Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 12

Bua “se Molemo Bakeng sa ho Haha”

Bua “se Molemo Bakeng sa ho Haha”

“Polelo e bodileng e se ke ya tswa melomong ya lona, empa ho tswe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha.”—BAEFESE 4:29.

1-3. (a) Ke mpho efe eo Jehova a re fileng yona? Hona ke jwang re ka e sebedisang hampe? (b) Re lokela ho sebedisa mpho ya ho bua jwang?

NTATE o fa mora wa hae baesekele. O thabile hore ebe o fa mora wa hae mpho ena ya bohlokwa. Empa ho thweng haeba mora wa hae a kganna baesekele eo bohlaswa, hoo a qetellang a thutse motho mme a mo lematsa? Ebe Ntate o tla ikutlwa jwang?

2 Jehova ke Mofani wa “mpho e nngwe le e nngwe e molemo le neo e nngwe le e nngwe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) E nngwe ya dimpho tse molemo tseo a re fileng tsona ke bokgoni ba ho bua. Ka mpho ena re kgona ho ntsha se ka dipelong tsa rona. Ebile re kgona le ho bua dintho tse tla thusa batho ba bang le tse tla ba thabisa. Le ha ho jwalo, seo re se buang se ka lematsa ba bang le ho ba utlwisa bohloko.

3 Leleme le matla haholo, ke ka hoo Jehova a re rutang hore na re lokela ho le sebedisa jwang. O re ho rona: “Polelo e bodileng e se ke ya tswa melomong ya lona, empa ho tswe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha ka moo tlhokahalo e ka bang ka teng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utlwang.” (Baefese 4:29) A re ke re hlahlobeng ka moo re ka sebedisang mpho ena ho kgothatsa ba bang.

ELA HLOKO SEO O SE BUANG

4, 5. Lengolo la Liproverbia le re rutang ka matla ao leleme le nang le ona?

4 Leleme le matla, ka hona, re lokela ho ba hlokolosi hore na re buang hona jwang. Liproverbia 15:4 e re: “Ho kgutsa ha leleme ke sefate sa bophelo, empa ho kgopama ha lona ho bolela ho sithabela moyeng.” Feela jwalo ka ha sefate se setle se kgatholla hape se fana ka bophelo, mantswe a mosa le ona, a kgatholla. Athe mantswe a hlabang ona, a utlwisa ba bang bohloko.—Liproverbia 18:21.

Leleme le mosa le a hlasimolla

5 Liproverbia 12:18 e re: “Ho na le ya buang a sa nahane jwalo ka ha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” Mantswe a hlabang a ka baka bohloko bo otlang pelo a ba a senya le dikamano tsa batho. Mohlomong o ntse o hopola bohloko bo tebileng boo o kileng wa bo utlwa ha motho e mong a o hlaba ka mantswe. Le ha ho le jwalo, Liprovebia ha e tswela pele e re: “Maleme a ba bohlale ke phodiso.” Puo e nahannweng hantle e ka fodisa pelo e utlwileng bohloko le ho lokisa setswalle se sentsweng ke ho se utlwisisane. (Bala Liproverbia 16:24.) Haeba feela re hopola hore maleme a rona a ka utlwisa ba bang bohloko, re tla a sebedisa hantle.

6. Ke hobaneng ha ho le thata ho laola maleme a rona?

6 Lebaka le leng le etsang hore re nahane pele re bua, ke hobane kaofela ha rona ha re a phethahala. “Tshekamelo ya pelo ya motho e mpe,” mme hangata seo re se buang se senola se ka pelong. (Genese 8:21; Luka 6:45) Ke nnete hore ho ka ba thata haholo ho laola maleme a rona. (Bala Jakobo 3:2-4.) Empa re lokela ho leka ho dula re ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho bua le ba bang.

7, 8. Seo re se buang se ama borapedi ba rona ho Jehova jwang?

7 Re boetse re lokela ho ela hloko seo re se buang, ka ha re tla ikarabella ho Jehova. Jakobo 1:26 e re: “Haeba motho le ha e le ofe a ipona eka ke morapedi ya kgomaretseng molao le ha ho le jwalo a sa laole leleme la hae jwalo ka ha eka ke ka tomo, empa a tswela pele ho thetsa pelo ya hae, mofuta wa borapedi wa motho enwa ke lefeela.” Lentswe lena “lefeela,” le ka boela la bolela hore ntho “ha e na thuso.” (1 Bakorinthe 15:17) Ka hoo, haeba re sa ele hloko seo re se buang, re ka senya setswalle sa rona le Jehova.—Jakobo 3:8-10.

