Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 10

Lenyalo ke Mpho e Tswang ho Modimo

Lenyalo ke Mpho e Tswang ho Modimo

“Thapo e meloho e meraro e ke ke ya kgaolwa dikoto tse pedi kapele.”—MOEKLESIA 4:12.

1, 2. (a) Batho ba sa tswa nyalana ba ba le ditabatabelo dife bophelong? (b) Re tlo tshohla dipotso dife kgaolong ena?

AKO nahane ka monyadi le monyaduwa letsatsing la bona la letjhato. Hlathe e lelekisa tsebe! Ba nahana ka ditabatabelo le ditoro tsa bona ka bokamoso. Ba batla hore lenyalo la bona le tshwarelle le hore ba thabe.

2 Le ha ho le jwalo, manyalo a mangata a qalang hamonate jwalo, hangata ha a felle hantle. Banyalani ba lokela ho batla tataiso ya Modimo e le hore lenyalo la bona le tshwarelle mme ba thabe. Ka hona, a re ke re tshohleng dikarabo tsa Bibele dipotsong tsena tse nne tse latelang: (1) Lenyalo le na le melemo efe? (2) O ka kgetha molekane ka bohlale jwang haeba o batla ho nyala kapa ho nyalwa? (3) O ka ba monna kapa mosadi ya molemo jwang? (4) Hona o ka thuswa keng hore lenyalo la hao le tshwarelle?—Bala Liproverbia 3:5, 6.

NA KE BATLA HO NYALA KAPA HO NYALWA?

3. Na o nahana hore e le hore motho a thabe bophelong o lokela ho nyala kapa ho nyalwa? Hlalosa.

3 Batho ba bangata ba nahana hore motho a ke ke a kgona ho thabela bophelo ntle le ha a ka nyala kapa a nyalwa. Empa hoo ke leshano, hobane Jesu o itse bosoha e ka ba mpho. (Matheu 19:11, 12) Ho ekelletsa moo, moapostola Pauluse o ile a re ho na le melemo eitseng ka ho ba lesoha. (1 Bakorinthe 7:32-38) E leng hore ka mantswe a mang, ke wena ya ka iketsetsang qeto ya hore na o batla ho ba lesoha kapa jwang. Le ka mohla o se ke wa dumella metswalle, lelapa esita le setso sa hao ho o hatella hore o nyale kapa o nyalwe.

4. Ho na le melemo efe ka ho ba lenyalong?

4 Bibele e re lenyalo le lona ke mpho e tswang ho Modimo mme batho ba lenyalong ba fumana melemo e itseng. Jehova o ile a re ho Adama: “Ha ho hotle hore motho a nne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi wa hae.” (Genese 2:18) Jehova o ile a bopa Eva mme a mo tlisa ho Adama hore e be mosadi wa hae, sena se ile sa etsa hore ebe bona lelapa la pele lefatsheng. Ka hoo, haeba banyalani ba eba le bana, ba lokela ho etsa bonnete ba hore bana ba hlahela sebakeng se sireletsehileng seo ba ka ba hodisetsang ho sona. Empa ho ba le bana ha se lona feela lebaka la ho nyala kapa ho nyalwa.—Pesaleme ya 127:3; Baefese 6:1-4.

5, 6. Ke jwang lenyalo e ka bang “thapo e meloho e meraro?”

5 Morena Solomone o ile a re: “Ba babedi ba molemo ho feta a le mong, hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi wa bona o boima. Etswe haeba a le mong wa bona a ka wa, e mong a ka emisa molekane wa hae. Empa ho tla ba jwang ka a le mong feela ya wang ha ho se na e mong ya mo emisang? Thapo e meloho e meraro e ke ke ya kgaolwa dikoto tse pedi kapele.”—Moeklesia 4:9-12.

