Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Jesu o itse: “Le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Nahana ka moo o ileng wa ikutlwa ka teng ha o ne o fumana nnete ka Bibeleng! O ile wa thaba ha o hlokomela hore le hoja re phela lefatsheng le tletseng leshano, o ntse o ka kgona ho ithuta nnete.—2 Timothea 3:1.

Jehova Modimo o batla hore re tsebe nnete. Ka ha re rata batho, re batla ho ba bolella yona. Empa ho sebeletsa Modimo, ho akarelletsa ho fetang ho etsa sena. Re lokela ho etsa ka hohle ka moo re ka kgonang ho phela jwalo ka Bakreste, hobane re hlompha melaomotheo ya Jehova. Jesu o hlalositse e nngwe ya dintho tsa bohlokwa eo re ka bontshang Modimo ka yona hore re a mo rata. O ile a re: “Haeba le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, feela jwalo ka ha ke bolokile ditaelo tsa Ntate mme ke dula leratong la hae.”—Johanne 15:10.

Jesu o rata Ntate wa hae haholo, hape o etsa sohle seo a mo kopang hore a se etse. Haeba re etsisa Jesu tseleng eo re phelang ka yona, Jehova o tla re rata mme re tla thaba haholo. Jesu o ile a re “haeba le tseba dintho tsena, le a thaba haeba le di etsa.”—Johanne 13:17.

Re tshepa hore buka ena e tla o thusa hore o ithute ho phela ka nnete eo o e fumaneng ka Bibeleng mme o be motswalle wa Modimo. Re rapella hore o tswelepele o rata Modimo mme o dule “leratong la Modimo . . . ka tebello ya bophelo bo sa feleng.”—Juda 21.

Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova