ho makatse hore ebe le batho ba baholo, ba ka iphumana ba se ba nahana kapa ba etsa dintho ka tsela eo batho bao ba dulang ba ena le bona ba di etsang ka yona.

2 Liproverbia 13:20 e re ruta hore: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” Mona ho ‘tsamaya le’ motho ho akarelletsa ho qeta nako e ngata le yena. Sena se bolela ho fetang feela ho ba le motho eo. Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re ho tsamaya le motho, ho akarelletsa ho mo rata le ho ikutlwa o le haufi le yena. Re susumetswa haholo ke batho bao re qetang nako e ngata re na le bona, haholoholo haeba re nka hore ke bona feela batho bao re ikutlwang re thabile ha re na le bona.

3 Metswalle ya rona e ka re susumelletsa ho etsa dintho tse ntle kapa tse mpe. Liproverbia 13:20 e tswelapele ka hore: “Yabang le ditshebedisano le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.” Ka puo ya Seheberu, ho ba le “ditshebedisano” le motho, ho bolela ho “ba le setswalle” le yena, e leng ho bolelang ho ba motswalle wa hae. (Liproverbia 22:24; Baahloli 14:20) Metswalle e ratang Modimo e tla re susumelletsa hore re dule re tshepahalla Modimo. A re ke re tshohleng hore na ke batho ba mofuta ofe bao Jehova a ba kgethang hore e be metswalle ya hae. Ka tsela eo, re tla ithuta ho kgetha metswalle ka bohlale.

METSWALLE YA MODIMO KE E JWANG?

4. Ke hobaneng ha e le tlotla e kgolo ho ba motswalle wa Modimo? Ke hobaneng ha Modimo a ne a bitsa Abrahama “motswalle wa ka”?

4 Jehova Mmusi wa dintho tsohle, o re fa monyetla wa ho ba metswalle ya hae. Ka nnete ena ke tlotla e kgolo. Le ha ho le jwalo, Jehova o kgetha metswalle ya hae ka bohlale. O kgetha feela batho ba mo ratang le ba nang le tumelo ho yena. Ako nahane ka Abrahama. O ne a ikemiseditse ho etsa ntho efe kapa efe eo Modimo a neng a re a e etse. Abrahama o ile bontsha hore o ne a tshepahalla Modimo ka mehla a bile a mo mamela. O ile a ba a fana le ka mora wa hae Isaka hore e be sehlabelo. O ne a e na le tumelo ya hore “Modimo o ne a [tla] . . . mo tsosa bafung.” (Baheberu 11:17-19; Genese 22:1, 2, 9-13) Ka ha Abrahama o ne a tshepahala a bile a mamela ka mehla, Jehova o ile a mo bitsa “motswalle wa ka.”—Esaia 41:8; Jakobo 2:21-23.

5. Jehova o ikutlwa jwang ka batho ba mo tshepahallang?

5 Batho bao e leng metswalle ya Jehova, ba nka ho mo tshepahalla e le yona ntho e ka sehloohong. Ka lebaka leo, Jehova o ba nka e le metswalle ya bohlokwa. (Bala 2 Samuele 22:26.) Ba etsa sena hobane ba hlile ba mo rata. Ka hoo, Bibele e re Modimo “o na le kamano e haufiufi le ba lokileng,” e leng ba mo mamelang. (Liproverbia 3:32) O mema metswalle ya hae hore e be baeti “tenteng” ya hae. O boetse o ba memela hore ba mo sebeletse ba be ba mo rapele ka dinako tsohle.—Pesaleme ya 15:1-5.