6 Batho ba lenyalong e ka ba metswalle e haufiufi ha feela ba ikemiseditse ho thusana, ho kgothatsana le ho sireletsana. Ke nnete hore lerato le tiisa lenyalo, empa lenyalo le ka tiya le ho feta ha feela monna le mosadi ba rapela Jehova. Ka lebaka leo, lenyalo la bona le tla tshwana le “thapo e meloho e meraro,” e leng dithapo tse tharo tse lohilweng ka thata hammoho. Thapo e jwalo, e matla ho feta e meloho e mmedi feela. Ka hona, lenyalo le tla ba matla ha feela Jehova e le karolo ya lona.

7, 8. Pauluse o fane ka keletso efe mabapi le lenyalo?

7 Ka mora hore monna le mosadi ba nyalane, jwale ba ka thabela ho kgotsofatsa takatso ya thobalano. (Liproverbia 5:18) Le ha ho le jwalo, haeba motho a batla ho nyala kapa ho nyalwa hobane feela a batla ho kgotsofatsa takatso eo, a ke ke a tseba ho kgetha molekane ka bohlale. Ke ka lebaka leo Bibele e reng batho ba lokela ho nyalana ha feela ba fetile “palesa ya botjha,” e leng nako eo ka yona ditakatso tsa ho etsa thobalano di leng matla. (1 Bakorinthe 7:36) Ka hona, e ka ba bohlale hore motho a lete ho fihlela ditakatso tseo di fokotsehile. Ka mora moo, o tla tseba ho nahana ka ho hlakileng mme a etse diqeto tse bohlale.—1 Bakorinthe 7:9; Jakobo 1:15.

8 Haeba hona jwale o ntse o nahana ka ho nyala kapa ho nyalwa, e ka ba hantle hore o shebe dintho ka tsela ya sebele mme o tsebe hore lenyalong ho na le mathata. Pauluse o ile a re ba lenyalong “ba tla ba le matshwenyeho nameng ya bona.” (1 Bakorinthe 7:28) Esita le banyalani ba thabileng, le bona ba ntse ba tla kopana le dinako tse thata. Ka hoo, haeba ehlile o batla ho nyala kapa ho nyalwa, etsa bonnete ba hore o kgetha ka nepo.

KE LOKELA HO NYALANA LE MOTHO YA JWANG?

9, 10. Ho tla etsahalang haeba o nyalana le motho eo e seng morapedi wa Jehova?

9 Molaomotheo ona wa Bibele ke wa bohlokwa hore motho a o hopole ha a kgetha monna kapa mosadi: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa dumelang.” (2 Bakorinthe 6:14) Papiso ena e thehilwe ho se neng se etswa ke batho ba lemang. Haeba motho a batla ho lema, a ke ke a pana diphoofolo tse pedi tse sa lekaneng ka matla kapa ka boholo. O tla be a di sotla. Ka tsela e tshwanang, haeba Paki ya Jehova e nyalana le motho eo e seng Paki, lenyalo la bona le ka ba le mathata a mangata. Ke ka lebaka leo Bibele e fanang ka keletso ena e reng le nyale “feela Moreneng.”—1 Bakorinthe 7:39.

10 Ka maswabi, Bakreste ba bang ba utlwa hore bona ba ka mpa ba nyalana le motho eo e seng Paki ya Jehova, ho e na le hore ba jewe ke bodutu. Empa ha re sa ele hloko keletso eo ya Bibele, hangata ditlamorao e ba tse bosula. Ka ha re barapedi ba Jehova, re nka ho mo sebeletsa e le yona ntho ya bohlokwa bophelong ba rona. Jwale, o tla ikutlwa jwang haeba o sa thabele ho sebeletsa Jehova ka lebaka la hobane o kgethile ho nyalana le motho eo e seng Paki ya Jehova? Bakreste ba bangata bona ba kgethile hore ba ka mpa ba dula e le masoha, ho e na le hore ba nyalane le motho eo e seng Paki ya Jehova.—Bala Pesaleme ya 32:8.

