Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 7

Na Jwalo ka Modimo o Nka Bophelo e le ba Bohlokwa?

Na Jwalo ka Modimo o Nka Bophelo e le ba Bohlokwa?

“Mohlodi wa bophelo o ho wena.” —PESALEME YA 36:9.

1, 2. Jehova o re file mpho efe e molemo?

JEHOVA o file e mong le e mong wa rona mpho e molemo. Ke mpho ya bophelo. (Genese 1:27) O batla hore re phele ha monate e le kannete. Ka hona, o fane ka melaomotheo e re rutang hore na re ka etsa diqeto tse nepahetseng jwang. Re lokela ho sebedisa melaomotheo eo ho re thusa ho “kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Ka ho etsa jwalo, re tla be re dumella Jehova hore a re kwetlise mme re tla tseba ho nahana ka tsela e hlaphohetsweng. Ha re phela ka melaomotheo ya Modimo mme re bona ka moo e ntlafatsang bophelo ba rona ka teng, re tla kgona ho lemoha hore ruri ke mpho e lerato e tswang ho yena.

2 Ka dinako tse ding ho ka ba boima bophelong. Ho ka ba le maemo ao ho ona Bibele e sa faneng ka molao o tobileng. Ka mohlala, re ka nna ra lokela ho etsa diqeto tse mabapi le mokgwa wa phekolo o hlokang hore re sebedise madi ka tsela eitseng. Ebe ke jwang re ka etsang diqeto tse tla thabisa Jehova maemong a jwalo? Bibele e na le melaomotheo e re rutang hore na Jehova o ikutlwa jwang ka bophelo le madi. Haeba re utlwisisa hantle melaomotheo ena, re tla tseba ho etsa diqeto tse tla etsa hore re be le letswalo le letle. (Liproverbia 2:6-11) Jwale, a re ke re hlahlobeng e meng ya yona.

MODIMO O IKUTLWA JWANG KA BOPHELO LE MADI?

3, 4. (a) Modimo o tsebahaditse maikutlo a hae ka madi jwang? (b) Madi a emela eng?

3 Bibele e re ruta hore madi a a halalela hobane a emela bophelo. Jehova o nka bophelo e le ba bohlokwa. Ka mora hore Kaine a bolaye ngwanabo, Jehova o ile a re ho yena: “Madi a moena wa hao a hweletsa ho nna a le mobung.” (Genese 4:10) Ka ha madi a emela bophelo; ka mantswe a mang ha Kaine a ne a bolaya Abele, o ne a fedisa bophelo ba hae.

4 Ka mora Morwallo wa mehleng ya Noe, Modimo o ile a bolella batho hore ba ka ja nama. Empa o ile a bua a sa hlathe kwana le kwana hore: “Nama e nang le moya wa yona [kapa] madi a yona, . . . le [se ke] la e ja.” (Genese 9:4) Taelo ena e ne e sebetsa ho ditloholo tsohle tsa Noe haesita le ho rona kajeno. Ho hlakile hore Jehova o nka madi a emela bophelo. Ka hoo, le rona re lokela ho a nka jwalo.—Pesaleme ya 36:9.

5, 6. Molao oo Modimo a neng a o file Moshe, o ne o bontsha jwang maikutlo a Jehova Modimo ka bophelo le madi?

5 Molaong oo Jehova a neng a o file Moshe, O ne a ile a re: “Motho le ha e le ofe . . . ya jang madi a mofuta le ha e le ofe, ka sebele ke tla tjamela moya o jang madi, mme ruri ke tla mo fedisa hara batho ba habo. Etswe moya wa nama o mading.”—Levitike 17:10, 11.

6 Molao oo o ne o bontsha hore ha motho a hlaba phoofolo eo a tlo eja, a qhalle kapa a fophise madi a yona fatshe. Ketso ena e ne e bontsha hore bophelo ba phoofolo eo, bo ikarabella ho Mmopi wa yona e leng Jehova. (Deuteronoma 12:16; Ezekiele 18:4) Empa Jehova o ne a sa lebella hore Baiseraele ba fophise madi ka tsela e fetelletseng. Ha feela ba entse sohle seo ba ka se kgonang ho ntsha madi, ba ka e ja ka letswalo le kgutsitseng. Ha ba ne ba hlompha madi jwalo, ba ne ba bontsha hore ba hlompha Mofani wa bophelo e leng Jehova. Molao o ne o bile o laela hore Baiseraele ba fane ka diphoofolo e le mahlabelo bakeng sa dibe tsa bona.—Sheba Ntlha ya 19 le 20 e hlahang qetellong ya buka.