6. Re ka bontsha jwang hore re rata Jesu?

6 Jesu o ile a re: “Haeba le ha e le mang a nthata, o tla boloka lentswe la ka, Ntate o tla mo rata.” (Johanne 14:23) Ka hoo, e le hore re be metswalle ya Jehova, re lokela ho rata Jesu re be re etse dintho tseo a re rutileng tsona. Ka mohlala, re mamela taelo ya Jesu ya ho bolela ditaba tse molemo le ho etsa barutuwa. (Matheu 28:19, 20; Johanne 14:15, 21) Ka ha re rata Jesu, re ‘latela mehato ya hae haufiufi.’ (1 Petrose 2:21) Jehova o a thaba ha a bona re leka ka hohle ka moo re ka kgonang ka teng ho etsisa Mora wa hae ka dipuo le diketso tsa rona.

7. Ke hobaneng ha re lokela ho etsa bonnete ba hore metswalle ya rona ke metswalle ya Jehova?

7 Metswalle ya Jehova e ya tshepahala, e ya mamela ebile e rata le Mora wa hae. Na re kgetha metswalle e tshwanang le eo Jehova a e kgethang? Haeba metswalle ya hao e etsisa Jesu ebile e dula e phathahane ka ho ruta ba bang ka Mmuso wa Modimo, e ka o thusa hore o ntlafatse botho ba hao hape o dule o tshepahalla Jehova.

HO ITHUTA MEHLALENG E KA BIBELENG

8. Keng seo o se ratang ka setswalle sa Ruthe le Naomi?

8 Bibele e na le mehlala e mengata eo re ka balang ka yona yabatho bao e neng e le metswalle. Jwalo ka setswalle sa Ruthe le mme matsale wa hae Naomi. Basadi bana ba ne ba tswa dibakeng tse sa tshwaneng, ba hodisitswe ka tsela e sa tshwaneng ebile Naomi a feta Ruthe ka dilemo. Empa e ile yaba metswalle e haufiufi hobane ka bobedi ba ne ba rata Jehova. Ha Naomi a ne a tloha naheng ya Moabe mme a kgutlela Iseraele, “Ruthe [o ile] a mo kgomarela.” O ile a re ho Naomi: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, mme Modimo wa hao e tla ba Modimo wa ka.” (Ruthe 1:14, 16) Ruthe o ne a le mosa haholo ho Naomi. Ha ba fihla Iseraele, Ruthe o ile a sebetsa ka thata e le hore a ka tshehetsa motswalle wa hae. Naomi o ne a rata Ruthe haholo, o ile a ba a mo fa keletso e molemo. Ruthe o ile a mo mamela mme bobedi ba bona, ba fumana ditlhohonolofatso tse ngata.—Ruthe 3:6.

9. Keng e o kgahlang ka setswalle sa Davida le Jonathane?

9 Davida le Jonathane ba re behetse mohlala o motle wa metswalle e tshepahallang Jehova. Jonathane o ne a feta Davida ka dilemo tse ka bang 30 ebile e ne e le yena morena ya latelang wa Iseraele. (1 Samuele 17:33; 31:2; 2 Samuele 5:4) Le ha ho le jwalo, ha a ne a utlwa hore Jehova o kgethile Davida hore e be morena, ha a ka a ba mona kapa a batla ho tsekisa Davida setulo sa borena. Ho e na le hoo, Jonathane o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho tshehetsa Davida. Ka mohlala, ha Davida a ne a le kotsing, Jonathane o ile a mo thusa ho “matlafatsa letsoho la hae mabapi le Modimo.” O ile a ba a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a ka sireletsa Davida. (1 Samuele 23:16, 17) Ka tsela e tshwanang, Davida le yena e ne le motswalle ya tshepahalang. O ile a tshepisa hore o tla hlokomela lelapa la Jonathane, mme o ile a fela a etsa jwalo le ka mora hore Jonathane a hlokahale.—1 Samuele 18:1; 20:15-17, 30-34; 2 Samuele 9:1-7.

