Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 2

Eba le Letswalo le Letle Mahlong a Modimo

Eba le Letswalo le Letle Mahlong a Modimo

“Ebang le letswalo le molemo.”—1 PETROSE 3:16.

1, 2. Ke hobaneng ha o hloka motataisi ha o le sebakeng seo o sa se tlwaelang? Jehova o re file motataisi ofe?

NKA hore o tsamaya lehwatateng le leholohadi. Maemo aa fetoha hobane moya o matla o butswela santa mahlakoreng a sa tshwaneng. O ka lahleha habonolo. Jwale o tla tseba jwang hore na o lokela ho ya lehlakoreng lefe? O tla hloka motataisi. E ka ba sesupatsela, letsatsi, dinaledi, mmapa, GPS kapa motho ya tsebang lehwatata leo hantle. Ho ba le motataisi ke habohlokwa hobane ho tseba tsela ya moo o yang ho ka o sireletsa.

2 Kaofela ha rona re tobana le mathata bophelong mme ka dinako tse ding re ka ikutlwa re lahlehile. Empa Jehova o file e mong le e mong letswalo e le motataisi. (Jakobo 1:17) A re ke re hlahlobeng hore na letswalo ke eng le hore na le sebetsa jwang. Ka mora moo, re tla ithuta hore na re ka le kwetlisa jwang le hore na ke hobaneng ha re lokela ho nahanela matswalo a batho ba bang. Re tla boela re ithute le ka moo letswalo le letle le ka ntlafatsang bophelo ba rona ka teng.

LETSWALO KE ENG HONA LE SEBETSA JWANG?

3. Letswalo ke eng?

3 Letswalo ke mpho e babatsehang e tswang ho Jehova. Ke bokgoni boo re bopelletsweng le bona ba ho kgetholla pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Lentswe la Segerike le sebedisitsweng ka Bibeleng e le “letswalo,” le bolela “ho itseba.” Ha letswalo la rona le sebetsa hantle, le re thusa ho itlhahloba hore na re batho ba mofuta ofe. Le ka boela la re thusa hore re itshepahalle ha re hlahlobisisa maikutlo le menahano ya rona e tebileng. Le ka re tataisa hore re etse dintho tse ntle mme re furalle tse mpe. Hape, le ka etsa hore re thabe ha re entse qeto e bohlale kapa la etsa hore re ikutlwe re le molato ha re entse qeto e bowatla.—Sheba Ntlha ya 5 e hlahang qetellong ya buka.

4, 5. (a) Ho ile ha etsahalang ka mora hore Adama le Eva ba hatelle matswalo a bona? (b) Ke mehlala efe e ka Bibeleng e bontshang hore na letswalo le sebetsa jwang?

4 E mong le e mong wa rona o na le bolokolohi ba ho ikgethela hore na o tla mamela letswalo la hae kapa tjhe. Adama le Eva ba ile ba ikgethela ho se mamele matswalo a bona mme ka hoo ba etsa sebe. Ka mora moo, ba ile ba itshola le hoja ba ne ba ke ke ba kgona ho kgutlisetsa dintho madulong. Hobane ba ne ba se ba entse sebe. (Genese 3:7, 8) Le hoja ba ne ba na le matswalo a phethahetseng ba bile ba tseba hore ho fosahetse ho se mamele Modimo, ho ntse ho le jwalo, ba ile ba kgetha ho se mamele matswalo a bona.

5 Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba sa phethahalang, ba ile ba mamela matswalo a bona. Jobo ke mohlala o motle wa sena. Ka ha o ile a etsa diqeto tse bohlale, o ne a ka bua a sa hlathe kwana le kwana a re: “Pelo ya ka e ke ke ya nnyedisa ka matsatsi le ha e le afe a ka.” (Jobo 27:6) Ha Jobo a ne a bua ka “pelo” ya hae mona, o ne a bolela letswalo la hae, e leng bokgoni ba ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. Empa Davida yena, o ne a na le ho hatella letswalo la hae. Ebe ka mora moo, o ikutlwa a le molato hoo pelo ya hae e neng e “mo tshetshetha.” (1 Samuele 24:5) Ka mantswe a mang, letswalo la hae le ne le mo hlokomedisa hore o fositse. Ka hoo, o ne a lokela ho mamela letswalo la hae e le hore a qobe ho etsa phoso eo hape nakong e tlang.