8 Ho hlakile hore re na le mabaka a utlwahalang a ho kgetha ka hloko seo re se buang le mokgwa oo re se buang ka ona. E le hore re sebedise mpho ena ya ho bua jwalo ka ha Jehova a batla, re lokela ho tseba hore na ke dipuo tsa mofuta ofe tseo re lokelang ho di qoba.

MANTSWE A HLABANG

9, 10. (a) Ke dipuo tsa mofuta ofe tse tlwaelehileng kajeno? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho bua dipuo tse nyonyehang?

9 Mehleng ena ho tlwaelehile hore batho ba bue dintho tse nyonyehang, le tse sa hlwekang. Ba bangata ba nka hore ba lokela ho rohakana le ho sebedisa puo e ditshila ho hatisa seo ba se buang. Ebile le borametlae ba sebedisa metlae e ditshila le dipuo tse nyonyehang e le hore feela ba qabole batho. Le ha ho le jwalo, Pauluse o itse: “Di tloseng kaofela ho lona, kgalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ya lona.” (Bakolose 3:8) O ile a boela a re “meswaso e nyonyehang le ho bolelwa [e] se ke [ya] bolelwa hara” Bakreste ba nnete.—Baefese 5:3, 4.

10 Dipuo tse nyonyehang ha di thabise Jehova le batho ba mo ratang. Ha di a hlweka. Bibele e bontsha hore “ho se hlweke” ke “mesebetsi ya nama.” (Bagalata 5:19-21) “Ho se hlweke” ho ka akarelletsa dibe tse ngata, ketso e itseng ya ho se hlweke e ka lebisa ho e nngwe. Ka hona, haeba motho a tlwaetse ho bua puo e ditshila le e nyonyehang mme a sa batle ho kgaotsa mokgwa oo, sena e tla be e le bopaki ba hore ha a sa batla ho ba karolo ya phutheho.—2 Bakorinthe 12:21; Baefese 4:19; sheba Ntlha ya 23 e hlahang qetellong ya buka.

11, 12. (a) Lesebo le kotsi ke eng? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho etselletsa ba bang?

11 Re boetse hape re lokela ho qoba lesebo le kotsi. Ho iketsahalla feela hore ka tlhaho, re thahaselle ba bang le ho bua ka metswalle le ba lelapa. Esita le nakong e fetileng, Bakreste ba pele ba ne ba thahasella ho tseba hore na badumedimmoho le bona ba ntse ba ya jwang, e le hore ba bone ka moo ba ka ba thusang ka teng. (Baefese 6:21, 22; Bakolose 4:8, 9) Empa ho ka ba bonolo hore meqoqo eo ho yona ho buuwang ka batho, e fetohe lesebo le kotsi. Haeba re fetisa dintho tseo re di utlwileng ka batho, re tla qetelletse re buile mashano le diphiri tsa batho. Re sa hlokomele, dipuo tsena di ka fetoha diqoso tsa leshano le diketselletso. Bafarisi ba ile ba etselletsa Jesu ha ba ne ba mo qosa ka dintho tseo a a sa kang a di etsa ho hang. (Matheu 9:32-34; 12:22-24) Ho etselletsa ho senya motho lebitso, ho baka diqabang, ebile ho ka ba ha senya le setswalle.—Liproverbia 26:20.

12 Jehova o batla hore re sebedise maleme a rona ho thusa le ho kgothatsa ba bang, eseng ho fetola metswalle dira tsa rona. O hloile ba “bakang ho hloka kutlwano hara bara ba motho.” (Liproverbia 6:16-19) Moetselletsi wa pele ke Satane Diabolose, ya ileng a etselletsa Modimo. (Tšenolo 12:9, 10) Mehleng ena ya rona, ho tlwaelehile hore batho ba bue leshano ka ba bang. Empa sena ha se a lokela ho etsahala ho hang ho Bakreste. (Bagalata 5:19-21) Ka hoo, re lokela ho hlokomela hore na re bua jwang mme re nahane pele re bua. Ka hona, pele o fetisa dintho tseo o di utlwileng ka batho, e ka ba hantle hore o ipotse: ‘Na ebe ntho eo ke tlo e bua ke nnete? Na e bontsha mosa? Na ke ya bohlokwa? Na ke ne ke tla rata ha motho eo ke buang ka ena a ka utlwa? Hona ke ne ke tla ikutlwa jwang haeba motho e mong a ne a ka bua ka nna jwalo?’—Bala 1 Bathesalonika 4:11.