10. Mohlala wa Baheberu ba bararo o o ruta eng ka setswalle?

10 Shadrake, Meshake le Abednego e ne e le batjha ba bararo ba Baheberu bao e neng e le metswalle. Ba ile ba nkelwa hole le hae e sale bana. Le hoja ba ne ba dula hole le malapa a bo bona, ba ile ba thusana hore ba dule ba tshepahalla Jehova. Hamorao, ha ba se ba hodile, tumelo ya bona e ile ya lekwa ha Morena Nebukadnezare a ne a ba laela hore ba rapele setshwantsho sa kgauta. Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba hana ho rapela setshwantsho seo mme ba re ho morena: “Medimo ya hao hase yona eo re e sebeletsang, mme setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng re ke ke ra se rapela.” Metswalle ena e meraro e ile ya dula e tshepahalla Jehova, le ha tumelo ya bona e ne e lekwa.—Daniele 1:1-17; 3:12, 16-28.

11. Re tseba jwang hore Pauluse le Timothea e ne e le metswalle ya bohlokwa?

11 Ha moapostola Pauluse a ne a qala ho kopana le Timothea, o ile a bona hore Timothea o rata Jehova le hore o ne a kgathalla phutheho. Ka hoo, Pauluse o ile a kwetlisa Timothea hore a thuse bara le baradibabo rona ba dibakeng tse sa tshwaneng. (Liketso 16:1-8; 17:10-14) Timothea o ne a sebetsa ka thata hoo Pauluse a ileng a re: “E ile yaba lekgoba le nna ho ntshetseng pele ditaba tse molemo.” Pauluse o ne a tseba hore ka nnete Timothea o ne “a tla hlokomela” bara le baradibabo rona. Ha Pauluse le Timothea ba ntse ba sebeletsa Jehova ka thata, e ile yaba metswalle ya bohlokwa.—Bafilipi 2:20-22; 1 Bakorinthe 4:17.

RE LOKELA HO KGETHA METSWALLE JWANG?

12, 13. (a) Ke hobaneng ha le ka phuthehong re ntse re lokela ho kgetha metswalle ka bohlale? (b) Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a ile a fana ka temoso e ho 1 Bakorinthe 15:33?

12 Re ka ithuta ho hongata ho bara le baradibabo rona ka phuthehong ya Bokreste, ra ba ra thusana e le hore re dule re tshepahala. (Bala Baroma 1:11, 12.) Esita le ka phuthehong, re ntse re lokela ho ba hlokolosi hore na ke bo mang bao re kgethang hore ebe metswalle ya rona e haufi. Re na le bara le baradibabo rona ba bangata ba tswang ditsong tse fapaneng le ba hodisitsweng ka ditsela tse sa tshwaneng. Ba bang ba ntse ba le batjha ka phuthehong, athe ba bang bona, ba se ba na le nako e telele ba sebeletsa Jehova. Ho nka nako hore kamano ya motho le Jehova e hole, feela jwalo ka ha ho nka nako hore tholwana e butswe. Ka hoo, re lokela ho bontsha ba bang mamello le lerato mme re etse bonnete ba hore re kgetha metswalle ka bohlale.—Baroma 14:1; 15:1; Baheberu 5:12–6:3.

13 Ka dinako tse ding, ho ka nna ha hlaha boemo bo itseng ka phuthehong, ka hoo re tla lokela ho ba hlokolosi haholo. E ka nna yaba mora kapa moradiwabo rona o etsa dintho tse sa dumellaneng le melaomotheo ya Bibele. Kapa motho e mong a ka qala ho ba le mokgwa wa ho belaela, e leng ntho e ka lematsang ba bang ba bara le baradibabo rona ka phuthehong. Sena ha se re makatse, ka ha esita le phuthehong ya mehleng ya pele ya Bokreste, ka dinako tse ding ho ne ho e ba le mathata. Ebile moapostola Pauluse o ile a ba a lemosa Bakreste ba ka nako eo a re: “Le se ke la thetswa. Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.” (1 Bakorinthe 15:12, 33) Pauluse o ile a lemosa Timothea hore a hlokomele hore na o kgetha ho etsa setswalle se haufi le bo mang. Le rona kajeno re lokela ho etsa se tshwanang.—Bala 2 Timothea 2:20-22.