7. Davida o bontshitse jwang hore o hlompha madi?

7 Re bona ka ho hlaka bohlokwa ba madi ha re nahanisisa ka seo Davida a se entseng ha a lwana le Bafilista. Bahlanka ba Davida ba ile ba lemoha hore ekare Davida o nyoruwe haholo, yaba ba beha bophelo ba bona kotsing ka ho ya tshimong ya sera ho ya mo kgella metsi. Empa eitse ha ba mo tlisetsa ona, a hana ho a nwa mme “a a qhalla fatshe bakeng sa Jehova.” Ka hona Davida a re: “Ke ho sa utlwahaleng, Jehova, hore ke etse sena! [Na ke tla nwa] madi a banna ba tsamayang ka ho beha meya ya bona kotsing?” Ho a bonahala hore Davida o ne a utlwisisa hantle hore na bophelo le madi e ne e le tsa bohlokwa hakae ho Modimo.—2 Samuele 23:15-17.

8, 9. Bakreste kajeno ba lokela ho ikutlwa jwang ka madi?

8 Ho tloha mehleng ya baapostola, bahlanka ba Modimo ba ne ba se ba sa fane ka diphoofolo e le mahlabelo. Le ha ho le jwalo, ba ne ba ntse ba lokela ho ba le maikutlo a nepahetseng ka madi. Jehova o ne a fane ka Molao o reng Bakreste ba lokela ho ‘ila . . . madi.’ Taba ena e ne e le ya bohlokwa jwalo ka ho qoba boitshwaro bo bobe kapa borapedi ba ditshwantsho.—Liketso 15:28, 29.

Ke jwang nka hlalosetsang batho ka qeto eo ke e entseng ya ho se tshele madi?

9 Le kajeno ho ntse ho tshwana. Jwalo ka Bakreste, re a tseba hore Jehova ke yena Mohlodi wa bophelo le hore bophelo ba ntho e nngwe le e nngwe bo ikarabella ho yena. Re boetse re a hlokomela hore madi a halalela ebile a emela bophelo. Ka hoo, re lokela ho etsa bonnete ba hore re qala pele ka ho hlahloba melaomotheo ya Bibele ha re etsa diqeto mabapi le hore na re tla etsang haeba ho na le mokgwa wa phekolo o ka nnang wa hloka hore re tshelwe madi.

MOKGWA WA PHEKOLO WA HO SEBEDISA MADI

10, 11. (a) Dipaki Tsa Jehova di ikutlwa jwang ka ho tshela madi kapa dikarolo tsa bohlokwa tsa madi? (b) Mokreste e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto efe?

10 Dipaki Tsa Jehova di a utlwisisa hore ho ‘ila . . . madi,’ ho akarelletsa ho fetang feela ho a ja kapa ho a nwa. Ka mantswe a mang, ho bolela ho se kenye madi ka tsela le ha e le e fe mmeleng ya rona. Sena se akarelletsa ho tshelwa madi haesita le ho boloka madi a rona e le hore a ka sebedisetswa ho tshelwa ho batho ba bang ba a hlokang. Ho boetse ho akarelletsa le ho tshela karolo e itseng ya bohlokwa ya madi, e leng disele tse kgubedu, disele tse tshweu, di-platelet le plasma.

11 Mekgwa e meng e sebediswang e arotse dikarolo tsena tse nne tsa bohlokwa tsa madi, mme di bitswa dikarolwana tsa madi. Mokreste e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ya hore na o tla dumela hore a tshelwe dikarolwana tsena tsa madi kapa tjhe. O boetse o lokela le ho etsa qeto ya hore na o tla amohela mekgwa e meng e sebediswang jwalo ka hemodialysis, e leng ho hlwekisa madi ka motjhini ka ho a ntsha methapong le hemodilution, e leng ho kgutlisetsa madi ao e le ho a hlapolla. Mokgwa o mong ke wa ho boloka madi a motho a lahlehileng ha a etsa kapa ka mora ho re a etse opereishene.—Sheba Ntlha ya 21 e hlahang qetellong ya buka.

12. (a) Ke hobaneng ha diqeto tseo re di etsang tse mabapi le letswalo e le tsa bohlokwa ho Jehova? (b) Ke jwang re ka etsang diqeto ka bohlale ha ho tluwa ditabeng tsa bongaka?