6. Ke eng e bontshang hore letswalo ke mpho e filweng batho bohle?

6 Esita le batho ba sa tsebeng Jehova, ba kgona ho lemoha hore ho na le phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Bibele e re: “Menahanong ya bona, ba ntse ba qoswa kapa ba bile ba emelwa.” (Baroma 2:14, 15) Ka mohlala, batho ba bangata ba a tseba hore ho fosahetse ho bolaya kapa ho utswa. Le hoja ba sa elellwe, ba mamela matswalo a bona, e leng bokgoni boo ba bopelletsweng le bona ba ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng. Ba boetse ba latela melaomotheo eo Jehova a re fileng yona ho re thusa ho etsa diqeto tse bohlale.

7. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding matswalo a rona a fosa?

7 Ka dinako tse ding, matswalo a rona a ka fosa. Ka mohlala, letswalo le ka sitiswa ho sebetsa hantle ke menahano le maikutlo a rona a sa phethahalang mme la re tataisetsa sebeng. Ha ho itlele feela hore motho a be le letswalo le letle. (Genese 39:1, 2, 7-12) Empa o lokela ho le kwetlisa. Jehova o fana ka moya wa hae o halalelang le melaomotheo ya Bibele ho re thusa ho kwetlisa matswalo a rona. (Baroma 9:1) A re ke re boneng hore na re ka kwetlisa matswalo a rona jwang.

RE KA KWETLISA MATSWALO A RONA JWANG?

8. (a) Maikutlo a rona a ka ama matswalo a rona jwang? (b) Re lokela ho ipotsa potso efe pele re etsa qeto?

8 Batho ba bang ba nka hore ho mamela matswalo a bona ho bolela ho latela maikutlo a bona. Ba nahana hore ba ka etsa seo ba se batlang ha feela se dumellana le maikutlo a bona. Empa ka ha maikutlo a rona ha a phethahala, a ka re kgelosa. A ka ba matla haholo hoo a ka bang a ama matswalo a rona. Ke ka hona Bibele e reng: “Pelo e bolotsana ho feta ntho le ha e le efe mme e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ya ka e tsebang?” (Jeremia 17:9) Ka hoo, re ka qala ho nahana hore ntho e fosahetseng e nepahetse. Ka mohlala, pele Pauluse e ba Mokreste, o ne a hlorisa batho ba Modimo ka sehloho mme a dumela hore o etsa se nepahetseng. Ho ya ka maikutlo a hae, o ne a dumela hore o na le letswalo le letle. Empa hamorao o ile a re: “Ya ntlhahlobang ke Jehova.” (1 Bakorinthe 4:4; Liketso 23:1; 2 Timothea 1:3) Ha Pauluse a ne a ithuta ka moo Jehova a ikutlwang ka teng ka seo a neng a se etsa, o ile a lemoha hore o hloka ho fetoha. Ka hona, ho hlakile hore pele re etsa qeto le ha e le efe, re lokela ho ipotsa, ‘Ke eng seo Jehova a batlang hore ke se etse?’

9. Ho tshaba Modimo ho bolelang?

9 Ha o rata motho, ha o batle ho etsa ntho le ha efe e tla mo kwatisa. Ka ha re rata Jehova, ha re batle ho etsa ntho le ha e le efe e tla mo kwatisa. Re lokela ho tshaba ho etsa ntho e tla mo kwatisa. Re bona sena mohlaleng wa Nehemia. Ha a ka a dumella ho nka monyetla ka boemo ba hae ba ho ba tonakgolo hore e be morui. Hobaneng? “Ka lebaka la ho tshaba Modimo.” (Nehemia 5:15) Nehemia o ne a sa batle ho etsa eng kapa eng e ka kwatisang Jehova. Jwalo ka Nehemia, le rona re lokela ho tshaba ho kwatisa Jehova ka ho etsa se sebe. E le hore re tsebe se thabisang Jehova, re lokela ho bala le ho ithuta Bibele.—Sheba Ntlha ya 6 e hlahang qetellong ya buka.