14. Tsela eo re kgethang metswalle ka yona e ka ama kamano ya rona le Jehova jwang?

14 Re lokela ho sireletsa kamano ya rona le Jehova. Ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re nang le yona. Ke ka hoo re lokelang ho qoba ho ba motswalle wa motho le ha e le ofe ya ka etsang hore tumelo ya rona ho Jehova e fokotsehe kapa e senyehe. Jwalo ka ha re ke ke ra inela sepontjhe ka hara vinika yaba re lebella hore se tla tswa se tletse metsi, re ke ke ra ba le metswalle e etsang dintho tse sa lokang mme ra lebella hore ho tla ba bonolo hore re nne re etse dintho tse lokileng. Re tshwanela ho kgetha ka nepo hore na re etsa metswalle e haufi le bomang.—1 Bakorinthe 5:6; 2 Bathesalonika 3:6, 7, 14.

O ka iphumanela metswalle e molemo e ratang Jehova

15. O ka etsang e le hore o fumane metswalle e molemo ka phuthehong?

15 O ka fumana batho ba ratang Jehova ka phuthehong ya Bokreste. E ka ba metswalle e haufi. (Pesaleme ya 133:1) Ha o a lokela ho etsa setswalle le batho ba dilemong tsa hao feela kapa bao le tswang sebakeng se le seng. Hopola hore Jonathane o ne a le moholo ho Davida mme Ruthe yena a le monyane ho Naomi. Re batla ho latela keletso ena ya Bibele e reng: “Le atolohe.” (2 Bakorinthe 6:13; bala 1 Petrose 2:17.) Ha o ntse o tswelapele ho etsisa Jehova, batho ba tla batla ho ba motswalle wa hao.

HA HO HLAHA MATHATA

16, 17. Ha re a lokela ho etsang haeba ho na le motho ya re utlwisitseng bohloko ka phuthehong?

16 Ditho tsa lelapa le leng le le leng di na le botho, maikutlo le ditsela tse fapaneng tsa ho etsa dintho. Ho jwalo le ka phuthehong ya Bokreste. Ho se tshwane hona ho etsa hore re thabele bophelo re be re ithute dintho tse itseng ho ba bang. Empa ka dinako tse ding ho fapana ka maikutlo jwalo, ho ka etsa hore re se ke ra utlwisisa bara le baradibabo rona ba bang kapa re ba tenehele. Athe ka nako tse ding teng, re ka nna ra kgopiseha kapa ra utlwa bohloko. (Liproverbia 12:18) Na re lokela ho dumella mathata a kang ana ho re nyahamisa kapa ho etsa hore re qetelle re se re sa ye dibokeng?

17 Tjhe. Esita le haeba ho ka etsahala hore ho be le motho ya re kgopisang, seo ha se a lokela ho etsa hore re kgaotse ho ya dibokeng hobane Jehova ha se yena ya re kgopisitseng. Empa o re file bophelo le dintho tsohle tseo re di hlokang. Re lokela ho mo rata le ho mo tshepahalla. (Tšenolo 4:11) Phutheho ya Bokreste ke mpho e tswang ho Jehova, e re thusang hore re boloke tumelo ya rona e le matla. (Baheberu 13:17) Re ke ke ra hana mpho e tswang ho Jehova hobane feela ho na le motho ya re kgopisitseng.—Bala Pesaleme ya 119:165.

18. (a) Keng e ka re thusang hore re be le kgotso le bara le baradibabo rona? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho tshwarela ba bang?