11. O ka kgetha molekane wa lenyalo jwang?

11 Le ha ho le jwalo, sena ha se bolele hore ha feela motho e le Paki ya Jehova, ke monna kapa mosadi ya molemo. Haeba hona jwale o ntse o nahana ka ho nyala kapa ho nyalwa, sheba motho eo o mo ratang e le ka nnete le eo o bonang hore o tla wa a tsoha le wena. Empa o se ke wa potlaka, o lokela ho leta ho fihlela o se o fumane motho eo le ratang dintho tse batlang di tshwana le ya hlileng a behellang Modimo ka pele bophelong ba hae. Iphe nako ya ho bala le ho nahanisisa ka keletso e mabapi le lenyalo eo lekgoba le tshepahalang le fanang ka yona ka dingolweng.—Bala Pesaleme ya 119:105.

12. Re ithutang manyalong ao batswadi ba kgethelang bana ba bona balekane ba lenyalo?

12 Ditsong tse ngata, ke ntho e tlwaelehileng hore batswadi ba kgethele bana ba bona balekane ba lenyalo. Lebaka la bona ke hore batswadi ke bona batho ba tsebang hantle motho ya ka tshwanelang ngwana wa bona. Ho ne ho tlwaelehile ho etsa sena mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele. Ka hona, haeba lelapa leno le kgetha ho latela tlwaelo eo, Bibele e ka thusa batswadi hore ba tsebe makgabane ao ba lokelang ho a sheba. Nka ka mohlala, ha Abrahama a ne a kgethela mora wa hae Isaka mosadi, ntho ya pele eo a neng a e shebile e ne e se tjhelete kapa maemo. Empa o ne a shebile mosadi ya neng a hlile a rata Jehova.—Genese 24:3, 67; sheba Ntlha ya 25 e hlahang qetellong ya buka.

KE JWANG NKA ITOKISETSANG HO NYALA KAPA HO NYALWA?

13-15. (a) Mohlankana o lokela ho etsang e le hore e be monna ya molemo? (b) Morwetsana yena o lokela ho etsang e le hore e be mosadi ya molemo?

13 Haeba hona jwale o ntse o nahana ka ho nyala kapa ho nyalwa, netefatsa hore ehlile o se o loketse. Ka dinako tse ding wena o ka nna wa ikutlwa eka jwale o se o loketse, empa a re ke re tshohleng se hlileng se bolelwang ke ho lokela lenyalo. O ka nna wa makatswa ke seo re tlo se tshohla.

Iphe nako ya ho bala le ho nahanisisa ka keletso eo Lentswe la Modimo le fanang ka yona mabapi le lenyalo

14 Bibele e bontsha hore monna le mosadi ba na le boikarabello bo sa tshwaneng ka lapeng. Ka lebaka leo, haeba o utlwisisa ka botlalo boikarabello ba hao lenyalong, jwale o se o loketse lenyalo. Ha mohlankana a nahana ka ho nyala, o lokela ho ipotsa hore na ebe o se a ka kgona ho ba hlooho ya lelapa. Lebaka ke hore Jehova o lebelletse hore monna a hlokomele maikutlo le ditlhoko tsa mosadi le bana. Ho feta tse ding tsohle, monna o lokela ho etella pele borapeding ba lelapa. Bibele e re monna ya sa hlokomeleng lelapa la hae “o mobe ho feta motho ya se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Ka hoo, haeba o mohlankana hona jwale mme o ntse o nahana ka ho nyala, ako nahanisise ka moo o ka sebedisang keletso ena ya Bibele e reng: “Lokisa mosebetsi wa hao ka ntle, mme o itokisetse ona tshimong. Ka mora moo o boele o hahe lelapa la hao.” Ka mantswe a mang, pele o nyala o lokela ho etsa bonnete ba hore o tla ba monna eo Jehova a batlang hore o be yena.—Liproverbia 24:27.

15 Morwetsana ya nahanang ka ho nyalwa o lokela ho ipotsa hore na ebe o se a loketse ho jara boikarabelo ba ho ba mosadi mohlomong le ho ba mme. Bibele e bua ka ditsela tse ngata tseo mosadi ya molemo a ka hlokomelang monna le bana ba hae ka tsona. (Liproverbia 31:10-31) Kajeno, banna le basadi ba bangata ba nahana feela ka seo molekane wa bona a tla ba etsetsa sona. Empa Jehova yena, o batla hore re nahane ka seo re tla se etsetsa balekane ba rona.