10, 11. Ke melaomotheo efe ya Bibele e ka re thusang hore re etse diqeto tse bohlale mabapi le ho nwa jwala?

10 Ka mohlala, ka dinako tse ding Mokreste a ka tlameha ho etsa qeto ya hore na o tla nwa jwala kapa tjhe. Jwale o tla thuswa ke melaomotheo efe e le hore a etse qeto e bohlale? E meng ya yona ke ena: Bibele ha e re motho a se ke a nwa jwala. Ha e le hantle, ebile e re bolella hore veine ke mpho e tswang ho Modimo. (Pesaleme ya 104:14, 15) Le ha ho le jwalo, Jesu o kile a bolella balatedi ba hae hore ba se ke ba “nwa haholo.” (Luka 21:34) Pauluse le yena o ile a bolella Bakreste hore ba qobe ‘mekete e lerata le ho inehella botahwa.’ (Baroma 13:13) O ile a re batho ba tahwang “ba ke ke ba rua Mmuso wa Modimo.”—1 Bakorinthe 6:9, 10.

11 Mokreste o tla lokela ho ipotsa dipotso tsena: ‘Hantlentle jwala bo na le molemo ofe ho nna? Na ke bo hlokela ho ikgatholla? Kapa na ka dinako tse ding ke bo nwella hore ke fumane matlanyana? Na ke kgona ho lekanyetsa hore na ke nwa bo bokae le hangata hakae? * Na ke kgona ho ithabisa le metswalle yaka haeba ho se na jwala?’ Re lokela ho kopa Jehova a re thuse hore re etse diqeto tse bohlale. (Bala Pesaleme ya 139:23, 24.) Ha re etsa jwalo, re tla be re kwetlisa matswalo a rona hore a mamele melaomotheo ya Bibele. Empa ho na le seo re lokelang ho se etsa, jwalo ka ha re tlo bona.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO NAHANELA MATSWALO A BA BANG?

12, 13. Ke hobaneng ha matswalo a batho a sa tshwane? Re ka sebetsana le boemo bona jwang?

12 Matswalo a rona ha a tshwane. Letswalo la hao le ka nna la o dumella ho etsa ntho eo e mong yena la hae le sa mo dumelleng ho e etsa. Nka ka mohlala, o ka nna wa kgetha ho nwa jwala, ha e mong yena a utlwa hore lekgale. Ebe ke hobaneng ha batho ba babedi ba ka fapana ka maikutlo hakaale tabeng ena?

Letswalo le kwetlisitsweng le tla o thusa ho etsa kgetho e nepahetseng mabapi le hore na o tla nwa jwala kapa tjhe

13 Maemong a mangata, tsela eo motho a ikutlwang ka yona ka taba e itseng, e susumetswa ke dintho tse kang hore na o kile a etsahallwa keng, o holetse kae, a holela lelapeng lefe le dintho tse ding tse jwalo. Ha ho tluwa tabeng ya jwala, e ka nna yaba motho ya ileng a sokola ho laola tsela eo a neng a nwa ka yona nakong e fetileng, o entse qeto ya hore a se ke a hlola a nwa. (1 Marena 8:38, 39) Ka hona, o tla ikutlwa jwang haeba o fa motho jwala a be a bo hana? Na o tla utlwa bohloko? Na o tla mo phehella? Kapa o tla batla a o fe labaka? Tjhe. O ke ke wa etsa seo hobane o hlompha letswalo la hae.