18 Re rata bara le baradibabo rona mme re batla ho ba le kgotso le bona. Ka ha Jehova ha a lebella hore re phethahale, le rona ha re a lokela ho lebella hore ba bang ba phethahale. (Liproverbia 17:9; 1 Petrose 4:8) Ke nnete hore kaofela ha rona re etsa diphoso, le ha ho le jwalo, lerato le ka re thusa hore re dule re “tshwarelana ka bolokolohi.” (Bakolose 3:13) Lerato le tla boela le re thuse hore re se ke ra nkela esita le dintho tse nyenyane hloohong. Bonneteng ha ho na le motho ya re kwatisitseng, ho thata ho kgaotsa ho nahana ka taba eo. Ho bonolo hore o kwatele motho eo o be o mo jare ka pelo. Empa seo se tla etsa hore o se ke wa thaba mme o dule o hloname. Ka lehlakoreng le leng, haeba re tshwarela motho ya re kgopisitseng, re tla thaba re be re momahane le bara le baradibabo rona. Hape re tla ba le kamano e ntle le Jehova, e leng yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.—Matheu 6:14, 15; Luka 17:3, 4; Baroma 14:19.

HA HO NA LE MOTHO YA KGAOTSWENG

19. Ke maemong afe moo re lokelang ho kgaotsa ho itswakanya le mora kapa moradiwabo rona?

19 Lelapeng leo ho lona ho renang lerato, e mong le e mong o phetha karolo ya hae ho etsa hore ba bang ba thabe. Empa ako nahane feela ha hoba le e mong ya ikgethelang ho nka tsela e sele. Bohle lapeng ba ka etsa ka hohle hohle ho leka ho mo thusa, empa ka maswabi a hane. Sena se ka isa le boholeng ba hore a itsamaele kapa mohlomong hlooho ya lelapa e be yona e mo lelekang. Boemo bo tshwanang bo ka etsahala le ka phuthehong. Ho ka etsahala hore mora kapa moradiwabo rona a kgethe ho tswelapele a etsa ntho e sa thabiseng Jehova mme seo sa lematsa phutheho. A ka ba a hana ha a thuswa mme a bontsha ka diketso hore jwale ha a sa batla le ho utlwa letho ka phutheho. Qetellong a ka kgetha le ho tlohela phutheho, kapa mohlomong a kgaolwe. Ha sena se etsahala, Bibele e re bolella ka ho hlaka hore re se ke ra “itswakanya hammoho” le motho ya jwalo. (Bala 1 Bakorinthe 5:11-13; 2 Johanne 9-11) Ho hlakile hore ho ka ba thata, haholoholo haeba motho eo e ne e le motswalle kapa wa lelapa. Empa maemong a kang ana, ho tshepahalla Jehova ho lokela hore ho tle pele ho ho tshepahalla motho.—Sheba Ntlha ya 8 e hlahang qetellong ya buka.

20, 21. (a) Ke hobaneng ha re ka re ho kgaolwa ha motho ya sa bakeng ke pontsho ya lerato? (b) Ke hobaneng ha e le ntho ya bohlokwa ho kgetha metswalle ka bohlale?

20 Ho kgaola motho ya sa bakeng ke tokisetso e bontshang hore Jehova o rata motho eo. E sireletsa phutheho hore e se ke ya tshwaetswa ke mekgwa e mebe e etswang ke batho ba sa hlompheng melao ya Jehova ya boitshwaro. (1 Bakorinthe 5:7; Baheberu 12:15, 16) E re thusa ho bontsha hore ehlile re rata Modimo, lebitso la hae le halalelang le melao ya hae ya boitshwaro. (1 Petrose 1:15, 16) Hape tokisetso ena ke pontsho ya lerato ho motho ya kgaotsweng. Kgalemelo ena e matla e ka nna ya mo thusa ho lemoha hore ka nnete seo a se etsang se fosahetse mme ya mo susumelletsa hore a fetohe. Ka lebaka leo, ba bangata ba ileng ba kgaolwa ba ile ba kgutlela ho Jehova mme ba amohelwa ka mofuthu ka phuthehong.—Baheberu 12:11.

21 Re rata kapa re sa rate, metswalle ya rona e ka re susumetsa ka tsela e itseng. Ka hona, ke ha bohlokwa ho kgetha metswalle ka hloko. Haeba re hlile re rata batho bao Jehova a ba ratang, re tla kgetha metswalle e molemo e tla re thusa hore re dule re tshepahala ka ho sa feleng.