16, 17. Haeba o nahana ka ho nyala kapa ho nyalwa, o lokela ho nahanisisa ka eng?

16 Pele o nyala kapa o nyalwa, nahanisisa ka hore na Jehova o reng ho banna le basadi. Ha monna e le hlooho ya lelapa, sena ha se bolele hore e tlameha e be tau, ka mantswe a mang ha a lokela ho tshwara ba lelapa la hae hampe, ebang ke mmeleng kapa maikutlong. Hlooho ya lelapa e molemo, e etsisa Jesu eo ka mehla a bontshang lerato le mosa ho batho ba tlasa tlhokomelo ya hae. (Baefese 5:23) Mosadi yena o lokela ho nahanisisa ka hore na ho bolelang ho tshehetsa diqeto tsa monna wa hae le ho ba le tshebedisano mmoho. (Baroma 7:2) O lokela ho ipotsa hore na ebe o tla kgona ho ikokobelletsa monna ya sa phethahalang. Haeba a utlwa hore a ke ke a kgona, ho molemo hore a mpe a emele nako e nepahetseng.

17 Banna le basadi ba lokela ho ameha haholo ka thabo ya balekane ba bona ho feta ho ameha ka ya bona. (Bala Bafilipi 2:4.) Pauluse o ngotse a re: “E mong le e mong wa lona ka bomong a ke a rate mosadi wa hae jwalo ka ha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosadi o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna wa hae.” (Baefese 5:21-33) Banna le basadi ba hloka ho ikutlwa ba ratwa ebile ba hlomphuwa. E le hore lenyalo le atlehe, monna o hloka ho tseba hore mosadi wa hae o a mo hlompha mme mosadi yena, o hloka ho tseba hore monna wa hae o a mo rata.

18. Ke hobaneng ha baratani ba lokela ho ba hlokolosi nakong eo ba leng leferehong ka yona?

18 Lefereho e lokela ho ba nako e monate eo mohlankana le kgarebe ba tsebanang hamolemo ka yona. E boetse hape ke nako eo ba lokelang ho sheba dintho ka tsela ya sebele le ho tshepahallana, e le hore ba ka etsa qeto ya hore na ka nnete ba batla ho qeta bophelo bohle ba bona ba le mmoho. Nakong ena ya lefereho, ba ithuta ho ba le puisano e ntle mme ba leka ka matla ho ithuta se hlileng se leng ka pelong ya e mong. Jwale ha ba ntse ba ratana le ho feta, ka tlhaho feela ba utlwa ba se ba lakatsa le ho bontsha lerato leo ka diketso. Empa ba lokela ho laola maikutlo ao ho fihlela ba se ba nyalane e le hore ba se ke ba wela boitshwarong bo bobe. Haeba ehlile ba ratana e le ka nnete, ba tla ba le boitshwaro mme ba tla qoba ho etsa ntho e ka senyang lerato la bona le kamano ya bona le Jehova.—1 Bathesalonika 4:6.

Morwetsana le mohlankana ba ka ithuta ho buisana nakong ya ha ba le leferehong

LENYALO LA KA LE KA ATLEHA JWANG?

19, 20. Bakreste ba nka lenyalo jwang?

19 Hangata dibuka le dimovie di qetella ka ho bontsha letjhato le leholo le le monate. Bophelong ba sebele, letjhato empa feela e le qalo ya lenyalo. Ha e le hantle, morero wa Jehova ke hore lenyalo e be tlamo ya ka ho sa feleng.—Genese 2:24.

20 Kajeno, batho ba bangata ba nka lenyalo e le ntho ya nakwana feela. Ho bona ho bonolo hore ba ka nyala kapa ba nyalwa, e be ka mora nako e sa fediseng pelo ba a hlalana. Ba bang ba nka hore ha ho hlaha mathata ba lokela ho hlalana. Empa hopola papiso e hlahang Bibeleng ya thapo e lohilweng meloho e meraro. Thapo e jwalo, e ke ke ya kgaoha le ka mohla. Ka hoo, ha re kopa thuso ho Jehova, lenyalo la rona le tla tshwarella. Jesu o itse: “Seo Modimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha eba le motho ya se arolang.”—Matheu 19:6.