14, 15. Ke boemo bofe bo ileng ba hlaha mehleng ya Pauluse? Hona Pauluse o ile a fana ka keletso efe e molemo?

14 Ho na le boemo bo ileng ba hlaha mehleng ya Pauluse, bo ileng ba bontsha ka ho hlaka ka moo matswalo a batho a sa tshwaneng ka teng. Nama e nngwe e neng e etseditswe borapedi ba bohata ebile e fuwa ditshwantsho, e ile ya iswa dishopong tsa moo hore e rekiswe. (1 Bakorinthe 10:25) Pauluse ha a ka a nka hore ke phoso ho reka le ho ja nama eo. Hobane o ne a nka hore dijo tsohle di tswa ho Jehova. Empa ka lehlakoreng le leng, bara le baradibabo rona ba neng ba kile ba rapela ditshwantsho nakong e fetileng, ba ne ba na le maikutlo a fapaneng tabeng ena. Ba ne ba nka hore ke phoso ho ja nama eo. Na Pauluse o ile a re: ‘Atjhe nna letswalo la ka ha le ntshwenye ka nnete. Ke na le tokelo ya ho ja seo ke se batlang ka nako eo ke e batlang’?

15 Pauluse ha a ka a tjho jwalo. Hobane o ne a nahanela maikutlo a bara le baradibabo haholo, a a nka e le a bohlokwa hoo a neng a ikemiseditse ho tela dintho tse ding tseo a neng a na le tokelo ya ho di etsa. O ile a re “re se ke ra ikgahlisa.” Hape a ba a re: “Etswe le yena Kreste ha a ka a ikgahlisa.” (Baroma 15:1, 3) Pauluse jwalo ka Jesu, o ne a nahanela maikutlo a ba bang ho feta a hae.—Bala 1 Bakorinthe 8:13; 10:23, 24, 31-33.

16. Ke hobaneng ha re sa lokela ho ahlola mora kapa moradiwabo rona eo letswalo la hae le mo dumellang ho etsa ntho e itseng?

16 Empa ho thweng haeba motho e mong letswalo la hae le mo dumella ho etsa ntho eo rona re nkang hore e fosahetse? Re lokela ho hlokomela hore le ka mohla re se ke ra tshwayatshwaya motho e mong diphoso ka ho hatella hore rona re nepile yena o fositse. (Bala Baroma 14:10.) Taba ya bohlokwa ke hore Jehova ha a re fa matswalo e le hore re ka ahlola ba bang empa o re file ona hore a re ahlole. (Matheu 7:1) Le ka mohla ha re batle ho baka dikarohano ka phuthehong ka lebaka la dintho tseo re kgethang ho di etsa. Ho ena le hoo, re batla ditsela tsa ho etsa hore ho be le lerato le bonngwe.—Baroma 14:19.

HO BA LE LETSWALO LE LETLE HO KA RE TLISETSA MELEMO E ITSENG

17. Ho etsahetseng ka matswalo a batho ba bang?

17 Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “E bang le letswalo le molemo.” (1 Petrose 3:16) Ka maswabi, ha batho ba tswelapele ho se mamele melaomotheo ya Jehova, hanyane ka hanyane matswalo a bona ha a sa ba lemosa. Pauluse o re letswalo le jwalo le “tshwailwe . . . ka tshepe e tjhesang e tshwayang.” (1 Timothea 4:2) Na o kile wa tjha hampe? Ha motho a tjha, letlalo la hae le ba le leqeba mme ha a utlwe letho. Ka tsela e tshwanang, haeba motho a tswelapele ho etsa dintho tse fosahetseng, letswalo la hae le ka ba le lebadi mme la qetella le se le sa sebetse.

Letswalo le letle le ka o tataisa bophelong la ba la etsa hore o thabe mme o be le kgotso

18, 19. (a) Ho ikutlwa re le molato kapa re swabile, ho ka re rutang? (b) Re ka etsang haeba re ikutlwa re le molato ka lebaka la dibe tseo re seng re di baketse?