13, 14. (a) Puo e nyefolang e ka ama batho jwang? (b) Ditlhapa ke eng? Hona ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho qoba ho rohaka batho ba bang?

13 Ka dinako tse ding, kaofela ha rona re bua dintho tseo hamorao re ikwahlaelang tsona. Empa le ka mohla ha re batle ho tshwaetswa ke mokgwa wa ho tshwaya tshwaya ba bang diphoso le ho ba bua hampe. Ha re a lokela ho bua puo e nyefolang. Etswe Pauluse o itse: “Di tloseng kaofela ho lona, kgalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ya lona.” (Baefese 4:31) Dibibele tse ding di hlalosa “puo e nyefolang” e le “mantswe a kgopo,” “ho senya motho lebitso” le “ho rohakana.” Puo e nyefolang e diha batho seriti ebile e etsa hore ba ikutlwe ba se na thuso. Bana ke batho ba utlwang bohloko habonolo, ka hoo re lokela ho ela hloko hore re se ke ra bua dintho tse ka ba utwisang bohloko.—Bakolose 3:21.

14 Bibele e re hlokomedisa mofuta o mong wa puo e nyefolang, e leng ho rohakana. Ditlhapa ke ho bitsolla kapa ho tlontlolla motho e mong e le ho batla ho mo utlwisa bohloko. Empa e ne e tla ba ho utlwisang bohloko hakakaang haeba motho e mong a ne a ka tshwara molekane kapa bana ba hae jwalo! Ka nnete motho ya hanang ho kgaotsa ho rohaka ba bang a ke ke a tshwaneleha ho ba karolo ya phutheho. (1 Bakorinthe 5:11-13; 6:9, 10) Jwalo ka ha re se re ithutile pejana, haeba re bua mashano, dintho tse nyonyehang le tse sa bontsheng mosa, re tla senya dikamano tsa rona le ba bang re be re senye kamano ya rona le Jehova.

MANTSWE A HAHANG

15. Ke dipuo tsa mofuta ofe tse ka matlafatsang dikamano tsa rona le ba bang?

15 Re ka sebedisa mpho ya ho bua jwang ka tsela eo Jehova a batlang ka yona? Ke nnete hore Bibele ha e bolele ka ho toba hore na ke eng seo re lokelang ho se bua, empa e re re bue “polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha.” (Baefese 4:29) Dipuo tse hahang di hlwekile, di mosa, ebile ke tsa nnete. Jehova o batla hore re sebedise maleme a rona ho kgothatsa le ho thusa ba bang. Ke nnete hore ha ho bonolo ho etsa jwalo. Empa ho hlokahala hore re sebetse ka thata e le hore re bue dintho tse hahang e seng tse mpe kapa tse sa bontsheng ho kgathalla. (Tite 2:8) A re ke re hlahlobeng ditsela tseo ka tsona re ka hahang ba bang ka seo re buang.

16, 17. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho babatsa ba bang? (b) Ke bo mang bao re lokelang ho ba babatsa?

16 Jehova le Jesu ba re behetse mohlala o motle wa ho babatsa. Ka hona, re lokela ho ba etsisa. (Matheu 3:17; 25:19-23; Johanne 1:47) E le hore o fane ka pabatso e tla kgothatsa motho, o lokela ho bontsha thahasello mme o nahane e sa le pele ka seo o tla se bua. Liproverbia 15:23 e re: “Lentswe le buuwang ka nako ya lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” Ruri re a kgothala ha batho ba bang ba re babatsa kapa ba bontsha kananelo ka mosebetsi o motle oo re o entseng.—Bala Matheu 7:12; sheba Ntlha ya 27 e hlahang qetellong ya buka.

17 Haeba o itlwaeditse ho sheba dintho tse ntle feela ho batho ba bang, o tla nolofallwa ke ho ba babatsa ka lerato. Ka mohlala, haeba o lemoha hore mora kapa moradiwabo rona e mong ka phuthehong, o lokisetsa dipuo le dikarabo tsa hae hantle, kapa ngwana o emela tumelo ya hae sekolong kapa Mokrestemmoho ya seng a hodile o dula a le teng ka mehla tshimong, o ka ba babatsa ka mofuthu le ho ba jwetsa hore ba a ananelwa. Ka lehlakoreng le leng, ke habohlokwa hore monna a bolelle mosadi wa hae hore o a mo rata hape o a mo ananela. (Liproverbia 31:10, 28) Jwalo ka ha semela se hloka mahlasedi a letsatsi le metsi hore se phele, batho ba hloka ho jwetswa hore ba a ananelwa. Sena ke nnete haholoholo ho bana. Batla menyetla ya ho ba babatsa ha ba entse hantle kapa ba entse boiteko. Ho ba babatsa ho ka ba fa matla le sebete mme ba ka ba ba ikemisetsa le ho feta ho etsa se lokileng.