21. Keng e ka thusang monna le mosadi hore ba ratane?

21 Kaofela re na le bokgoni le mefokolo e itseng. Ho bonolo hore re dule re shebane le mefokolo ya batho ba bang, haholoholo ya balekane ba rona. Empa haeba re etsa jwalo, re ke ke ra thaba. Athe haeba re sheba dintho tse ntle tseo balekane ba rona ba kgonang ho di etsa, re tla thaba. Na e be see se ka hla sa etsahala? E, se ka etsahala. Jehova o a tseba hore re na le mefokolo, empa o sheba dintho tse ntle tseo re nang le tsona. Ako nahane feela hore na ho ne ho tla ba jwang haeba a ne a sa kgetha ho etsa jwalo! Mongodi e mong wa Pesaleme o ile a re: “Haeba o ne o tadima diphoso, Jah, Jehova, ke mang ya neng a ka ema?” (Pesaleme ya 130:3) Banna le basadi ba lokela ho etsisa Jehova ka hore ba shebe dintho tse ntle tseo balekane ba bona ba kgonang ho di etsa mme ba be ba ithute ho ba tshwarela ha ba entse diphoso.—Bala Bakolose 3:13.

22, 23. Ke mohlala o fe o motle oo Abrahama le Sara ba o behetseng batho ba nyalaneng?

22 Ha dilemo di ntse di ya, lenyalo le ka ba matla le ho feta. Ka mohlala, Abrahama le Sara ba ne ba nyalane nako e telele ba bile ba thabile haholo lenyalong la bona. Sara o ne a ka ba dilemo tse ka hodimo ho tse 60, ha Jehova a ne a laela Abrahama hore a tlohe Ure. O se o ka inahanela feela hore na ho ne ho le thata hakakaang hore Sara a siye ntlo ya hae e ntle a yo dula ditenteng. Empa Sara o ne a utlwana haholo le molekane wa hae a bile a mo hlompha. Ka hoo, o ile a tshehetsa diqeto tsa Abrahama mme a mo thusa hore di atlehe.—Genese 18:12; 1 Petrose 3:6.

23 Ke nnete hore ho ba lenyalong le atlehileng ha ho bolele hore monna le mosadi ba tla dumellana ka ntho e nngwe le e nngwe. Ka lekgetlo le leng ha Abrahama a ne a sa dumellane ka ntho e itseng le Sara, Jehova o ile a re ho Abrahama: “Mamela lentswe la hae.” Abrahama o ile a fela a mamela mosadi wa hae mme ho ile ha ba le ditlamorao tse molemo. (Genese 21:9-13) Haeba ho etsahala hore wena le molekane wa hao le se ke la dumellana ka ntho e itseng, o se ke wa nyahama. Ntho ya bohlokwa ke hore le haeba o sa dumellane le molekane wa hao ka ntho e itseng, o ntse o lokela ho buisana le yena ka lerato le ka tlhompho.

Netefatsa hore ho tloha qalong o etsa hore Lentswe la Modimo e be karolo ya lenyalo la hao

24. Ke jwang lenyalo la rona le ka tlisetsang Jehova tlhompho?

24 Diphuthehong tsa Bokreste ho na le batho ba bangata ba thabileng manyalong a bona. Haeba o batla ho nyala kapa ho nyalwa, hopola hore ho kgetha molekane wa lenyalo ke qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba hao. Qeto ena e tlo ama bophelo ba hao bohle, ka hoo, ke habohlokwa hore o kope tataiso ya Jehova. Ha o etsa jwalo, o tla kgona ho kgetha molekane wa lenyalo ka bohlale, o itokisetse lenyalo esale pele, o be o sebetse ka thata hore lenyalo la hao le tlise tlhompho ho Jehova.