12 Na Jehova o a tsotella hore na ke diqeto tsa mofuta ofe tseo re dinkang tse amang letswalo la rona? Ee, o a tsotella. Jehova o thabela ho tseba menahano ya rona le sepheo sa rona. (Bala Liproverbia 17:3; 24:12.) Ka lebaka leo, ke habohlokwa hore ha re batla ho etsa qeto mabapi le mokgwa o itseng wa phekolo, re qale pele ka ho kopa tataiso ya Jehova ka thapelo, e be ka mora moo, ke hona re etsang dipatlisiso ka phekolo eo. Ka mora ho etsa jwalo, re sebedise letswalo la rona le kwetlisitsweng ka Bibele ho etsa qeto. Ha re a lokela ho botsa batho ba bang hore na ebe bona ba ne ba tla etsang haeba ba ne ba le boemong ba rona, kapa hona ho dumella ba bang hore ba re susumetse ho etsa qeto e itseng. Mokreste e mong le e mong o tla “jara mojaro wa hae.”—Bagalata 6:5; Baroma 14:12.

MELAO YA JEHOVA E BONTSHA HORE O A RE RATA

13. Re ithutang ka madi melaong le melaomotheong ya Jehova?

13 Ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a e etsang e molemong wa rona mme ke pontsho ya hore o a re rata. (Pesaleme ya 19:7-11) Empa ha re mo mamele hobane feela ditaelo tsa hae di re tswela molemo. Re mo mamela hobane re mo rata. Lerato leo re ratang Jehova ka lona le re susumelletsa hore re qobe ho tshela madi. (Liketso 15:20) Ho etsa jwalo ho boetse ho sireletsa bophelo ba rona. Kajeno batho ba bangata ba se ba tseba hore ho tshela madi ho na le dikotsi tse itseng, ebile le dingaka tse ngata di dumela hore ho molemo ho thusa mokudi ntle le ho sebedisa madi. Ho hlakile hore Jehova o bohlale hape o lerato.—Bala Esaia 55:9; Johanne 14:21, 23.

14, 15. (a) Ke melao efe eo Jehova a e fileng bahlanka ba hae e le ho ba sireletsa? (b) O ka sebedisa melaomotheo e thehilweng melaong eo jwang?

14 Haesale Modimo a fa batho melao e ba tswelang molemo. Jehova o ile a fa Baiseraele melao e le hore e ka ba sireletsa ha ho hlaha dikotsi. Ka mohlala, molao o mong o ne o re motho ya nang le ntlo o lokela ho haha lebota le lenyane hodima marulelo a hae, e le hore ho se ke ha ba le motho ya welang ha a le hodima ntlo. (Deuteronoma 22:8) Molao o mong o ne o le mabapi le diphoofolo. Haeba motho a ne a na le poho e kotsi, e ne e le boikarabello ba hae ho e hlokomela e le hore e se ke ya hlasela kapa ya bolaya batho. (Exoda 21:28, 29) Haeba Baiseraele ba ne ba sa mamele molao ona mme poho e bolaya motho, monga poho eo o ne a tla fumanwa a le molato.

15 Ha re sheba melao ena, re a hlokomela hore kannete bophelo ke ba bohlokwa ho Jehova. Ebe ho tseba sena ho lokela ho re ama jwang? Re lokela ho bontsha hore re hlompha bophelo ka tsela eo re hlokomelang matlo le dikoloi tsa rona, re kgannang le ka tsela eo re kgethang boithabiso ka yona. Batho ba bang, haholoholo batjha, ba nka hore ha ho letho le lebe le ka ba etsahallang, ka hoo ba beha bophelo ba bona kotsing ka ho etsa dintho tse itseng mme ha ba hlokomele dikotsi tse ka ba hlahelang. Empa ena ha se tsela eo Jehova a batlang hore re itshware ka yona. O batla hore re nke bophelo ba rona le ba batho ba bang e le ba bohlokwa.—Moeklesia 11:9, 10.

16. Jehova o ikutlwa jwang ka ho ntsha mpa?

16 Bophelo ba motho e mong le e mong esita le ba ngwana ya so hlahe, ke ba bohlokwa ho Jehova. Ho latela Molao oo Jehova a neng a o file Moshe, haeba ka phoso motho a ne a ka lematsa mosadi ya immeng mme mosadi eo kapa ngwana wa hae ya so hlahe a shwa, Jehova o ne a tla nka motho eo a le molato wa polao. Le hoja a ne a sa ikemisetsa ho etsa seo, ho salang ke hore ho na le motho ya bolailweng mme bophelo ba motho eo bo ne bo tla lokela ho lefuwa. (Bala Exoda 21:22, 23.) Ho Modimo, ngwana ya ka popelong e se ntse e le motho ya phelang. Jwale, ebe o nahana hore Modimo o ikutlwa jwang ka ho ntsha mpa? Hona o reng ha a bona bana ba dimilione ba bolawa selemo le selemo ka lebaka la seo?