18 Ha re ikutlwa re le molato, e ka nna ya ba matswalo a rona a re lemosa hore ho na le ntho e fosahetseng eo re e entseng. Sena se ka re thusa ho lemoha phoso eo ebe re tlohela ho e etsa. Re batla ho ithuta diphosong tsa rona e le hore re se ke ra etsa diphoso tse tshwanang hape. Ka mohlala, le hoja Morena Davida a ile a etsa sebe, letswalo la hae le ile la mo susumelletsa hore a bake. O ne a hloile seo a neng a se entse a bile a ikemiseditse ho mamela Jehova nakong e tlang. Ho latela se ileng sa mo etsahalla, Davida o ne a ka re Jehova o “molemo mme o itokiseditse ho tshwarela.”—Pesaleme ya 51:1-19; 86:5; sheba Ntlha ya 7 e hlahang qetellong ya buka.

19 Empa le ka mora hore ho fete nako e telele motho a se a baketse sebe sa hae, a ka nna a ikutlwa a le molato. Ho ikutlwa o le molato ho ka ba bohloko ha ba etsa hore motho a ikutlwe a se na thuso. Haeba o na le ho ikutlwa ka tsela ena, hopola hore o ke ke wa fetola dintho tsa kgale. Ho sa tsotellehe hore na ka nako eo o ne o tseba phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng, Jehova o o tshwaretse ebile le dibe tseo o di hlakotse. Tseba hore o hlwekile mahlong a Jehova mme hona jwale o etsa se nepahetseng. E ka nna yaba pelo ya hao e ntse e o ahlola, empa Bibele e re: “Modimo o moholo ho dipelo tsa rona.” (Bala 1 Johanne 3:19, 20.) Sena se bolela hore lerato la hae le tsela eo a tshwarelang ka yona di feta maikutlo ao re ka nnang ra ba le ona a ho ikutlwa re le molato. O ka ba le kgodiseho ya hore Jehova o o tshwaretse. Ha motho a amohela hore Jehova o mo tshwaretse, o tla ba le letswalo le kgutsitseng ebile o tla kgona ho sebeletsa Modimo a thabile.—1 Bakorinthe 6:11; Baheberu 10:22.

20, 21. (a) Buka ena e ngolletswe ho o thusa hore o etseng? (b) Ke bolokolohi bofe boo Jehova a re fileng bona? Hona re lokela ho bo sebedisa jwang?

20 Buka ena e ngolletswe ho kwetlisa letswalo la hao e le hore le ka o lemosa le ho o sireletsa nakong ena e boima ya bofelo. E tla boela e o thuse ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ha o kopana le maemo a itseng bophelong. Nnete ke hore buka ena ha e re fe lethathamo la melao ya seo re lokelang ho se etsa maemong ohle. Empa re phela ka “molao wa Kreste,” o thehilweng melaomotheong ya Modimo. (Bagalata 6:2) Ha re nke monyetla wa ho etsa sebe ka hobane re re ha ho na molao o tobileng mabapi le maemo ao re kopanang le ona. (2 Bakorinthe 4:1, 2; Baheberu 4:13; 1 Petrose 2:16) Ho ena le hoo, re sebedisa bolokolohi boo re nang le bona ho bontsha Jehova hore re a mo rata.

21 Ha re nahanisisa ka melaomotheo ya Bibele ebile re e sebedisa bophelong, re ithuta ho sebedisa “matla a . . . ho lemoha” le ho nahana jwalo ka Jehova. (Baheberu 5:14) Ka ho etsa jwalo, re tla ba le matswalo a kwetlisitsweng a tla re tataisa bophelong a be a re thuse hore re dule leratong la Modimo.

^ par. 11 Dingaka tse ngata di re ho boima ho batho ba seng ba lemalletse jwala hore ba lekanyetse hore na ba tla nwa bo bongata hakae. Ebile di fana ka tlhahiso ya hore ba se ke ba hlola ba nwa jwala hohang.