Re ka kgothatsa le ho tshedisa ba bang ka seo re se buang le tsela eo re se buang ka yona

18, 19. Ke hobaneng ha re lokela ho kgothatsa le ho tshedisa ba bang? Hona re ka etsa seo jwang?

18 Ha re kgothatsa ebile re tshedisa ba bang, re etsisa mohlala wa Jehova. O kgathalla “ba ikokobeditseng” le “ba hateletsweng.” (Esaia 57:15) Ka ho tshwanang, o batla hore le rona re ‘nne re tshedisane’ hape ‘re bue ka mokgwa o tshedisang le meya e tepeletseng maikutlo.’ (1 Bathesalonika 5:11, 14) Ha re leka ho etsa sena, o a re bona mme o ananela boiteko boo.

19 Ka dinako tse ding ka phuthehong, o ka nna wa hlokomela hore ho na le motho e mong ya nyahameng le ya tepelletseng maikutlo. O tla etsang ho mo thusa? Ke nnete hore o ke ke wa lokisa bothata boo, empa o ka kgona ho mo bontsha hore o a mo kgathalla. Ka mohlala, o ka hlophisa hore ho be le letsatsi leo le tla le qeta le le hammoho. Mo balle temana e kgothatsang mme ka mora moo o etse thapelo. (Pesaleme ya 34:18; Matheu 10:29-31) O mo tiisetse hore badumedimmoho le yena ba a mo rata. (1 Bakorinthe 12:12-26; Jakobo 5:14, 15) Bua ka mokgwa o bontshang hore o dumela ho seo o se buang ebile o kgodisehile ka sona.—Bala Liproverbia 12:25.

20, 21. Ke eng e etsang hore ho be bonolo ho motho hore a amohele keletso?

20 Re boetse re haha ba bang ka ho ba eletsa. Ka ha ha re a phethahala re hloka ho eletswa nako e kgolo le e nyane. Liproverbia 19:20 e re: “Mamela keletso mme o amohele tayo, e le hore o ka hlalefa bokamosong ba hao.” Baholo hase bona feela ba ka re fang keletso kapa kgalemelo. Batswadi ba lokela ho tataisa bana ba bona. (Baefese 6:4) Le modumedimmoho le wena a ka nna a o fa keletso. (Tite 2:3-5) Ka ha re rata badumedimmoho le rona, re batla ho etsa bonnete ba hore re ba fa keletso e ke keng ya etsa hore ba ikutlwe ba le basesane. Re tla thuswa ke eng ho etsa jwalo?

21 E ka nna yaba o hopola nako eo ka yona motho e mong a neng a o fa keletso ka tsela eo ho neng ho le bonolo ho e amohela. Ke hobaneng ha e ile ya sebetsa? Mohlomong ke hobane o ile wa hlokomela hore motho eo o fela a o kgathalla e le ka nnete. Kapa e ka nna yaba o ile a bua le wena ka tsela e mosa le e lerato. (Bakolose 4:6) Ho ka etsahala hore ebe o ne o fuwe keletso e thehilweng Bibeleng. (2 Timothea 3:16) Ho sa tsotellehe hore na re qotsa Bibele kapa tjhe, keletso eo re fanang ka yona e lokela ho thehwa Mangolong. Ha ho na motho ya lokelang ho hatella ba bang kapa ho leka ho sotha mangolo hore feela a dumellane le maikutlo a hae. Ho nahanisisa ka tsela e ntle eo o kileng wa fuwa keletso ka yona, ho tla o thusa hore le wena o fe ba bang keletso ka tsela e tshwanang.

22. O ka rata ho sebedisa mpho ya hao ya ho bua jwang?

22 Bokgoni ba ho bua ke mpho e tswang ho Modimo. Lerato leo re ratang Modimo ka lona le tla re susumelletsa hore re e sebedise hantle. Hopola hore leleme le na le matla a ho heletsa kapa a ho haha. Ka lebaka leo, e se e ka re ka etsa sohle seo re ka se kgonang ho sebedisa maleme a rona ho matlafatsa le ho kgothatsa ba bang.