17. Hothweng haeba motho a ile a ntsha mpa pele a ithuta hore na Jehova o ikutlwa jwang ka seo?

17 Hothweng haeba motho a ile a ntsha mpa pele a ithuta hore na Jehova o ikutlwa jwang ka seo? A ka kgodiseha hore Jehova o tla mo tshwarela ka sehlabelo sa Jesu. (Luka 5:32; Baefese 1:7) Motho ya kileng a etsa phoso ena nakong e fetileng, ha a lokela ho dula a tshwenyehile le ha a se a bakile e le kannete. A ka tshediswa ke mantswe a reng: “Jehova o mohau mme o mosa . . . jwalo ka ha botjhabatsatsi bo le hole le bophirimatsatsi, ka ho tshwanang o suthiseditse ditlolo tsa rona hole le rona.”—Pesaleme ya 103:8-14.

QOBA LEHLOYO

18. Ke hobaneng ha re lokela ho leka ka matla hore re ntshe lehloyo ka metso menahanong ya rona?

18 Re lokela ho hlompha mpho ya bophelo ho tswa botebong ba dipelo tsa rona. Sena se akarelletsa le tsela eo re tshwarang ba bang ka yona. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “E mong le e mong ya hloileng morabo ke mmolai.” (1 Johanne 3:15) Haeba ho na le motho eo re sa mo rateng, re ka qetella re se re mo hloile re sa hlokomele. Lehloyo le ka etsa hore re se ke ra hlompha batho ba bang, re ba etselletse kapa hore re lakatse eka ba ka be ba shwele. Jehova o a tseba hore na re ikutlwa jwang ka batho ba bang. (Levitike 19:16; Deuteronoma 19:18-21; Matheu 5:22) Haeba re hlokomela hore re na le maikutlo a fosahetseng ka motho e mong, re lokela ho lwana ka matla ho tlosa menahano e jwalo.—Jakobo 1:14, 15; 4:1-3.

19. Tsela eo Jehova a ikutlwang ka yona ka ntwa e re ama jwang?

19 Ho na le tsela e nngwe eo ka yona re ka bontshang hore re nka bophelo e le ba bohlokwa. Pesaleme ya 11:5 e re ruta hore Jehova o “hloile mang kapa mang ya ratang pefo.” Haeba re rata boithabiso bo nang le ntwa, ka tsela e itseng re tla be re bontsha hore le rona re a e rata. Ha re batle ho tlatsa dikelello tsa rona ka mantswe, menahano le ditshwantsho tse kgothalletsang ntwa. Ho ena le hoo, re batla ho di tlatsa ka menahano e hlwekileng le e nang le kgotso.—Bala Bafilipi 4:8, 9.

O SE KE WA BA KAROLO YA MEKGATLO E SA HLOMPHENG BOPHELO

20-22. (a) Jehova o tadima lefatshe lena le laolwang ke Satane jwang? (b) Bahlanka ba Modimo ba ka bontsha jwang hore “ha se karolo ya lefatshe?”

20 Batho ba bangata kajeno ha ba hlomphe bophelo mme Jehova o nka sena e le molato wa madi, e leng ho bolelang hore ba molato wa ho bolaya. Ho theosa le dilemo, mekgatlo ya dipolotiki e se e entse hore ho bolawe batho ba dimilione, ho akarelletsa le Dipaki Tsa Jehova. Bibele e hlalosa mekgatlo kapa mebuso ena e le e bohale hape e re ke dibata tse sehloho. (Daniele 8:3, 4, 20-22; Tšenolo 13:1, 2, 7, 8) Kajeno ho rekisa dibetsa ke e nngwe ya dikgwebo tse itlhommeng pele lefatsheng. Batho ba etsa tjhelete e ngata ka ho rekisa dibetsa tsena tse bolayang. Ka hona, ho hlakile hore ehlile “lefatshe lohle le rapalletse matleng a ya kgopo.”—1 Johanne 5:19.

21 Empa Bakreste ba nnete ha ba tshwane le batho ba sa rateng Modimo. Ha ba kenelle dipolotiking le dintweng. Ka ha ha ba bolaye, ke ho utlwahalang hore ebe ha ba tshehetse mekgatlo e bolayang batho. (Johanne 15:19; 17:16) Bakreste ha ba iphetetse ha ba hloriswa. Jesu o re rutile hore re rate esita le dira tsa rona.—Matheu 5:44; Baroma 12:17-21.

22 Bodumedi le bona bo entse hore ho bolawe batho ba dimilione. Ha Bibele e bua ka Babylona e Moholo, e leng Mmuso wa Lefatshe wa bodumedi ba bohata, e re: “Ho yena ho ile ha fumanwa madi a baprofeta le a bahalaledi le a bohle ba bolailweng lefatsheng.” Na o a utlwisisa hore ke hobaneng ha Jehova a re file taelo e reng: “Tswang ho yena, setjhaba sa ka?” Ke hobane batho ba mo sebeletsang, ha se karolo ya bodumedi ba bohata.—Tšenolo 17:6; 18:2, 4, 24.

23. Ho tswa ho Babylona e Moholo ho akarelletsang?

23 Ho tswa ho Babylona e Moholo ho akarelletsa ho etsa bonnete ba hore ha re sa le karolo ya bodumedi ba bohata. Ka mohlala, re lokela ho etsa bonnete ba hore mabitso a rona a tlositswe ka ho felletseng dibukeng tsohle tsa kereke. Empa ho na le dintho tse ding tse ngata tse amehang tabeng ena. Re boetse re lokela ho hloya le ho qoba dintho tse mpe tse etswang ke bodumedi ba bohata. Bodumedi ba bohata bo dumella le ho kgothalletsa boitshwaro bo bobe, ho kenella dipolotiking esita le ho ba meharo. (Bala Pesaleme ya 97:10; Tšenolo 18:7, 9, 11-17) Dilemo ho pota, batho ba dimilione ba nnile ba lahlehelwa ke bophelo ka lebaka la sena.

24, 25. Ke jwang ho tseba Jehova ho ka re thusang hore re be le kgotso le letswalo le letle?

24 Pele re tseba nnete ka Jehova, ka tsela e itseng e mong le e mong wa rona o ne a tshehetsa tse ding tsa dintho tse mpe tse etswang ke batho ba sa hlompheng Modimo. Empa hona jwale re se re fetohile. Re amohetse thekollo ebile re inehetse ho Modimo ka ho felletseng. Ke ka lebaka leo hona jwale re thabelang “dinako tse kgathollang . . . ho tswa ho Jehova.” Ho tseba hore re thabisa Modimo, ho re fa thabo le letswalo le letle.—Liketso 3:19; Esaia 1:18.

25 Le hoja re kile ra ba karolo ya mokgatlo o sa hlompheng bophelo, Jehova o ntse a ka re tshwarela e le kannete a sebedisa thekollo. Ruri re ananela mpho ya bophelo eo Jehova a re fileng yona. Re bontsha hore re ananela mpho ena ka hore re etse sohle seo re ka se kgonang ho thusa batho ba bang ho ithuta ka Jehova. Ba tlohele mekgwa e mebe ya Satane e le hore ba ka thabela setswalle se matla le Modimo.—2 Bakorinthe 6:1, 2.

BOLELLA BA BANG KA MMUSO WA MODIMO

26-28. (a) Ke mosebetsi ofe o kgethehileng oo Jehova a ileng a o fa Ezekiele? (b) Jehova o re file mosebetsi ofe kajeno?

26 Nakong ya Baiseraele, Jehova o ile a laela moprofeta Ezekiele hore a lemose batho hore Jerusalema e ne e le haufi le ho fediswa. O ne a boetse a lokela ho ba ruta hore na ba ne ba tlameha ho etsang e le hore ba tle ba pholohe. Haeba Ezekiele a ne a sa etse seo Jehova a mo laetseng sona mme batho bao ba fediswa, o ne a tla nkwa a le molato wa madi. (Ezekiele 33:7-9) Ezekiele o ile a bontsha hore o nka bophelo e le ba bohlokwa ka hore a leke ka matla ho bolella batho molaetsa ona wa bohlokwa.

27 Jehova o re file mosebetsi wa ho lemosa batho hore lefatshe lena le buswang ke Satane le haufi le ho fediswa. Re boetse re lokela ho ba thusa hore ba tsebe Jehova e le hore ba ka pholoha mme ba phela lefatsheng le letjha. (Esaia 61:2; Matheu 24:14) Ka hoo, re batla ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho bolella batho molaetsa ona. Le rona re batla ho bua jwalo ka Pauluse, re re: “Ke hlwekile mading a batho bohle, ka ha ha ke a tlohela ho le bolella morero wohle wa Modimo.”—Liketso 20:26, 27.

28 Ho boetse ho na le dikarolo tse ding bophelong tseo re ntseng re lokela ho hlweka ho tsona. A re hlahlobeng tse mmalwa tsa tsona kgaolong e latelang.